Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 10/1 maq. 8-13
  • “Jehova, Molimo o Mohau, o Lereko”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Jehova, Molimo o Mohau, o Lereko”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mora oa Lerabele o Tloha Lapeng
  • Ho Felloa ke Tšepo Naheng e Hōle
  • Mora ea Lehlasoa o Hlaphoheloa Kelellong
  • Kamohelo e Mofuthu
  • Etsisa Mohau oa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Pale ea Mora ea Lahlehileng
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Nka Lokisa Liphoso Bophelong ba Ka Joang?
    Tsoha!—1995
  • Le ka Thusa Ngoana “ea Lehlasoa” Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 10/1 maq. 8-13

“Jehova, Molimo o Mohau, o Lereko”

“Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete.”—EXODA 34:6.

1. (a) Bibele e fana ka matšeliso afe ho ba boneng ha baratuoa ba bona ba kheloha borapeling bo hloekileng? (b) Jehova o talima bafosi joang?

NTATE e mong oa Mokreste o re: “Morali oa ka o ile a mpolella hore ha a sa batla ho ba karolo ea phutheho ea Bokreste. Ke ile ka qeta matsatsi, libeke, esita le likhoeli ka mor’a moo ke e-na le lehlaba le bohloko ’meleng. Ho ne ho le bohloko ho feta ho shoeloa.” Ka sebele ho utloisa bohloko ho bona motho eo u mo ratang a kheloha tseleng ea borapeli bo hloekileng. Na u kile ua ba le phihlelo e joalo? Haeba ho joalo, e tla ba ho tšelisang ho uena ho tseba hore Jehova o u utloela bohloko. (Exoda 3:7; Esaia 63:9) Empa o talima bafosi ba joalo joang? Bibele e bontša hore ka mohau Jehova oa ba mema hore ba khutlele boemong ba hore a ba amohele. O ile a kōpa ka tieo Bajuda ba marabele ba mehleng ea Malakia: “Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna.”—Malakia 3:7.

2. Bibele e bontša joang hore mohau ke karolo ea bohlokoa ea botho ba Jehova?

2 Mohau oa Molimo o ile oa totobatsoa ho Moshe Thabeng ea Sinai. Moo, Jehova o ile a itšenola e le “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete.” (Exoda 34:6) Phatlalatso ena e totobatsa hore mohau ke karolo ea bohlokoa ea botho ba Jehova. Moapostola oa Mokreste Petrose o ile a ngola hore, “O lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ka sebele, mohau oa Molimo hase o se nang moeli. Moshe o ile a bolelloa: ‘Ha a latole molato oa motho ea nang le oona.’ (Exoda 34:7; 2 Petrose 2:9) Leha ho le joalo, “Molimo ke lerato,” ’me mohau ke tšobotsi e khōlō ea tšoaneleho eo. (1 Johanne 4:8; Jakobo 3:17) Jehova a ke ke a ‘boloka bohale ba hae ka ho sa eeng kae,’ ’me “o khahloa ke ho hauhela.”—Mikea 7:18, 19.

3. Pono ea Jesu ka mohau e ne e fapane joang le ea bangoli le Bafarisi?

3 Jesu e ne e le setšoantšo se phethahetseng sa Ntate oa hae oa leholimo. (Johanne 5:19) Ho tšoara ha hae bafosi ka mohau e ne e se ho lumella libe tsa bona empa e ne e le pontšo ea maikutlo a tšoanang a bonolo ao a ileng a a bonahatsa ho ba kulang ’meleng. (Bapisa le Mareka 1:40, 41.) E, Jesu o ile a balella mohau har’a “litaba tse tōma haholoanyane” tsa Molao oa Molimo. (Matheu 23:23) Ka lehlakoreng le leng, nahana ka bangoli le Bafarisi, bao kutloisiso ea bona ea molao mabapi le toka hangata e neng e hloka mohau ka ho feletseng. Ha ba bona Jesu a sebelisana le baetsalibe, ba ile ba belaela: “Monna enoa o amohela baetsalibe ka mofuthu ’me o ja le bona.” (Luka 15:1, 2) Jesu o ile a araba bahanyetsi ba hae ka lipapiso tse tharo, tseo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e totobatsang mohau oa Molimo.

4. Ke lipapiso life tse peli tseo Jesu a ileng a li pheta, ’me ntlha ea e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e ne e le efe?

4 Ho ea pele, Jesu o ile a bua ka monna ea ileng a siea linku tse 99 ho ea batla e le ’ngoe e neng e lahlehile. Ntlha ea hae e ne e le efe? “Ho tla ba le thabo e eketsehileng leholimong ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang ho feta ka lebaka la ba mashome a robong a metso e robong ba lokileng ba sa hlokeng pako.” Ka mor’a moo, Jesu o ile a bua ka mosali ea ileng a batla chelete ea tšepe ea drakema e neng e lahlehile ’me a thaba ha a e fumana. O ne a bontša eng? “Thabo ea hlaha har’a mangeloi a Molimo ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang.” Jesu o ile a pheta papiso ea hae ea boraro ka tsela ea setšoantšo.a Ba bangata ba e nka e le pale e khutšoanyane e molemo ka ho fetisisa e kileng ea phetoa. Ho nahana ka setšoantšo sena ho tla re thusa ha ananela le ho etsisa mohau oa Molimo.—Luka 15:3-10.

Mora oa Lerabele o Tloha Lapeng

5, 6. Mora e monyenyane oa papisong ea Jesu ea boraro o ile a bontša ho haelloa ke kananelo ka tsela e tšosang joang?

5 “Motho ea itseng o ne a e-na le bara ba babeli. Eaba e monyenyane oa bona o re ho ntate oa hae, ‘Ntate, mphe karolo ea thepa e oelang ho seo ke se abetsoeng.’ Joale a ba arolela mokhoa oa hae oa ho iphelisa. Hamorao, ka mor’a matsatsi a seng mangata, mora e monyenyane a bokella lintho tsohle hammoho ’me a etela hōle naheng e hōle, ’me moo a hafa thepa ea hae ka ho phela bophelo ba ho inehella litakatso tsa nama.”—Luka 15:11-13.b

6 Mona mora e monyenyane o ile a bontša ho haelloa ke kananelo ka tsela e tšosang. Pele, o ile a batla lefa la hae, eaba oa le hafotsa “ka ho phela bophelo ba ho inehella litakatso tsa nama.” Polelo “bophelo ba ho inehella litakatso tsa nama” e fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “bophelo ba boitšoaro bo hlephileng.” Setsebi se seng se bolela hore lentsoe leo “le bontša ho lahla botho ka ho feletseng.” Ka ho loketseng, mohlankana ea setšoantšong sa Jesu o atisa ho bitsoa mora ea lehlasoa, e leng poleloana e hlalosang motho ea hafotsang feela ka ho se tsotelle le ea senyang.

7. Ke bo-mang kajeno ba tšoanang le mora ea lehlasoa, ’me ke hobane’ng ha batho ba bangata ba joalo ba batla boitaolo “naheng e hōle”?

7 Na kajeno ho na le batho ba tšoanang le mora eo ea lehlasoa? E. Ka masoabi, palo e batlang e fokola e tlohile “lapeng” le sireletsehileng la Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. (1 Timothea 3:15) Ba bang ba bona ba nka hore tikoloho ea ntlo ea Molimo e na le lithibelo tse ngata haholo, hore leihlo la Jehova le seli ke tšitiso ho fapana le tšireletso. (Bapisa le Pesaleme ea 32:8.) Nahana ka mosali e mong oa Mokreste ea ileng a hōlisoa ka melao-motheo ea Bibele empa hamorao a kenella tšebelisong e mpe ea tahi le lithethefatsi. Ha a hetla morao nakong eo e lerootho ea bophelo ba hae, o re: “Ke ne ke batla ho bontša hore nka khona ho iketsetsa bophelo bo molemonyana ka bonna. Ke ne ke batla ho etsa seo ke se batlang, ’me ke ne ke sa batle hore motho leha e le ofe e mong a mpolelle se fapaneng.” Joaloka mora ea lehlasoa, mosali enoa e mocha o ne a batla boitaolo. Ka masoabi, ka lebaka la mekhoa ea hae e sa lumellaneng le Mangolo o ile a tlameha ho lelekoa ka phuthehong ea Bokreste.—1 Bakorinthe 5:11-13.

8. (a) Ke thuso efe e ka fuoang ba lakatsang ho phela ka tsela e khahlanong le litekanyetso tsa Molimo? (b) Ke hobane’ng ha motho a lokela ho nahana ka ho teba ka khetho eo a e etsang tabeng ea borapeli?

8 Ka sebele ke ho utloisang bohloko ha molumeli-’moho a bontša takatso ea ho phela khahlanong le litekanyetso tsa Molimo. (Bafilippi 3:18) Ha sena se etsahala, baholo le ba bang ba nang le litšoaneleho tsa moea ba leka ka matla ho khutlisetsa mofosi tseleng. (Bagalata 6:1) Leha ho le joalo, ha ho ea qobelloang ho amohela joko ea borutuoa ba Bokreste. (Matheu 11:28-30; 16:24) Ha ba fihla lilemong, bacha le bona ba tlameha ho iketsetsa khetho ea botho tabeng ea borapeli. Etsoe e mong le e mong oa rōna ke motho ea nang le boikhethelo ea tla fana ka tlaleho bakeng sa hae ka boeena ho Molimo. (Baroma 14:12) Ka sebele, re tla boela re ‘kotule seo re se jalang’—e leng thuto eo mora ea lehlasoa oa setšoantšong sa Jesu ka potlako a neng a tla ithuta eona.—Bagalata 6:7, 8.

Ho Felloa ke Tšepo Naheng e Hōle

9, 10. (a) Boemo ba mora ea lehlasoa bo ile ba fetoha joang, ’me o ile a itšoara joang? (b) Bontša kamoo ba bang kajeno ba lahlang borapeli ba ’nete ba fetang tlas’a tlokotsi e tšoanang le ea mora ea lehlasoa kateng.

9 “Ha a sebelisitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe, tlala e khōlō ea e-ba teng ho pholletsa le naha eo, ’me a qala ho ba bohloking. A ba a ea ’me a ikamahanya le e mong oa baahi ba naha eo, eaba o mo romela masimong a hae ho ea alosa likolobe. ’Me o ne a ee a lakatse ho khora makhapetla a karoba ao likolobe li neng li a ja, ’me ho ne ho se le ea mong ea neng a mo fa ntho leha e le efe.”—Luka 15:14-16.

10 Le hoja a ne a le bohloking, mora enoa ea lehlasoa o ne a ntse a e-s’o nahane ka ho khutlela hae. Ho e-na le hoo, o ile a kopana le moahi e mong ea ileng a mo fa mosebetsi oa ho alosa likolobe. Kaha Molao oa Moshe o ne o bolela hore likolobe ke liphoofolo tse sa hloekang, ho ka etsahala hore e be mosebetsi o joalo e ne e ke ke ea e-ba o amohelehang ho Mojuda. (Levitike 11:7, 8) Empa haeba mora ea lehlasoa o ile a khathatsoa ke letsoalo, o ile a tlameha ho le hatella. Etsoe o ne a ke ke a lebella hore mohiri oa hae, eo e neng e le moahi oa sebakeng seo, a tšoenyehe ka maikutlo a motho ea sohlokehileng ea tsoang naheng esele. Maqakabetsi a mora ea lehlasoa a tšoana le phihlelo eo ba bangata kajeno ba khelohang tseleng e otlolohileng ea borapeli bo hloekileng ba bang le eona. Hangata, ba joalo ba kopanela liketsong tseo nakong e fetileng ba neng ba li nka e le tse nyelisehang. Ka mohlala, mohlankana e mong ha a le lilemo li 17, o ile a fetohela khōliso ea hae ea Bokreste. Oa lumela: “Boitšoaro bo bobe le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi li ile tsa hlakola lithuto tse thehiloeng Bibeleng tseo ke ithutileng tsona ka lilemo tse ngata.” Ka mor’a nakoana, mohlankana enoa o ile a iphumana a le teronkong ka lebaka la bosholu ba likhoka le polao. Le hoja hamorao a ile a hlaphoheloa moeeng, o ile a tlameha ho lefa haboima hakaakang bakeng sa ho ‘thabela sebe ka nakoana’!—Bapisa le Baheberu 11:24-26.

11. Mathata a mora ea lehlasoa a ile a mpefala joang, hona ke joang ba bang kajeno ba fumaneng likhoheli tsa lefatše lee e le “thetso ea lefeela”?

11 Mathata a mora ea lehlasoa a ile a mpefatsoa ke ’nete ea hore “ho ne ho se le ea mong ea neng a mo fa ntho leha e le efe.” E ne e le kae metsoalle ea hae e mecha? Kaha joale o ne a se a se na le sente, o ile a ba joaloka ea ‘iloang’ ho bona. (Liproverbia 14:20) Ka ho tšoanang, ba bangata kajeno ba khelohang tumelo ba hlokomela hore likhoheli le maikutlo a lefatše lena e mpa feela e le “thetso ea lefeela.” (Bakolose 2:8) Moroetsana e mong ea ileng a furalla mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ka nakoana o re: “Ke ile ka utloa bohloko le masisa-pelo a mangata ka ho hloka tataiso ea Jehova. Ke ile ka leka ho tšoana le lefatše, empa kaha ke ne ke hlile ke sa tšoane le ba bang, ba ile ba nqhelela thōko. Ke ile ka ikutloa joaloka ngoana ea lahlehileng ea hlokang ntate ea ntataisang. Ke nakong eo moo ke ileng ka hlokomela hore ke hloka Jehova. Ha ho mohla nkileng ka batla ho phela ka ntle ho tataiso ea hae hape.” Mora ea lehlasoa oa papisong ea Jesu o ile a hlokomela ’nete e tšoanang.

Mora ea Lehlasoa o Hlaphoheloa Kelellong

12, 13. Ke lintlha life tse thusitseng ba bang kajeno ho hlaphoheloa kelellong? (Bona lebokose.)

12 “Ha a hlaphoheloa kelellong, a re, ‘Ke banna ba bangata hakae ba hiriloeng ba ntate ba atetsoeng ke bohobe, ha ’na ke timela moo ke tlala! Ka sebele ke tla ema ’me ke nke leeto ho ea ho ntate ’me ke re ho eena: “Ntate, ke entse sebe khahlanong le leholimo le khahlanong le uena. Ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao. Nketse ea joaloka e mong oa banna ba hao ba hiriloeng.”’ Kahoo a ema ’me a ea ho ntate oa hae.”—Luka 15:17-20.

13 Mora ea lehlasoa o ile “a hlaphoheloa kelellong.” Ka nakoana, o ne a ile a inehella ho phehella menyaka, joalokaha eka o phela lefatšeng la litoro. Empa joale o ile a hlokomela ka ho feletseng boemo ba hae ba sebele ba moea. E, le hoja a ne a khelohile, ho ne ho ntse ho e-na le tšepo bakeng sa mohlankana enoa. Ho ne ho ka fumanoa ho hong ho itseng ho molemo ho eena. (Liproverbia 24:16; bapisa le 2 Likronike 19:2, 3.) Ho thoe’ng ka ba furallang mohlape oa Molimo kajeno? Na e ne e tla ba ho loketseng ho etsa qeto ea hore ha ho sa na tšepo ea letho ka bona kaofela, hore boemong bo bong le bo bong tsela ea bona ea borabele ke bopaki ba hore ba sitetsoe moea o halalelang oa Molimo? (Matheu 12:31, 32) Ha ho hlile ha ho joalo. Ba bang ba bona ba hlokofatsoa ke tsela ea bona e khelohileng, ’me ka mor’a nako ba bangata ba bona baa hlaphoheloa kelellong. Morali’abo rōna e mong, ha a nahana ka nako eo a e qetileng a le kantle ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, o re: “Ha ho mohla, esita le ka le baliloeng, nkileng ka lebala Jehova. Kamehla ke ne ke rapela hore ka tsela e itseng, ka letsatsi le leng, a nkamohele hape ’neteng.”—Pesaleme ea 119:176.

14. Mora ea lehlasoa o ile a etsa qeto efe, ’me o ile a bontša boikokobetso joang ka ho etsa seo?

14 Empa ke’ng seo ba khelohileng ba ka se etsang ka boemo ba bona? Setšoantšong sa Jesu mora ea lehlasoa o ile a etsa qeto ea ho khutlela hae le ho kōpa tšoarelo ho ntate oa hae. Mora ea lehlasoa o ile a etsa qeto ea hore a re: “Nketse ea joaloka e mong oa banna ba hao ba hiriloeng.” Mohlanka ea hiriloeng e ne e le mosebetsi oa letsatsi le letsatsi ea neng a ka lelekoa ka ho fuoa tsebiso ea ho lelekoa ea letsatsi feela. Enoa o ne a bile a le ka tlaasana le ho lekhoba leo ka kutloisiso e itseng le neng le tšoana le setho sa lelapa. Kahoo mora ea lehlasoa o ne a sa nahane ka ho kōpa hore a khutlisetsoe boemong ba hae ba pele ba ho ba mora. Ka sebele o ne a tla thabela ho amohela boemo bo tlaase-tlaase e le hore a pake botšepehi ba hae bocha ho ntate oa hae letsatsi le letsatsi. Leha ho joalo, mora ea lehlasoa o ne a tla fumana ntho e sa lebelloang.

Kamohelo e Mofuthu

15-17. (a) Ntate o ile a itšoara joang ha a bona mora oa hae? (b) Seaparo se selelele sa ka holimo, lesale la monoana le meqathatso tseo ntate a ileng a li fa mora oa hae li bontša eng? (c) Ho lokisetsa ha ntate mokete ho bontša eng?

15 “Ha a sa ntse a le hōle, ntate oa hae a re heli! ’me a mo bona ’me a susumetsoa ke khauho, eaba oa matha ’me o itihela molaleng oa hae ’me o mo aka ka bonolo. Joale mora a re ho eena, ‘Ntate, ke entse sebe khahlanong le leholimo le khahlanong le uena. Ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao. Nketse ea joaloka e mong oa banna ba hao ba hiriloeng.’ Empa ntate eo a re ho makhoba a hae, ‘Kapele! tlisang seaparo se selelele sa ka holimo, se setlehali, ’me le mo apese sona, ’me le kenye lesale letsohong la hae le meqathatso maotong a hae. ’Me le tlise pohoana e nontšitsoeng, le e hlabe ’me a re jeng ’me re ithabise, hobane enoa mora oa ka o ne a shoele ’me a boela a phela; o ne a lahlehile ’me a fumanoa.’ Eaba ba qala ho ithabisa.”—Luka 15:20-24.

16 Motsoali leha e le ofe ea lerato o ne a tla labalabela hore ngoana oa hae a hlaphoheloe moeeng. Kahoo, re ka inahanela kamoo ntate oa mora ea lehlasoa a neng a talima tseleng e tlang ntlong ea hae letsatsi le leng le le leng, ka tabatabelo a tšepile ho bona mora oa hae a khutla. Joale o bona mora oa hae a e-tla a nyolosa ka tsela eo! Ntle ho pelaelo ponahalo ea mohlankana eo e ne e fetohile. Ho ntse ho le joalo, ntate o mo hlokomela “a sa ntse a le hōle.” Ha a natse liaparo tse maharasoa le moea o tepeletseng; o bona mora oa hae, ’me o mathela ho ea mo khahlametsa!

17 Ha ntate a fihla ho mora, o ile a itihela molaleng oa mora ’me a mo aka ka bonolo. Eaba o laela makhoba a hae hore a fe mora oa hae seaparo se selelele sa ka holimo, lesale la monoana le meqathatso. Seaparo sena se selelele sa ka holimo e ne e se seaparo feela tjee se tloaelehileng, empa e ne e le “se setlehali”—mohlomong e le seaparo sa ka ntle se nang le mekhabiso e mengata sa mofuta o fuoang moeti ea hlomphehang. Kaha lesale la monoana le meqathatso e ne e se hangata li bonoang ho makhoba, ntate o ne a hlakisa hore mora oa hae o amohetsoe hape e le setho se feletseng sa lelapa. Empa ntate o ile a ba a etsa ho eketsehileng. O ile a laela hore ho etsoe mokete oa ho ketekela ho khutla ha mora oa hae. Ka ho hlakileng, monna enoa ha aa ka a tšoarela mora oa hae ka lekhonono kapa hobane feela ho khutla ha mora ho ne ho mo tlama ho etsa joalo; o ne a batla ho bontša tšoarelo. Ho ne ho mo thabisa.

18, 19. (a) Ke’ng seo papiso ea mora ea lehlasoa e u rutang sona mabapi le Jehova? (b) Joalokaha ho bontšitsoe litšebelisanong tsa hae le Juda le Jerusalema, Jehova ‘o lebella’ ho khutla ha moetsalibe joang?

18 Ho fihlela mona, setšoantšo sa mora ea lehlasoa se re ruta eng mabapi le Molimo eo re nang le tokelo ea ho mo rapela? Ntlha ea pele, hore Jehova ‘o mohau, o lereko, o lieha ho halefa, o tletse mohau le ’nete.’ (Exoda 34:6) Ka sebele, mohau ke tšobotsi e hlaheletseng ea Molimo. Ke tsela e tloaelehileng eo a arabelang ka eona ho ba bohloking. Kahoo, setšoantšo sa Jesu se re ruta hore Jehova o “itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5, NW) Ho joalokaha eka o talimile ka hloko e le hore a hlokomele phetoho leha e le efe lipelong tsa baetsalibe e ka fanang ka motheo oa hore a bontše mohau oa hae.—2 Likronike 12:12; 16:9.

19 Ka mohlala, nahana ka litšebelisano tsa Molimo le Iseraele. Jehova o ile a bululela moprofeta Esaia hore a hlalose Juda le Jerusalema e le tse ‘kulang ho tloha hloohong ho isa leotong.’ Leha ho le joalo, o ile a boela a re: “Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela.” (Esaia 1:5, 6; 30:18; 55:7; Ezekiele 33:11; mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Joaloka ntate ea setšoantšong sa Jesu, ho joalokaha eka Jehova ‘o talimile tseleng.’ O lebeletse ka tabatabelo ho khutla ha motho leha e le ofe ea furaletseng ntlo ea hae. Na see hase sona seo re neng re tla se lebella ho ntate ea lerato?—Pesaleme ea 103:13.

20, 21. (a) Ke ka tsela efe ba bangata kajeno ba huloang ke mohau oa Molimo? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?

20 Selemo le selemo, mohau oa Jehova o hula ba bangata hore ba hlaphoheloe kelellong ’me ba khutlele borapeling ba ’nete. See se tlisa thabo e kaakang ho baratuoa ba bona! Ka mohlala, nahana ka ntate oa Mokreste ea boletsoeng qalong. Ka thabo, morali oa hae o ile a hlaphoheloa moeeng ’me hona joale o sebeletsa e le mosebeletsi oa nako e tletseng. Ntate o re: “Ke thabile ka hohle kamoo motho a ka thabang kateng tsamaisong ena ea khale ea lintho. Meokho ea ka e bakoang ke mesarelo e fetohile meokho ea thabo.” Ka sebele, Jehova le eena oa thaba!—Liproverbia 27:11.

21 Empa ho na le ho eketsehileng setšoantšong sa mora ea lehlasoa. Jesu o ile a ntšetsa pale ea hae pele e le hore a ka bontša phapang pakeng tsa mohau oa Jehova le boemo bo sa tenyetseheng, bo tšoaea-tšoaeang liphoso bo neng bo atile har’a bangoli le Bafarisi. Hore na o entse seo joang—le hore na seo se bolela eng ho rōna—ho tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litšoantšo le lipapiso tse ling tse boletsoeng ka Bibeleng hase hore ke lintho tse hlileng li etsahetseng. Ho feta moo, kaha morero oa lipale tsena ke ho fana ka thuto ea boitšoaro, ha ho hlokahale hore re batle moelelo oa tšoantšetso ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe.

b Tlhaloso ea boprofeta ea se boleloang ke setšoantšo sena e tšohloa tokollong ea Molula-Qhooa ea February 15, 1989, leqepheng la 16, 17.

Bakeng sa Tlhahlobo

◻ Boikutlo ba Jesu ka mohau bo ne bo fapane joang le ba Bafarisi?

◻ Ke bo-mang kajeno ba tšoanang le mora ea lehlasoa, hona joang?

◻ Ke maemo afe a ileng a etsa hore mora ea lehlasoa a hlaphoheloe kelellong?

◻ Ntate o ile a bontša mohau joang ho mora oa hae ea bakileng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela