Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 1/15 maq. 21-24
  • Na ba Bang ba Amohela Keletso ea Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ba Bang ba Amohela Keletso ea Hao?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Khutlisetsa Motho Tseleng ka Moea o Bonolo’
  • Eletsa ka Mosa
  • Ho Eletsa ka ho Ikokobetsa Kelellong
  • Keletso e Ileng ea Amoheloa
  • Mamela “Mantsoe a ba Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na Kamehla Ua Utloisisa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Baeletsi ba Bohlale—Tlhohonolofatso ho Baena ba Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Mamela Keletso, U Amohele Taeo
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 1/15 maq. 21-24

Na ba Bang ba Amohela Keletso ea Hao?

KELETSO e molemo e fanoang ka tsela e nepahetseng kamehla e hlahisa litholoana tse ntle. Na see ke ’nete? Che! Esita le keletso e ntle ka ho fetisisa e fanoeng ke baeletsi ba tšoanelehang hangata ea hlokomolohuoa kapa e hanoe.—Liproverbia 29:19, NW.

Sena se ile sa etsahala ha Jehova a ne a eletsa Kaine ea neng a hloile ngoan’abo, Abele. (Genese 4:3-5) A tseba kotsi eo sena se neng se beha Kaine ho eona, Molimo o ile a re ho eena: “U bohale ke’ng? ’me sefahleho sa hao se sosobanetse’ng? Ekare ha u etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? ’Me ha u sa etse hantle, sebe se laletse monyako, ’me litakatso tsa sona li lebile ho uena, u mpe u se buse.”—Genese 4:6, 7.

Ka hona, Jehova o ile a tšoantša sebe le sebatana se emetseng ho khorohela Kaine haeba a ne a tsoela pele ho jara mor’abo ka pelo. (Bapisa le Jakobo 1:14, 15.) Kaine o ne a ntse a e-na le monyetla oa ho fetola boikutlo ba hae, ho ‘etsa hantle’ ho e-na le ho phehella tsela e neng e tla baka kotsi. Ka masoabi, Kaine ha aa ka a mamela. O ile a hana keletso ea Jehova ’me phello ea e-ba e bohloko.

Ba bang baa hlonama ba bile ba hana mofuta leha e le ofe oa keletso. (Liproverbia 1:22-30) Na ho ka etsahala hore ha keletso e hanoa ebe ke molato oa motho ea fanang ka eona? (Jobo 38:2) Na uena ea fanang ka keletso u thatafaletsa ba bang hore ba e amohele? Ho se phethahale ha botho ho etsa hore seo e be kotsi ea sebele. Empa u ka fokotsa monyetla oa hore seo se etsahale ka hore u latele ka hloko melao-motheo ea Bibele e latelang. A re hlahlobeng e ’maloa ea eona.

‘Ho Khutlisetsa Motho Tseleng ka Moea o Bonolo’

“Barab’eso, esita le hoja motho a nka mohato o mong o fosahetseng pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo, ha ka bomong le ntse le ipehile leihlo, esere le lōna le ka lekoa.” (Bagalata 6:1) Ka tsela ena, moapostola Pauluse o ile a bontša hore ba nang le “litšoaneleho tsa moea” ba lokela ho leka ho khutlisetsa Mokreste ea ‘nkang mohato o fosahetseng pele a o hlokomela’ tseleng. Ka linako tse ling ho bonahala ba nang le litšoaneleho tse fokolang tsa ho etsa joalo e le bona bao hangata ba nang le tšekamelo ea ho fana ka keletso. Kahoo, u se ke ua potlakela ho eletsa ba bang. (Liproverbia 10:19; Jakobo 1:19; 3:1) Ka ho khetheha, baholo ba phutheho ke bona ba tšoanelehang moeeng bakeng sa ho etsa sena. Ho hlakile hore Mokreste leha e le ofe ea hōlileng tsebong o lokela ho fana ka temoso haeba a bona mor’abo a tsamaela kotsing.

Haeba u fana ka keletso, etsa bonnete ba hore seo u se buang se thehiloe bohlaleng ba Molimo, eseng likhopolo-tabeng le lifilosofing tsa batho. (Bakolose 2:8) E-ba joaloka seapehi se hlokolosi se etsang bonnete ba hore motsoako leha e le ofe oo se o sebelisang oa haha ebile ha o na letho le ka ’nang la e-ba chefo. Etsa bonnete ba hore keletso ea hao e thehiloe ka tieo Lentsoeng la Molimo, eseng feela ponong ea botho. (2 Timothea 3:16, 17) Ka ho etsa sena, u ka kholiseha hore ha ho le ea mong eo keletso ea hao e tla mo ntša kotsi.

Morero oa keletso ke ho ‘khutlisetsa motho ea etsang phoso tseleng,’ eseng ho mo qobella hore a fetohe a sa batle. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘khutlisetsa tseleng’ le amana le lentsoe le tsamaisanang le ho lokisoa ha lesapo le tšoephohileng e le ho thibela kotsi e tsoelang pele. Ho latela mongoli oa dikshinari, W. E. Vine, le boetse le bolela “tlhokahalo ea mamello le tiisetso tšebetsong.” Nahana ka bonolo le tsebo tse hlokahalang ho phema ho utloisa ’mele bohloko ho sa hlokahale. Ka tsela e tšoanang, ea fanang ka keletso o tlameha ho ba hlokolosi haholo hore a qobe ho utloisa eo a mo eletsang bohloko. Sena se thata esita leha motho a kōpa hore a eletsoe. Ha keletso ea hao e sa kōptjoa, tsebo e eketsehileng le masene li hlokahala le ho feta.

Ka sebele, u ke ke ua ‘khutlisetsa leha e le mang tseleng’ haeba u mo qhela. Ho qoba ho etsa sena, hopola tlhokahalo ea ho bontša “maikutlo a bonolo a qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakolose 3:12) Haeba ngaka e le sefela-peloana ’me e le bohale bo sa hlokahaleng, mokuli a ka ’na a hlokomoloha keletso ea eona ’me a se ke a hlola a khutlela ho eona bakeng sa phekolo e hlokahalang.

Sena ha se bolele hore keletso e lokela ho ba e sa tieang. Jesu Kreste o ne a tiile ha a eletsa liphutheho tse supileng tse seterekeng sa Asia. (Tšenolo 1:4; 3:1-22) O ile a li fa keletso e tobileng eo li neng li lokela ho e utloa le ho e sebelisa. Empa kamehla ho tiea ha Jesu ho ne ho leka-lekanngoa le litšoaneleho tse kang kutloelo-bohloko le mosa, e leng ho neng ho bonahatsa moea o lerato oa Ntate oa hae oa leholimo.—Pesaleme ea 23:1-6; Johanne 10:7-15.

Eletsa ka Mosa

“Seo le se buang ka mehla a e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakolose 4:6) Letsoai le ka natefisa lijo, la etsa hore e be tse thabisang. Hore keletso ea hao e be e amohelehang, e lokela ho fanoa ka ‘mosa, e nōkoe ka letsoai.’ Leha ho le joalo, esita le haeba metsoako e le e monate ka ho fetisisa, lijo li ka ’na tsa phehoa hampe kapa tsa phakhelloa ka tsela e sa khahleng poleiting. Seo ha se etse hore motho a be le takatso ea lijo. Ha e le hantle, ho ka ba thata ho koenya le mothamo o le mong oa lijo tse sa hlaboseng.

Ha ho fanoa ka keletso, ke habohlokoa hore ho khethoe mantsoe a nepahetseng. Monna ea bohlale Solomone o itse: “Polelo e builoeng ka motsotso o tšoanelehang, e joalo ka liapole tsa khauta pitsaneng ea silefera.” (Liproverbia 25:11) E ka ’na eaba o ne a nahanne ka sejana sa silevera se nang le mekhabiso e metle se tšetseng liapole tsa khauta tse sehiloeng ka makhethe. Seo e ne e tla ba se bohehang hakaakang, ’me u ne u ka ananela hakaakang ho se fuoa e le mpho! Ka tsela e tšoanang, mantsoe a khethiloeng ka hloko le a mosa e ka ba a ipiletsang haholo ho motho eo u lekang ho mo thusa.—Moeklesia 12:9, 10.

Ho fapana le hoo, ‘polelo e hlabang e leotsa bohale.’ (Liproverbia 15:1) Ho e-na le hore a ananeloe, mantsoe a khethiloeng hampe a ka baka bohloko le bohale habonolo. Ha e le hantle, hase mantsoe a mabe feela a ka etsang hore motho a qhele keletso ea bohlokoa, empa le molumo o fosahetseng oa lentsoe o ka ho etsa. Ho fana ka keletso ka tsela e hlokang masene, e sa nahaneleng ho ka baka tšenyo e tšoanang le ho hlasela motho ka sebetsa. Liproverbia 12:18 e re: “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joalo ka tsenene.” Ke hobane’ng ha u ka bua ka ho se nahanele eaba u thatafaletsa motho hore a mamele keletso?—Liproverbia 12:15.

Joalokaha Solomone a boletse, keletso e lokela ho ‘buuoa ka motsotso o tšoanelehang.’ Nako e tšoanelehang ke ea bohlokoa haeba keletso e tla amoheloa! Ho hlakile hore motho ea se nang takatso ea lijo a ke ke a ananela lijo. Mohlomong o sa tsoa ja haholo, kapa oa kula. Ho qobella motho ea sa batleng ho ja hore a je ha ho bohlale ebile ha ho amohelehe.

