Etsisa Mohau oa Jehova
“Tsoelang pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntate oa lōna a le mohau.”—LUKA 6:36.
1. Bafarisi ba ile ba iponahatsa e le ba se nang mohau joang?
LE HOJA batho ba bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, hangata ba hlōleha ho etsisa mohau oa hae. (Genese 1:27) Ka mohlala, nahana ka Bafarisi. E le sehlopha, ba ile ba sitoa ho thaba ha ka mohau Jesu a ne a phekola monna ea nang le letsoho le omeletseng ka Sabatha. Ho e-na le hoo, ba ile ba eletsana khahlanong le Jesu “e le hore ba ka mo timetsa.” (Matheu 12:9-14) Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a folisa monna ea neng a tsoetsoe e le sefofu. Le mona, “ba bang ba Bafarisi” ba ile ba fumana ho se letho le ba thabisang ha Jesu a bontša kutloelo-bohloko. Ho e-na le hoo, ba ile ba belaela: “Enoa hase motho ea tsoang ho Molimo, hobane ha a boloke Sabatha.”—Johanne 9:1-7, 16.
2, 3. Jesu o ne a bolela’ng ka polelo e reng, “Le itebele khahlanong le tomoso ea Bafarisi”?
2 Boikutlo bo hlokang qenehelo ba Bafarisi e ne e le tlōlo ea molao khahlanong le moloko oa batho e bile e le sebe ho Molimo. (Johanne 9:39-41) Ka ho utloahalang, Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae, “Le itebele khahlanong le tomoso” ea sehlopha sena sa batho ba phahameng sechabeng le batšehetsi ba bang ba bolumeli, ba kang Basaduse. (Matheu 16:6) Ka Bibeleng tomoso e sebelisetsoa ho emela sebe kapa tšenyeho. Kahoo Jesu o ne a bolela hore thuto ea “bangoli le Bafarisi” e ne e ka senya borapeli bo hloekileng. Joang? Ka hore e ne e ruta batho ho talima Molao oa Molimo ho latela melao le lineano tsa bona tse hatellang feela, ha ka nako e tšoanang ba hlokomolohile “litaba tse tōma haholoanyane,” ho akarelletsa le mohau. (Matheu 23:23) Mofuta ona oa bolumeli o thehiloeng neanong o ile oa etsa hore borapeli ba Molimo e be moroalo o boima.
3 Karolong ea bobeli ea setšoantšo sa hae sa mora ea lehlasoa, Jesu o ile a pepesa monahano o senyehileng oa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. Setšoantšong seo ntate, ea emelang Jehova, o ne a labalabela ho tšoarela mor’a hae ea bakileng. Empa moholoane oa moshemane eo, ea neng a tšoantšetsa “Bafarisi le bangoli,” o ne a e-na le boikutlo bo fapaneng ka ho feletseng tabeng ena.—Luka 15:2.
Khalefo ea Moholoane
4, 5. Moholoane oa mora ea lehlasoa o ne a “lahlehile” ka kutloisiso efe?
4 “Joale mora oa hae e moholo o ne a le tšimong; ’me eare ha a tla ’me a atamela ntlo a utloa konsarete ea ’mino le motjeko. Kahoo a bitsetsa e mong oa bahlanka ho eena ’me a botsisisa hore na lintho tsena li ne li bolela eng. A re ho eena, ‘Mor’eno o tlile, ’me ntate oa hao o hlabile pohoana e nontšitsoeng, hobane o mo fumane hape a phela hantle.’ Empa a halefa ’me o ne a sa rate ho kena.”—Luka 15:25-28.
5 Ho hlakile hore mora ea lehlasoa e ne e se eena feela ea nang le bothata setšoantšong sena sa Jesu. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Bara bana ka bobeli ba hlalosoang ba lahlehile, e mong ka lebaka la ho se loke ho mo theolang seriti, ’me e mong ka lebaka la ho itokafatsa ho mo foufatsang.” Hlokomela hore moholoane oa mora ea lehlasoa ha aa ka a hana ho thaba feela empa hape o ile a “halefa.” Maikutlo ao motso oa Segerike bakeng sa ho “halefa” o fanang ka ’ona hase hakaalo a bohale ba ho tleroha, empa ke a boemo ba kelello bo lulang bo le teng. Kamoo ho bonahalang kateng, moholoane oa mora ea lehlasoa o ne a koetlile lehloeo le tebileng, ke kahoo a ileng a ikutloa hore ha hoa lokela hore ho ketekeloe ho khutla ha motho ea neng a sa lokela hore ebe o ile a tloha lapeng ho tloha qalong.
6. Moholoane oa mora ea lehlasoa o emela bo-mang, hona hobane’ng?
6 Moholoane oa mora ea lehlasoa o tšoantšetsa hantle batho ba ileng ba hlonamela Jesu ha a bontša kutloelo-bohloko le ho lebisa tlhokomelo ho baetsalibe. Batho bana ba itokafatsang ha baa ka ba susumetsoa ke mohau oa Jesu; leha e le hore ba ile ba bonahatsa thabo e bang teng leholimong ha moetsalibe a tšoareloa. Ho e-na le hoo, mohau oa Jesu o ile oa qholotsa khalefo ea bona, ’me ba qala ho “nahana lintho tse khopo” ka lipelong tsa bona. (Matheu 9:2-4) Ketsahalong e ’ngoe bohale ba Bafarisi ba bang bo ile ba tuka hoo ba ileng ba bitsa monna e mong eo Jesu a neng a mo folisitse eaba ba ‘mo lahlela ka ntle’ ho synagoge—kamoo ho bonahalang kateng ba mo leleka! (Johanne 9:22, 34) Joaloka moholoane oa mora ea lehlasoa, ea neng a “sa rate ho kena,” baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba hana ho sebelisa monyetla oa ho ‘thaba le batho ba thabang.’ (Baroma 12:15) Jesu o ile a tsoela pele ho totobatsa monahano oa bona o khopo ha a tsoela pele ka setšoantšo sa hae.
Monahano o Fosahetseng
7, 8. (a) Ke ka tsela efe moholoane oa mora ea lehlasoa a neng a sa utloisisa moelelo oa ho ba mora? (b) Mora e moholo o ne a fapane le ntate oa hae joang?
7 “Joale ntate oa hae a tsoa ’me a qala ho mo kōpa. Ha a araba a re ho ntate oa hae, ‘Bona ke lilemo tse ngata haholo ke ntse ke u sebeletsa joaloka lekhoba ’me ha ho mohla nkileng ka tlōla taelo ea hao, ’me leha ho le joalo ’na ha ho mohla u kileng ua mpha potsanyane hore ke ithabise le metsoalle ea ka. Empa hang ha enoa mora oa hao ea ileng a ja mokhoa oa hao oa ho iphelisa kaofela le liotsoa a fihla, u mo hlabetse pohoana e nontšitsoeng.’”—Luka 15:28-30.
8 Ka mantsoe ana, moholoane oa mora ea lehlasoa o ile a bontša ka ho hlakileng hore ha aa utloisisa moelelo oa sebele oa ho ba mora. O ne a sebeletsa ntate oa hae ka tsela e batlang e tšoana le eo mohiruoa a sebeletsang mohiri oa hae ka eona. Ho joalokaha a ile a bolella ntate oa hae: ‘Ke u sebelelitse joaloka lekhoba.’ Ke ’nete hore mora enoa e moholo ha ho mohla a kileng a tloha lapeng kapa a tlōla taelo ea ntate oa hae. Empa na kutlo ea hae e ne e susumetsoa ke lerato? Na o ile a fumana thabo ea sebele ka ho sebeletsa ntate oa hae, kapa ho fapana le hoo o ile a fetoha ea ikhotsofatsang ka ho se tsotelle, ea lumelang hore eena ke mora ea molemo hobane feela a ne a phetha mesebetsi eo a e abetsoeng “tšimong”? Haeba e ne e hlile e le mora ea inehetseng, ke hobane’ng ha a ile a hlōleha ho bonahatsa mohopolo oa ntate oa hae? Ha a ne a fuoa monyetla oa ho bontša mohau ho mor’abo, ke hobane’ng ha a ile a hloka kutloelo-bohloko pelong ea hae?—Bapisa le Pesaleme ea 50:20-22.
9. Hlalosa hore na baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba tšoana le mora e moholo joang.
9 Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba tšoana le mora enoa e moholo. Ba ne ba lumela hore ba tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Molimo kaha ba ne ba khomaretse ka thata-thata letoto la melao. Ke ’nete hore kutlo ke ea bohlokoa haholo. (1 Samuele 15:22) Empa ho hatella ha bona mesebetsi ka ho feteletseng ho ile ha fetola borapeli ba Molimo hore e be ho latela kemiso ea se ngotsoeng, ponahalo ea ka ntle feela ea boinehelo e hlokang bomoea ba sebele. Likelello tsa bona li ne li amehile haholo ka lineano. Lipelo tsa bona li ne li hloka lerato. Ke kahoo ba neng ba talima batho ba tloaelehileng joaloka litšila tse tlas’a maoto a bona, ba bile ba ba bitsa ka tsela e eisehang ba re ke “batho ba malimabe.” (Johanne 7:49) Ka sebele, ke joang Molimo a neng a ka khahloa ke mesebetsi ea baeta-pele ba joalo ha lipelo tsa bona li ne li le hōle le eena?—Matheu 15:7, 8.
10. (a) Ke hobane’ng ha mantsoe a reng, “Ke batla mohau, eseng sehlabelo” e ne e le keletso e loketseng? (b) Taba ea ho hloka mohau e tebile hakae?
10 Jesu o ile a bolella Bafarisi hore ba ‘ee, ’me ba ithute hore na sena se bolela eng, “Ke batla mohau, eseng sehlabelo.”’ (Matheu 9:13; Hosea 6:6) Lintho tseo ba neng ba li etelletsa pele bophelong li ne li sa hlaka, kaha ka ntle ho mohau mahlabelo ’ohle a bona e ne e tla ba a se nang thuso. Ka sebele ena ke taba e tebileng, kaha Bibele e bolela hore “ba se nang mohau” ba balelloa har’a bao Molimo a ba talimang e le ‘ba tšoaneloang ke lefu.’ (Baroma 1:31, 32) Ka hona, hase ho makatsang ha Jesu a ile a bolela hore e le sehlopha baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba emetsoe ke timetso ea ka ho sa feleng. Ka ho totobetseng, ho hloka mohau ha bona ho ile ha tlatsetsa haholo boemong ba hore ba tšoaneloe ke kahlolo ena. (Matheu 23:33) Empa mohlomong batho ka bomong ba tsoang sehlopheng sena ba ka finyelloa. Ha a qetella setšoantšo sa hae, Jesu o ile a leka ka matla ho boela a lokisa monahano oa Bajuda ba joalo ka mantsoe a ntate ho mora oa hae e moholo. A re boneng hore na joang.
Mohau oa Ntate
11, 12. Ntate ea setšoantšong sa Jesu o leka ho behelana mabaka le mora oa hae e moholo joang, hona ke eng se ka ’nang sa hlokomeleha ho sebeliseng ha ntate lentsoe “mor’eno”?
11 “Joale a re ho eena, ‘Ngoana, u ’nile ua ba le ’na ka mehla, ’me lintho tsohle tseo e leng tsa ka ke tsa hao; empa re ne re mpa re tlameha ho ithabisa le ho thaba, hobane enoa mor’eno o ne a shoele ’me o ile a phela, ’me o ne a lahlehile eaba oa fumanoa.’”—Luka 15:31, 32.
12 Hlokomela hore ntate o sebelisitse lentsoe “mor’eno.” Hobane’ng? Ha e le hantle, hopola hore pejana ha moshemane e moholo a bua le ntate oa hae o ile a bitsa mora ea lehlasoa “mora oa hao”—eseng “mor’eso.” Ha ho bonahale eka o ne a amohela tlamahano ea lelapa e teng pakeng tsa hae le ngoan’abo. Kahoo, ha e le hantle ntate o bolella moshemane oa hae e moholo hore: ‘Enoa hase feela mora oa ka. Ke mor’eno, nama ea hao le mali a hao. U na le mabaka ’ohle a ho thaba ha a khutlile!’ Molaetsa oa Jesu o ne o lokela hore ebe o ile oa hlaka ho baeta-pele ba Bajuda. Baetsalibe bao ba neng ba ba khesa ha e le hantle e ne e le “barab’abo” bona. Ka sebele, “ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea ntseng a etsa hantle, a sa tšohe a etsa sebe.” (Moeklesia 7:20) Kahoo, Bajuda ba hlaheletseng ba ne ba e-na le mabaka ’ohle a ho thaba ha baetsalibe ba baka.
13. Qetello ea setšoantšo sa Jesu e sa lebelloang e re siea le potso efe e hlokang ho nahanisisoa ka ho teba?
13 Ka mor’a thapeli eo ea ntate, setšoantšo se fella hona moo ka mokhoa o sa lebelloang. Ho joalokaha eka Jesu o mema bamameli ba hae hore ba ingolle qetello ea pale. Ho sa tsotellehe hore na karabelo ea mora e moholo e bile efe, momameli e mong le e mong o ile a tobana le potso ea hore, ‘Na u tla kopanela thabong e bang teng leholimong ha moetsalibe a baka?’ Bakreste kajeno le bona ba na le monyetla oa ho bontša kamoo ba arabang potso eo kateng. Joang?
Ho Etsisa Mohau oa Molimo Kajeno
14. (a) Re ka sebelisa keletso ea Pauluse e ho Baefese 5:1 joang ha ho tluoa tabeng ea mohau? (b) Ke kutloisiso efe e fosahetseng eo re tlamehang ho itebela khahlanong le eona mabapi le mohau oa Molimo?
14 Pauluse o ile a eletsa Baefese: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baefese 5:1) Kahoo, joaloka Bakreste re lokela ho ananela mohau oa Molimo, ho o tebisa ka metso lipelong tsa rōna le ho bontša tšobotsi ena litšebelisanong tsa rōna le ba bang. Leha ho le joalo, ho hlokahala temoho. Mohau oa Molimo ha oa lokela ho utloisisoa hampe e le o bebofatsang botebo ba sebe. Ka mohlala, ho na le ba bang ba ka ’nang ba nahana ka ho se tsotelle hore, ‘Haeba ke etsa sebe, kamehla nka rapela Molimo hore a ntšoarele, ’me o tla nkhauhela.’ Boikutlo bo joalo bo ne bo tla tšoana le seo mongoli oa Bibele Jude a se bitsang ho ‘fetola mosa o sa tšoanelang oa Molimo oa rōna boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng.’ (Jude 4) Le hoja Jehova a le mohau, ‘a ke ke a latola molato oa motho ea nang le oona’ ha a sebetsana le bafosi ba sa bakeng.—Exoda 34:7; bapisa le Joshua 24:19; 1 Johanne 5:16.
15. (a) Ke hobane’ng ha baholo ka ho khetheha ba lokela ho boloka pono e leka-lekaneng tabeng ea mohau? (b) Le hoja baholo ba sa mamelle ho etsoa ha libe tsa ka boomo, ke eng seo ba lokelang ho leka ka matla ho se etsa, hona hobane’ng?
15 Ka lehlakoreng le leng, re boetse re lokela ho ba hlokolosi ho itebela khahlanong le ho fetelletsa litaba ka lehlakoreng le leng—e leng tšekamelo ea ho ba ba sa tenyetseheng le ba tšoaea-tšoaeang liphoso ho ba bontšang pako ea sebele le tšoabo ea bomolimo libeng tsa bona. (2 Bakorinthe 7:11) Kaha baholo ba filoe boikarabelo ba ho hlokomela linku tsa Jehova, ke habohlokoa hore ba boloke pono e leka-lekaneng tabeng ena, haholo-holo ha ba sebetsana le linyeoe tsa boahloli. Phutheho ea Bokreste e lokela ho bolokoa e hloekile, ’me ke ho loketseng ho ea ka Mangolo ho ‘tlosa ea khopo’ ka ho mo khaola. (1 Bakorinthe 5:11-13) Ka nako e tšoanang, ho hotle ho bontša mohau ha ho e-na le motheo o hlakileng oa ho etsa joalo. Kahoo, le hoja baholo ba sa mamelle liphoso tsa ka boomo, ba leka ka matla ho batla tsela e lerato le e mohau, ka hare ho meeli ea toka. Ka nako tsohle ba ela hloko molao-motheo oa Bibele: “Ea sa sebeliseng mohau o tla ba le kahlolo ea hae ho se mohau. Mohau o thaba ka ho fetisisa ka tlhōlo holim’a kahlolo.”—Jakobo 2:13; Liproverbia 19:17; Matheu 5:7.
16. (a) U sebelisa Bibele, bontša kamoo ka sebele Jehova a lakatsang hore bafosi ba khutlele ho eena. (b) Re ka bontša joang hore le rōna re ananela ho khutla ha baetsalibe ba bakileng?
16 Setšoantšo sa mora ea lehlasoa se bontša ka ho hlaka hore Jehova o lakatsa hore bafosi ba boele ho eena. Ka sebele, oa ba mema ho fihlela ba ipaka hore ba hloka pako ka ho feletseng. (Ezekiele 33:11; Malakia 3:7; Baroma 2:4, 5; 2 Petrose 3:9) Joaloka ntate oa mora ea lehlasoa, Jehova o tšoara ba khutlelang ho eena ka tsela e nang le seriti, o ba amohela e le litho tsa lelapa ka ho feletseng. Na u etsisa Jehova ntlheng ee? Ha molumeli-’moho le uena, ea neng a khaotsoe ka nakoana, a khutlisetsoa ka phuthehong, u itšoara joang? Rea tseba hore ho ba le ‘thabo leholimong.’ (Luka 15:7) Empa na ho ba le thabo lefatšeng, phuthehong ea heno, esita le pelong ea hao? Kapa, na joalokaha ho bile ho mora e moholo oa setšoantšong seo, ho na le lehloeo le itseng, joalokaha eka motho ea neng a sa lokela ho furalla mohlape oa Molimo ho tloha qalong ha aa tšoanela ho amoheloa?
17. (a) Ho ile ha hlaha boemo bofe Korinthe lekholong la pele la lilemo, hona Pauluse o ile a eletsa ba ka phuthehong hore ba sebetsane le taba eo joang? (b) Ke hobane’ng ha keletso ea Pauluse e ne e le e sebetsang, hona re ka e sebelisa joang kajeno? (Bona le lebokose le ka letsohong le letona.)
17 Ho re thusa ho itlhahloba ntlheng ena, nahana ka se ileng sa etsahala ka selemo sa 55 C.E., Korinthe. Moo, monna e mong ea neng a lelekiloe ka phuthehong o ile a qetella a hloekisitse bophelo ba hae. Ke eng seo barab’abo rōna ba neng ba lokela ho se etsa? Na ba ne ba lokela ho nka pako ea hae e le e belaetsang ’me ba ’ne ba tsoele pele ho mo qoaea? Ka ho fapaneng, Pauluse o ile a phehella Bakorinthe: ‘Le mo tšoarele ka mosa le ho mo tšelisa, e le hore ka tsela e itseng motho ea joalo a se ke a metsoa ke ho ba ha hae ea hlomohileng ka ho fetisisa. Ka hona ke le eletsa hore le tiise lerato la lōna bakeng sa hae.’ (2 Bakorinthe 2:7, 8) Hangata, bafosi ba bakileng ba hlaseloa ke boikutlo ba ho hlajoa ke lihlong le ba ho nyahama. Kahoo, bana ba hloka ho tiisetsoa hore balumeli-’moho le bona le Jehova baa ba rata. (Jeremia 31:3; Baroma 1:12) Sena ke sa bohlokoa haholo. Hobane’ng?
18, 19. (a) Pejana Bakorinthe ba ne ba ile ba iponahatsa e le ba lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe joang? (b) Boikutlo ba ho hloka mohau bo ne bo ka fella ka hore Bakorinthe ba ‘qhekelloe ke Satane’ joang?
18 Ha a phehella Bakorinthe hore ba bontše tšoarelo, Pauluse o ile a ba fa lebaka le leng e le hore “re se ke ra qhekelloa ke Satane, kaha ha re ba hlokang tsebo ka merero ea hae.” (2 Bakorinthe 2:11) O ne a bolela’ng? Ha e le hantle, pejana Pauluse o ne a ile a lokela ho khalemela phutheho ea Korinthe ka ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. E ne e tloheletse monna enoa hore a tsoele pele ho etsa sebe e sa mo khalemele. Ka ho etsa joalo, phutheho—ka ho khetheha baholo ba eona—ba ne ba etsa seo Satane a se batlang, kaha o ne a ka thabela ho tlisa phutheho boemong bo nyatsehang.—1 Bakorinthe 5:1-5.
19 Haeba joale ba ne ba ka fetelletsa litaba ho ea ka lehlakoreng le leng ’me ba hana ho tšoarela motho ea bakileng, Satane o ne a tla ba qhekella ka tsela e ’ngoe. Joang? Ka hore o ne a ka nka monyetla ka ho ba ha bona ba se nang kutloelo-bohloko le mohau. Haeba moetsalibe ea bakileng a ne a ka “metsoa ke ho ba ha hae ea hlomohileng ka ho fetisisa”—kapa kamoo Today’s English Version e e behang kateng, “a sareloa hoo a ka telang ka ho feletseng”—baholo ba ne ba tla jara boikarabelo bo boima hakaakang ka pel’a Jehova! (Bapisa le Ezekiele 34:6; Jakobo 3:1.) Ka ho utloahalang, ka mor’a ho eletsa balateli ba hae khahlanong le ho khopisa “e mong oa ba banyenyane bana,” Jesu o ile a re: “Ikeleng hloko. Haeba mor’eno a etsa sebe u mo fe khalemelo e matla, ’me haeba a baka u mo tšoarele.”a—Luka 17:1-4.
20. Ke ka tsela efe ho bang le thabo leholimong le lefatšeng ha moetsalibe a baka?
20 Ba likete ba khutlelang borapeling bo hloekileng selemo le selemo ba ananela mohau oo Jehova a ba bontšitseng oona. Ha a bua ka ho khutlisetsoa ha hae ka phuthehong morali’abo rōna e mong oa Mokreste o re: “Ha ke hopole mohla nkileng ka thabela ntho leha e le efe hakaalo bophelong ba ka.” Ka sebele, thabo eo a neng a e-na le eona e teng hape le har’a mangeloi. E se eka le rōna re ka kopanela ‘thabong e bang teng leholimong’ ha moetsalibe a baka. (Luka 15:7) Ka ho etsa joalo, re tla be re etsisa mohau oa Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja ho bonahala eka mofosi oa Korinthe o ile a khutlisetsoa ka phuthehong ka mor’a nako e batlang e le khutšoanyane, sena ha sea lokela ho sebelisoa e le tekanyetso bakeng sa bohle ba khaoloang. Boemo ka bong bo fapane. Bafosi ba bang ba qala ho bontša pako ea sebele hoo e ka bang hang-hang ka mor’a ho lelekoa. Athe ho ba bang, ho nka nako e teletsana pele boikutlo bo joalo bo ka bonahala. Leha ho le joalo, maemong ’ohle ba khutlisetsoang ka phuthehong ba tlameha ho bontša bopaki ba tšoabo ea bomolimo pele, ’me moo ho khonehang, ba tlameha ho bonahatsa mesebetsi e tšoanelang pako.—Liketso 26:20; 2 Bakorinthe 7:11.
Bakeng sa Tlhahlobo
◻ Moholoane oa mora ea lehlasoa o ne a tšoana le baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ka tsela efe?
◻ Ke ka tsela efe moholoane oa mora ea lehlasoa a neng a sa utloisisa moelelo oa sebele oa ho ba mora?
◻ Ha re nahana ka mohau oa Molimo, ke maemo afe a mabeli a feteletseng ao re lokelang ho a qoba?
◻ Re ka etsisa mohau oa Molimo joang kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mora e moholo o ile a hana ho thaba ha mor’abo a khutla