Likopano Tsa Machaba ka 2003
KA Moqebelo oa la 6 October, 2001, ho ile ha tšoaroa seboka sa selemo le selemo sa litho tsa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Jersey City, New Jersey, U.S.A. Ka mor’a seboka seo, litho le baeti ba tsona li ile tsa thabela lenaneo le khethehileng. Letsatsing le hlahlamang, libokeng tse tlatsetsang tse ileng tsa tšoareloa metseng e mene ea Canada le United States, litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsa tsebiso e latelang ka mor’a puo ea tsona e phethang:
“Ha re lebeletse bokamoso, ke habohlokoa ka ho fetisisa hore batho bohle ba Molimo ba se ke ba tlohela ho bokana ha bona. Moapostola Pauluse o ile a hlokomelisa hore re lokela ho bokana, hammoho le ho khothatsana, haholoanyane ha re bona letsatsi la Jehova le leholo le le susumetsang tšabo le ntse le atamela. (Baheberu 10:24, 25) Tumellanong le taelo ena ea Mangolo, re tšepa hore ho tla ba le likopano tsa setereke likarolong tsohle tsa lefatše selemong se tlang [2002]. Joale, ka selemo sa 2003, haeba Jehova a rata, ho ka etsahala hore ho be le likopano tse khethehileng tsa machaba libakeng tse itseng tsa lefatše. Ena ke nako ea ho lula re falimehile le ho lula re lebetse, re lemoha kamoo liketsahalo tsa lefatše li tsoelang pele kateng.”
Mosebetsi oa batho ba Molimo o lokela ho hatela pele, ho sa tsotellehe ho se tsitse le tsitsipano e ntseng e hloa mekoalaba ha tsamaiso ena ea hona joale ea lintho e ntse e atamela bofelo ba eona. Litaba tse molemo tsa ’Muso, ho kopanyelletsa le molaetsa oa Bibele oa temoso, li lokela ho boleloa lichabeng tsohle, melokong eohle, malemeng ’ohle le ho batho bohle, ho ipiletsoe ho bona hore ‘ba tšabe Molimo ’me ba mo tlotlise hobane hora ea ho ahlola ha hae e ntse e atamela ka potlako.’ (Tšenolo 14:6, 7) Kahoo, ho latela thato ea Ntate oa rōna oa leholimo le se mo khahlang, ho reriloe hore ho be le likopano tsa machaba libakeng tse fapaneng tsa lefatše bakeng sa selemo sa 2003.
Le hoja ho sa tiisoa, ho reriloe hore likopano tsena li tšoareloe metseng e fokolang ea Amerika Leboea ’me nakoana ka mor’a moo li tšoaroe Europe. Hamorao ka 2003, ho tla be ho se ho entsoe litokisetso tsa hore lihlopha tsa baemeli li etele metseng e seng mekae ea Asia; ’me ho elella bofelong ba selemo, lihlopha tse eketsehileng li tla ea Afrika, Amerika Boroa le sebakeng se lebōpong la Pacific. Makala a itseng a tla kōpuoa hore a romele palo e lekanyelitsoeng ea baemeli libakeng tse itseng tsa kopano, e leng hore ho ke ke ha etsahala hore e mong le e mong a memeloe ho ea. Leha ho le joalo, ho tla khothatsa ho ba le palo e lekanyelitsoeng ea baemeli ba emelang linaha tse fapaneng sebakeng ka seng.
Haufinyane liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li tla amohela boitsebiso mabapi le likopano tsena. Makala ka ho fapana a tla fana ka boitsebiso ho baemeli ba ’ona mabapi le matsatsi a nepahetseng le metse e tobileng eo baemeli ba tla ea ho eona. Kahoo, re kōpa hore u se ke ua ngola kapa ua botsisisa ka taba ena hona joale.
Ba tla khethoa e le baemeli e tla ba feela Lipaki tse inehetseng le tse kolobelitsoeng tseo e tla ba mehlala e metle le tse tla bontša lerato la bara ba motho ho barab’abo rōna libakeng tseo likopano li tšoaretsoeng ho tsona. Bara bana babo rōna le bona ba tla fumana monyetla o motle oa ho amohela baeti ka lerato le ho ba bontša kamohelo ea ’nete ea baeti. (Baheberu 13:1, 2) Sena se tla fella ka “ho khothatsana.” (Baroma 1:11, 12) Boitsebiso bo eketsehileng ka litokisetso tsena bo tla fanoa ke makala a memetsoeng hore a romele baemeli naheng e itseng kapa linaheng tse itseng.
Linaheng tse ngata ho tla ’ne ho be le likopano tsa setereke tsa matsatsi a mararo bakeng sa selemo sa 2003 joalokaha ho tloaelehile. Ka ho kopana hammoho, bohle ba tla fumana monyetla oa ho ‘mamela, ho ithuta le ho khothatsoa.’ (Deuteronoma 31:12; 1 Bakorinthe 14:31) Sena se tla neha batho bohle ba Molimo monyetla oa ho ‘latsoa ’me ba bone hore Jehova o molemo.’ (Pesaleme ea 34:8) Baromuoa ba tla ba teng likopanong tsohle tsa machaba, esita le likopanong tse ngata tsa setereke, ’me ba bang ba bona ba tla ba le kabelo lenaneong.
Selemong sena sa 2002, re thabela Likopano tsa Setereke tsa “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang,” tse re susumelletsang hore re fane ka bopaki bo eketsehileng. Ha re ntse re etsa sena, ka sebele tebello ea rōna e tla eketseha bakeng sa seo Jehova a re boloketseng sona selemong se tlang. Sena se tla re thusa hore re ‘lule re falimehile, re lule re lebetse, ’me re itokise’ ka lebaka la linako tsena tse mahlonoko le tse tletseng liketsahalo tsa bohlokoa.—Matheu 24:42-44.