Ho Eletsa ka ho Ikokobetsa Kelellong

‘Le tlatse thabo ea ka ka hore . . . le se etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nke hore ba bang ba le phahametse, le behile leihlo, eseng thahasellong ea botho litabeng tsa lōna feela, empa hape le thahasellong ea botho ho tsa ba bang.’ (Bafilippi 2:2-4) Haeba u le moeletsi ea molemo, u tla susumetsoa ke ‘thahasello ea botho’ mabapi le boiketlo ba ba bang. U tla boela u bontše “ho ikokobetsa kelellong” ha u sebelisana le bara le barali beno ba moea, u nke hore ba bang ba u phahametse. Seo se bolela eng?

Ho ikokobetsa kelellong ho tla u thibela ho ba le maikutlo a ho phahama kapa ho sebelisa molumo oa lentsoe o bontšang ho iphahamisa. Ha ho le ea mong oa rōna ea nang le lebaka la ho ikutloa a phahametse balumeli-’moho le eena. E mong le e mong oa rōna o etsa liphoso nako le nako. Kaha u ke ke ua bona se ka pelong, ke habohlokoa haholo hore u se ke ua ahlola merero ea motho eo u mo eletsang. Ho ka etsahala hore ebe ha a na morero leha e le ofe o mobe ebile ha a lemohe hore ho na le boitšoaro kapa liketso leha e le life tse fosahetseng. Esita le haeba a lemoha hore ha a latele seo Molimo a se hlokang, ha ho pelaelo hore o tla fumana ho le bonolo haholoanyane ho amohela keletso haeba e fanoa ka boikokobetso, ka thahasello ea sebele boiketlong ba hae ba moea.

Nahana hore na u ne u tla ikutloa joang haeba u ne u memetsoe lijong, ebe joale motho ea u memileng o u tšoara ka tsela e se nang botsoalle, e khesang! Ka sebele u ne u ke ke ua thabela lijo tseo. Ruri “ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho e-na le ho ja khomo e nonneng, moo ho nang le hloeano.” (Liproverbia 15:17) Ka tsela e tšoanang, le eona keletso e molemo ho ka ba thata ho e amohela haeba moeletsi a bontša hore ha a rate eo a mo eletsang kapa a mo nyenyefatsa le ho mo tlotlolla. Leha ho le joalo, lerato, ho hlomphana le ho tšepana li tla etsa hore ho be bonolo ho eletsa le ho amohela keletso.—Bakolose 3:14.

Keletso e Ileng ea Amoheloa

Moprofeta Nathane o ile a bontša ho ikokobetsa kelellong ha a eletsa Morena Davida. Lerato le tlhompho tsa Nathane ho Davida li ile tsa bonahala ho seo a ileng a se bua le ho se etsa. Nathane o ile a qala ka papiso e neng e ela hloko bothata boo Davida a neng a ka ’na a ba le bona ba ho mamela keletso. (2 Samuele 12:1-4) Moprofeta eo o ile a ipiletsa leratong leo Davida a neng a e-na le lona la toka le ho loka, le hoja le ne le sa ka la bonahala liketsong tsa hae tse amang Bathe-sheba. (2 Samuele 11:2-27) Ha moelelo oa papiso ena o totobatsoa, karabelo ea Davida e tsoang pelong e ile ea e-ba ena: “Ke sitetsoe Jehova.” (2 Samuele 12:7-13) Ho fapana le Kaine ea sa kang a mamela Jehova, Davida o ile a amohela khalemelo ka boikokobetso.

Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a tataisa Nathane, a ela hloko ho se phethahale ha Davida le hore o ne a ka ’na a se ke a arabela ka tsela e ntle. Nathane o ile a bua ka mokhoa o masene haholo ’me ho hlakile hore o ne a nka Davida a mo phahametse ka lebaka la boemo ba Davida ba ho ba morena ea khethiloeng ke Jehova. Haeba u boemong bo itseng ba ho laela, u ka ’na ua fana ka keletso e nepahetseng, empa ho ka ’na ha e-ba thata ho e amohela haeba u hlōleha ho bontša ho ikokobetsa kelellong.

Nathane o ile a khutlisetsa Davida tseleng ka moea o bonolo. Mantsoe a moprofeta a ne a le mosa ’me a lokisitsoe ka hloko e le hore Davida a ka arabela ka tsela e neng e tla mo tsoela molemo. Nathane o ne a sa susumetsoe ke thahasello ea botho, leha e le hona hore o ne a leka ho iphahamisetsa Davida boitšoarong kapa moeeng. Ke mohlala o motle hakaakang oa ho bua mantsoe a nepahetseng ka tsela e tšoanelehang! Haeba u bontša moea o tšoanang, ho na le monyetla o moholo oa hore ba bang ba tla amohela keletso ea hao.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Joaloka lijo tse hahang ’mele, keletso ea hao e lokela ho ba e hahang

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Na u etsa hore keletso ea hao e be e ipiletsang joaloka liapole tsa khauta sejaneng sa silevera?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ka boikokobetso moprofeta Nathane o ile a ipiletsa leratong leo Davida a neng a e-na le lona la toka le ho loka

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela