Lipaki Tsa Jehova li Tla Tšoara Likopano Tsa Machaba
Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se rera ho tšoara likopano tsa machaba ka 1998. Tsebiso ena e ile ea amoheloa ka cheseho sebokeng sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, se neng se tšoaretsoe Holong ea Kopano ea Jersey City, ka Moqebelo oa la 5 October, 1996.
Ho phaella ho likopano tsa setereke tse tloaelehileng, ho tla tšoaroa likopano tse ’maloa tsa machaba bohareng ba 1998 Amerika Leboea. Ho lebeletsoe hore likopano tsena li tla bokella hammoho Lipaki tse makholo a likete tse tsoang likarolong tse ngata tsa lefatše. E le ho etsa hore linaha tse ngata kamoo ho ka khonehang li emeloe, makaleng a ka holimo ho 100 a Mokhatlo oa Watch Tower, ofisi ka ’ngoe e tla ba le lenane la baemeli bakeng sa motse o itseng oo kopano ea machaba e tla tšoareloa ho oona Amerika Leboea.
Ho hlakile hore hase bohle ba ka ratang ho ea Amerika Leboea ba tla phomella. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha etsahala hore ba likete ba be teng kopanong ea machaba e haufi le ha habo bona. Ho ntse ho etsoa litokisetso bakeng sa hore ho be le likopano tsa machaba linaheng tse peli kapa tse tharo tse Europe, ’me tse ling li be Afrika, Asia, Latin America, Pacific Boroa le Caribbean.
Ka nako e loketseng, liofisi tsa Mokhatlo tsa makala li tla tsebisa liphutheho tse tšimong e fapa-fapaneng ea tsona ka motse kapa metse eo kopano e tla ba ho eona eo li memeloang ho eona. Ho tla fanoa ka boitsebiso mabapi le matsatsi a kopano le litokisetso tsa ho khetha baemeli. Ba nahanang ho kenya kōpo bakeng sa ho khetheloa boemeli ba ka ’na ba qalella ho boloka chelete e itseng ha ba lebeletse liketsahalo tsena tse ikhethang.
Lipaki tsohle tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ka lebella ka thabo se fuperoeng ke likopano tsena tsa machaba tsa 1998. Likopano tsa setereke linaheng tsohle li tla ba le lenaneo le tšoanang.