Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 4/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thulana le Phephetso ea Botšepehi bo sa Sekisetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Thuto—E Sebelisetse ho Rorisa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • “Ke Uena Feela ea Tšepahalang”
    Atamela ho Jehova
  • Lemohang ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 4/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u ile ua fumana litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa e le tse molemo ho uena? Kahoo ke hobane’ng ha u sa hlahlobe hore na u sa hopola ka lipotso tse latelang:

◻ Ke thuto efe eo re ithutang eona ka ho oa ha Baammone? (Sofonia 2:9, 10)

Jehova ha a nke habobebe ba buseletsang mosa oa hae ka bora, ’me ka nako ea hae e loketseng, o tla boela a nke khato, feela joalokaha a ile a etsa mehleng ea boholo-holo. (Bapisa le Pesaleme ea 2:6-12.)—12/15, leqepheng la 10.

◻ Ke ka litsela life Bakreste ba nang le khotso?

Ea pele, ba na le “khotso le Molimo ka Morena oa [bona] Jesu Kreste.” (Baroma 5:1) Ea bobeli, ba na le khotso ka hare ho bona ka ho hlaolela “bohlale bo tsoang holimo” boo ‘pele ho tsohle bo hloekileng, bo ntan’o ba le khotso.’ (Jakobo 3:17)—1/1, leqepheng la 11.

◻ Lentsoe la Molimo le tšoantšoa le lintho life tse ling, ’me see se re thusa joang?

Lentsoe la Molimo le tšoantšoa le lebese le matlafatsang, lijo tse tiileng, metsi a khathollang le a hloekisang, seipone le sabole e bohale. Ho utloisisa seo mantsoe ana a se bolelang ho thusa mosebeletsi hore a sebelise Bibele ka bohlale.—1/1, leqepheng la 29.

◻ Thuto e leka-lekaneng ea lefatše e lokela ho re thusa ho etsa eng?

Ho bala hantle, ho ngola ka mokhoa o hlakileng, ho hōla kelellong le boitšoarong le ho fumana koetliso e hlokahalang e ka sebelisoang bophelong ba letsatsi le letsatsi le tšebeletsong e halalelang e behang.—2/1, leqepheng la 10.

◻ Ke thuto efe ea bohlokoa mabapi le thuto eo re ithutang eona ho Jesu?

Thuto ha ea lokela ho sebelisetsoa ho ithorisa, empa e lokela ho sebelisetsoa ho tlisa thoriso ho Tichere e khōlō ka ho fetisisa, Jehova Molimo. (Johanne 7:18)—2/1, leqepheng la 10.

◻ ’Muso oa Molimo ke eng?

’Muso ke puso ea leholimo e thehiloeng ke Molimo e tlisang thato ea Molimo ho tla felisa liphello tsa sebe le lefu le ho tsosolosa maemo a lokileng lefatšeng. (Daniele 2:44; Tšenolo 11:15; 12:10)—2/1, leqepheng la 16.

◻ Bibele e fana ka thuto e hlokahalang bakeng sa ho felisa pefo ka ho feletseng joang?

Ka Lentsoe la hae, Bibele, Jehova o ruta batho ho rata khotso le ho loka. (Esaia 48:17, 18) Lentsoe la Molimo le na le matla a ho finyella le ho ama pelo ea motho, ho fetola monahano le boitšoaro ba hae. (Baheberu 4:12)—2/15, leqepheng la 6.

◻ Ke joang ho ka thoeng boprofeta ba Esaia khaolo ea 35 bo na le phethahatso e hararo?

Boprofeta ba Esaia bo qalile ho phethahala ha Bajuda ba ne ba khutla ba e-tsoa botlamuoeng Babylona ka 537 B.C.E. Bo tsoela pele ho phethahala ka tsela ea moea kajeno ho tloha ha Iseraele oa moea e ne e lokolloa botlamuoeng ba Babylona e Moholo. ’Me bo tla phethahala la boraro mabapi le tiisetso ea Bibele ea maemo a paradeise ea sebele ea lefatšeng. (Pesaleme ea 37:10, 11; Tšenolo 21:4, 5)—2/15, leqepheng la 17.

◻ Ke joang thahasello ea botho ea Molimo ho batho e ileng ea bontšoa ke mehlolo e ileng ea etsoa ke Mor’a hae, Jesu?

Kaha Jesu “a ke ke a etsa ntho le e ’ngoe e le ho itsoelang ho eena, haese feela seo a bonang Ntate a se etsa,” kutloelo-bohloko ea hae e tšoantšetsa kameho e lerato ea Jehova bakeng sa mohlanka e mong le e mong oa hae. (Johanne 5:19)—3/1, leqepheng la 5.

◻ Polelo eo Jesu a e sebelisitseng ho Johanne 5:28, 29, ‘mabitla a khopotso,’ e fana ka maikutlo afe?

Lentsoe la Segerike mne·mei’on (lebitla la khopotso) le sebelisitsoeng mona le fana ka maikutlo a hore Jehova o hopola tlaleho ea motho ea shoeleng, ho kopanyelletsa le litšobotsi tsa hae tsa lefutso ’moho le mohopolo oa hae o feletseng. Sena se fana ka bopaki bo matla ba hore Molimo oa tsotella ka batho ka bomong!—3/1, leqepheng la 6.

◻ Ke molaetsa ofe oa temoso boprofeteng ba Sofonia bo nang le molemo o sebetsang ho rōna?

Kajeno hase nako ea ho lumella lipelaelo hore li mele ka metso lipelong tsa rōna le ho chechisetsa ho tla ha letsatsi la Jehova morao likelellong tsa rōna. Hape, re lokela ho itebela khahlanong le litšusumetso tse fokolisang tsa ho iphapanya. (Sofonia 1:12, 13; 3:8)—3/1, leqepheng la 17.

◻ Ke hobane’ng ha botšepehi bo sa sekisetseng ho Molimo bo hlahisa phephetso?

Hobane botšepehi bo sa sekisetseng bo hohlana le litšekamelo tsa boithati tseo re li futsitseng ho batsoali ba rōna. (Genese 8:21; Baroma 7:19) Habohlokoa le ho feta, Satane le bademona ba hae ba ikemiselitse ho etsa hore re sekisetse botšepehi ba rōna bo sa sekisetseng ho Molimo. (Baefese 6:12; 1 Petrose 5:8)—3/15, leqepheng la 10.

◻ Ke libaka life tse ’ne tseo re tlamehang ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng ho tsona, ’me ke eng e tla re thusa ho etsa joalo?

Libaka tse ’ne tseo ke botšepehi ho Jehova, ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, ho phutheho le ho balekane ba rōna ba lenyalo. Thuso e ’ngoe ho thulaneng le liphephetso tsena ke ho ananela hore phephetso ea botšepehi e amana haufi-ufi le ho tlosa qoso bobusing ba Jehova.—3/15, leqepheng la 20.

◻ Ke thuto efe eo re ka ithutang eona phihlelong ea Davida ea ho leka ho khutlisetsa areka ea selekane Jerusalema? (2 Samuele 6:2-7)

Davida o ile a hlokomoloha litaelo tseo Jehova a neng a fane ka tsona mabapi le ho jaroa ha Areka, ’me sena se ile sa tlisa tlokotsi. Thuto ke hore le ka mohla ha rea lokela ho beha molato ho Jehova ka mathata a hlahisoang ke ho hlokomoloha litaelo tsa hae tse hlakileng. (Liproverbia 19:3)—4/1, maqepheng a 28, 29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela