Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 12/1 maq. 21-23
  • Sehlopha sa Bo101 sa Gileade—Se Chesehela Mesebetsi e Metle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sehlopha sa Bo101 sa Gileade—Se Chesehela Mesebetsi e Metle
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Keletso e Sebetsang ea Hore li Lule li Cheseha
  • Liphihlelo Tse Khothalletsang Tšebeletso e Chesehang
  • Thabisoa ke Tšepo ea ’Muso!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Liithuti Tsa Lentsoe la Molimo Tse Abeloang Mangolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Sheba Litaba ka Leihlo la Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Fumanang Thabo ho Jehova ’me le Nyakalle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 12/1 maq. 21-23

Sehlopha sa Bo101 sa Gileade—Se Chesehela Mesebetsi e Metle

’MŌPI oa rōna, Jehova Molimo, o chesehela mesebetsi e metle, ’me ho joalo le ka Mora oa hae, Jesu Kreste. Joaloka ea re behetseng mohlala, Jesu o ile a bontša cheseho ka ho phetha kabelo eo a e filoeng ke Molimo, e neng e akarelletsa ho nehelana ka “eena ka boeena bakeng sa rōna e le hore a ka . . . itlhoekisetsa batho bao ka ho khethehileng e leng ba hae, ba chesehelang mesebetsi e metle.” (Tite 2:14) Litho tse 48 tsa sehlopha sa bo101 sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade ka sebele li bontšitse ho chesehela ha tsona mesebetsi e metle. Lenaneo la ho fumana ha baromuoa bana mangolo le ile la tšoaroa ka la 7 September, 1996, Setsing sa Thuto sa Watchtower, Patterson, New York.

Keletso e Sebetsang ea Hore li Lule li Cheseha

Molula-setulo oa lenaneo la ho fumana mangolo e ne e le Carey Barber, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, ea nang le lilemo tse fetang 70 a le tšebeletsong ea nako e tletseng. Litlhalosong tsa hae tse bulang, Mor’abo rōna Barber o ile a hlokomelisa ka mosebetsi oa ho bolela le ho ruta oa Jesu, eo e neng e le “leseli la lefatše.” (Johanne 8:12) O ile a bontša hore Jesu ha aa ka a ipolokela mosebetsi oo o hlomphehang empa o ile a phehella barutuoa ba hae hore le bona ba etse hore leseli la bona le khanye. (Matheu 5:14-16) Tokelo ena ea tšebeletso e etsa hore bophelo ba Mokreste e be bo nang le moelelo ka ho eketsehileng ’me e beha boikarabelo bo boima mahetleng a bohle ba ‘tsamaeang joaloka bana ba leseli.’—Baefese 5:8.

Ka mor’a litlhaloso tseo tse bulang, ho ile ha bitsoa Don Adams oa Liofisi tsa Phethahatso tse ntlo-khōlō Brooklyn. O ile a bua ka sehlooho se reng, “Ho Hatela Pele, Eseng ho Chechela Morao.” Mor’abo rōna Adams o ile a hlokomelisa ka Sekolo sa Gileade ka bosona le morero oa sona—ho atolosetsa boboleli ba litaba tse molemo linaheng lisele. O ile a bua ka khatelo-pele ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, o ’nileng oa hatisa lingoliloeng tsa Bibele ho pholletsa le lefatše lohle ka lipuo tse fetang 300. Buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ka 1995, e fumaneha ka lipuo tse 111 ’me ho hlophisitsoe hore e hatisoe ka tse ling tse eketsehileng. E se e fetohile kofuto e matla ho thuseng barutuoa ba bacha ba Jesu ho finyella bohato ba boinehelo le kolobetso ka likhoeli tse seng kae feela. Kahoo baromuoa ba bacha ba tla fumana lithuso tsa morao-rao tsa ho ithuta Bibele bakeng sa mosebetsi oa bona.

Ka mor’a moo, Lyman Swingle, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a bua ka taba e reng, “Tsoela Pele ho Nehelana ka Tšebeletso ea Hao e Halalelang ho Jehova,” e neng e thehiloe ho Tšenolo 7:15. Kaha Jehova ka boeena ke Molimo ea thabileng, ho mo sebeletsa ka ho tsoelang pele ke hona ho etsang hore motho e be ea thabileng. (1 Timothea 1:11) Ka lebaka la tšebeletso ena e thabisang, bongata bo boholo ba batho ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše bo tlile ho tla mo rapela. Ho theosa le lilemo, ba koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade ba ’nile ba kopanela ho thuseng ba bangata ba bona ho fihla tsebong e nepahetseng ea ’nete. Ka hona, re na le mabaka ’ohle a ho lumela hore Jehova o tla tsoela pele ho hlohonolofatsa bao hona joale ba romeloang ho ea bokella litho tse eketsehileng tsa bongata bo boholo bo ntseng bo hōla.

“Ho Bonahatsa Thabo ea Jehova” ke sehlooho se ileng sa tšohloa ke Daniel Sydlik, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang. O ile a bontša hore bahlanka bohle ba Molimo, ho akarelletsa baromuoa ba bacha, ba na le tokelo ea ho ruta batho tsela ea bophelo bo sa feleng le tsela ea ho fumana se molemohali bophelong hona joale. Mor’abo rōna Sydlik o ile a re: “Ho ruta ke mosebetsi o iputsang. Hoo ho bonahala lifahlehong tsa batho ba rutang le lifahlehong tsa batho ba ithutang.” (Pesaleme ea 16:8-11, NW) O ile a qotsa moromuoa e mong oa Estonia ea ileng a re, “Re na le molaetsa o moholo ka ho fetisisa holim’a lefatše, ’me ke lifahleho tsa rōna tse o bontšang.” Ponahalo ea rōna ea sefahleho e ka betla khoro ’me ea tsosa thahasello. Batho ba batla ho tseba hore na ke eng se etsang hore bahlanka ba Jehova e be ba thabileng. Mor’abo rōna Sydlik o ile a eletsa: “Kahoo ela sefahleho sa hao hloko. Batho ba thabela ho bona batho ba thabileng.”

Ulysses Glass, ea ’nileng a kopanela ho rupeleng liithuti tsa Gileade ho tloha sehlopheng sa bo12 ka 1949, o ile a buisana le bamameli ka sehlooho se reng, “Ka ho se Fele Pelo, le Lebele Meea ea Lōna.” Ho se fele pelo ke eng? Ho senola khopolo ea ho letela ho hong ho itseng ka khutso, u bontša ho ithiba ka mamello tlas’a phephetso kapa khatello. Motho ea sa feleng pelo o lula a phutholohile; ea felang pelo o ba lepotla-potla ’me o khopeha habobebe. Mor’abo rōna Glass o ile a bolela hore “ba bangata ba nahana hore ho se fele pelo ho bontša bofokoli kapa ho ba pelo li peli,” empa “ho Jehova ke letšoao la matla le morero.” (Liproverbia 16:32) Moputso oa ho se fele pelo ke ofe? Maele a mang a Sechaena a re: “Ho se fele pelo nakong ea khalefo ho tla u phemisa matsatsi a lekholo a tsieleho.” Mor’abo rōna Glass o ile a hlalosa: “Ho se fele pelo ho ntlafatsa botho ba motho. Ha e le hantle, ho khabisa litšobotsi tse ling tse ntle ka setlolo se sa feleng. Ho etsa hore tumelo e be e lakatsehang, khotso e be e tšoarellang le lerato e be le sa sisinyeheng.”

Mark Noumair, ea ileng a sebeletsa e le moromuoa Kenya ka lilemo tse 11 eo joale e seng e le morupeli oa Gileade, o ile a re: “Ke tokelo ho amohela kabelo e tsoang ho Jehova Molimo ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.” Ha a tsoela pele ka sehlooho se reng, “Ntle le Hore U be le Tumelo, U ke ke Ua Tšoarella,” Mor’abo rōna Noumair o ile a hlokomelisa ka mohlala oa Morena Ahaze oa Juda. Esaia o ile a tiisetsa morena hore Jehova o tla mo tšehetsa kabelong ea hae, empa Ahaze o ile a ’na a hlōleha ho Mo tšepa. (Esaia 7:2-9) Joale Mor’abo rōna Noumair o ile a bontša hore baromuoa—ha e le hantle, kaofela ha rōna—ho hlokahala hore ba be le tumelo ho Jehova e le hore ba tšoarelle likabelong tsa bona tsa puso ea Molimo. Liphephetso tse khethehileng tsa kabelo ea boromuoa li hloka tumelo e matla. Mor’abo rōna Noumair o ile a re: “Kamehla u hopole hore ha ho boemo bo phethahetseng tsamaisong ena ea lintho.”

Liphihlelo Tse Khothalletsang Tšebeletso e Chesehang

Nakong ea koetliso ea tsona Gileade, mafelo-beke a mang le a mang liithuti li ne li qeta nako tšebeletsong ea phatlalatsa, eo hape e tlang ho ba ntho ea sehlooho eo li tla ameha ka eona likabelong tsa tsona tsa boromuoa. Wallace Liverance, eo e leng setho sa lefapha la thuto Gileade, o ile a buisana le liithuti tse 15 tse ileng tsa pheta liphihlelo tsa tsona. Joale Leon Weaver oa Komiti ea Lefapha la Tšebeletso le Lon Schilling oa Komiti ea Litšebeletso tsa Bethele ba ile ba buisana le litho tsa likomiti tsa makala tse tsoang Afrika le Latin America, tse ileng tsa pheta liphihlelo tsa tsona ho tsoa tšebeletsong ea boromuoa tseo hape li neng li e-na le keletso e ntle bakeng sa baromuoa ba fuoang mangolo. Ho ile ha bontšoa hore Sierra Leone, hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea ba ileng ba kolobetsoa selemong sa tšebeletso sa 1995 e ne e le ba thusitsoeng ke baromuoa. Eo ke tlaleho e ntle hakaakang ea tšebeletso e chesehang!

Qetellong, Milton Henschel, mopresidente oa Mokhatlo, o ile a buisana le bamameli ba 2 734 ka sehlooho se reng, “Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Bonahalang oa Jehova oa Ikhetha.” Ke eng se etsang hore ho se be le letho le ka qothisanang lehlokoa le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo? Hase boholo ba oona kapa matla a oona empa ke ’nete ea hore o tataisoa ke litaelo tse lokileng le liqeto tsa boahloli tsa Molimo. Mehleng ea boholo-holo e ne e le batho ba Jehova, sechaba sa Iseraele, bao liphatlalatso tsa hae tse halalelang li neng li behiloe tlhokomelong ea bona, e leng se ileng sa etsa hore sechaba seo e be se ikhethang. (Baroma 3:1, 2) Kajeno, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ke o kopaneng ha o ntse o sebetsa tlas’a tataiso ea Jesu Kreste. (Matheu 28:19, 20) Oa atleha, oa hōla. Na ho na le mokhatlo o mong o hlophisitsoeng lefatšeng oo Sehlopha sa oona se Busang se hlahlobang Lentsoe la Molimo, Bibele, pele se etsa liqeto tsa bohlokoa? Ka litsela tsena le tse ling, ruri mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng ke o ikhethang.

Lenaneo lena le thabisang le ile la phethoa ka ho fanoa ha mangolo le ho bala lengolo le tsoang ho sehlopha le hlalosang kananelo bakeng sa koetliso e khethehileng.

[Lebokose le leqepheng la 22]

Lipalo Tse Amang Sehlopha

Lenane la linaha tse emetsoeng: 9

Lenane la linaha tseo li abetsoeng ho ea ho tsona: 12

Lenane la liithuti: 48

Karolelano ea lilemo: 31,7

Karolelano ea lilemo ’neteng: 13,8

Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 9,8

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Sehlopha sa Bo101 se Fumaneng Mangolo sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade

Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho isa ka ho le letona moleng ka mong.

(1) Swint, H.; Zezenski, A.; Highfield, L.; Mercado, S.; Diehl, A.; Chavez, V.; Smith, J.; Selenius, S. (2) Kurtz, D.; Clark, C.; Leisborn, J.; Mortensen, W.; Bromiley, A.; Toikka, L.; Marten, A.; Smith, D. (3) Zezenski, D.; Bjerregaard, L.; Garafalo, B.; Kaldal, L.; Chavez, E.; Fröding, S.; Khan, R.; Selenius, R. (4) Swint, B.; Bjerregaard, M.; Garafalo, P.; Holmblad, L.; Keyzer, M.; Fröding, T.; Palfreyman, J.; Palfreyman, D. (5) Minguez, L.; Leisborn, M.; Mercado, M.; Kurtz, M.; Diehl, H.; Toikka, J.; Clark, S.; Khan, A. (6) Minguez, F.; Marten, B.; Highfield, L.; Holmblad, B.; Bromiley, K.; Kaldal, H.; Mortensen, P.; Keyzer, R.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela