Ho Neheloa ha Setsi sa Thuto sa Watchtower—Mokete o Neng o Etsetsoa Jehova
HO TLOHA mehleng ea boholo-holo, mekete ea thabo e ’nile ea e-ba karolo ea borapeli ba ’nete. Mekete e meng e neng e etsoa Iseraeleng ea boholo-holo e ne e nka matsatsi a mangata ’me barapeli ba Jehova ba likete-kete ba ne ba e-ba teng. Ho khakoloa ha tempele ea Solomone ho ile ha nka matsatsi a supileng ’me ha lateloa ke Mokete oa Metlotloane oa beke. Sena se ile sa fa Baiseraele monyetla oa ho nahana ka tsela e hlollang eo Jehova a neng a sebetsane le bona ka eona. Ba ile ba khutlela hae ‘ka pelo tse thabileng le tse nyakaletseng ke molemo oohle oo Jehova a o entseng.’—1 Marena 8:66.
Se ileng sa etsahala Setsing sa Thuto sa Watchtower se Patterson, New York, U.S.A., ka la 17-22 May, 1999, se ile sa hopotsa baeti mekete eo ea boholo-holo e thabisang. Ena e ne e le beke ea mosebetsi o khethehileng o likolohang nehelong ea setsi sa mehaho e 28 se reretsoeng ho ntšetsa pele thuto ea Bibele lefatšeng lohle. Ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa hore basebetsi bohle ba ntlo-khōlō ba 5 400 ba Brooklyn, Wallkill le Patterson ba bone sohle se etsoang mehahong ea Patterson bekeng eo e sa lebaleheng. Har’a baeti ho ne ho e-na le ba 500 bao e kileng ea e-ba basebetsi nakong ea kaho ea setsi sena sa thuto, baemeli ba tsoang makaleng a Mokhatlo oa Watch Tower a 23, le ba bang ba tsoang liphuthehong tse haufi—kaofela ba le bonyane 8 100.
Lipontšuoa Lia Ruta Leetong la ho Bona Sebaka
E le hore baeti ba tsebe setsi sena sa thuto, ho ne ho lokiselitsoe lipontšuoa tse khethehileng, livideo tse rutang, le mokhoa oa ho ipontša sebaka. Sebakeng se seholo seo ho amoheloang baeti ho sona, mahlo a baeti a ne a haptjoa hang-hang ke setšoantšo sa tempele e neng e le Jerusalema nakong ea tšebeletso ea Jesu lefatšeng. Lipontšuoa tse ling li ne li totobatsa histori ea qaleho ea Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, likopano tse tummeng historing, liboka tsa phutheho, tsoelo-pele ea kajeno ea lithuto tsa mahae tsa Bibele—tseo ho khannoang tse limilione beke ka ’ngoe hona joale—le mosebetsi o etsoang ke Lefapha la Molao bakeng sa ho bula monyetla oa ho etsa mosebetsi o joalo ka lebaka la ho mamela taelo ea Jesu.—Matheu 28:19, 20.
Holong e haufi, eo ho eona batho ba 1 700 ba ka lulang ba phutholohile, baeti nakong ea mokete oa nehelo ba ne ba khatholloa ka video ea metsotso e 33 eo sehlooho sa eona se reng “Eseng ka Matla—Ka Moea oa Ka!” Video ena e ne e bontša hore na Setsi sa Thuto sa Watchtower se bile teng joang. Lipuisano tse etsoang ka lipotso li ile tsa senola liketsahalo tse bontšang ka ho hlaka kamoo Jehova a tsamaisitseng litaba kateng le kamoo a hlohonolofalitseng boiteko ba ho phetha ka katleho mosebetsi ona oa lilemo tse 15. Ba likete ba ile ba kopanela mosebetsing oa kaho. Ka nako e ’ngoe ka 1994, ho ne ho e-na le basebetsi ba 526 setšeng, ba akarelletsang baithaopi ba nako e tletseng ba 350, basebetsi ba nakoana ba 113 le ba 63 ba neng ba e-tla letsatsi le letsatsi ba tlil’o thusa. Ba bang ba bangata ba ne ba tšehetsa mosebetsi ona ka menehelo. Kaofela ha bona ba hlokomela hore sena se ne se ke ke sa khoneha le ka mohla ntle ho moea oa Jehova.—Zakaria 4:6.
Ba neng ba nkile leeto la ho bona sebaka ba ne ba ka bona hore sepheo sa mosebetsi o etsoang setsing sena sa thuto ke ho ntšetsa pele thuto ea bomolimo. Setšoantšo se monyako oa Sekolo sa Gileade mokatong oa pele oa mohaho oa sekolo, se ne se totobatsa lefa le enneng la moea le histori ea sekolo sena. Sekolo sa Gileade se koetlisitse liithuti tse fetang 7 000 bakeng sa tšebeletso ea boromuoa ho tloha ha sehlopha sa sona sa pele se qala ka 1943, South Lansing, New York, moo sekolo sena se neng se le hona teng pele. Lipontšuoa tse mokatong oa bobeli oa mohaho oa sekolo sena li ne li bontša se ka bonoang Sekolong sa Litho tsa Likomiti tsa Makala le Sekolong sa Balebeli ba Tsamaeang, tseo ka bobeli litlelase tsa tsona li tšoareloang moo. Ho tloha ha se qala ka November 1995, sekolo sa makala se fane ka thupelo e tsoetseng pele bakeng sa litho tsa Likomiti tsa Makala tse 360 tse tsoang linaheng tse 106.
Ha baeti ba ntse ba le leetong lena la ho bona sebaka, ba ile ba hlokomela kapele hore libakeng tse ngata ba ne ba sa bone feela litšoantšo tse bontšitsoeng. Ba ne ba kena ka hare ho mafapha a sa tšoaneng, ba etela liofisi le libaka tse ling tsa mosebetsi, ’me ba fumana pono e batsi ea mosebetsi o etsoang. Sehlohlolo sa leeto lena la ho bona sebaka e bile mohaho oa Lefapha la Khatiso ea Lik’hasete le Livideo. Ho sebelisoa thepa e ntle hakaakang bakeng sa ho ntšetsa pele thuto ea Bibele! Ka letoto la lipontšuoa tse rutang le livideo tse khutšoanyane, baeti ba ile ba thusoa ho utloisisa kamoo mantsoe a rekotoang le kamoo livideo li etsoang kateng. Ba ile ba ithuta ho hong ka liphuputso tse pharaletseng tse etsoang ha ho lokisetsoa thepa le liaparo tse sebelisoang nakong ea litšoantšiso. Ba bona kamoo lintho tse behoang sethaleng li etsoang ka litšenyehelo tse tlaase empa ho hlokomeloa hore sohle se etsoa ka hohle kamoo ho hlokahalang kateng. Ba ile ba bona kamoo ’mino o sebelisoang kateng ho etsa hore batho ba ikutloe ba le sebakeng seo ketsahalo eo ba e shebeletseng e etsahalang ho sona. Ho tloha ka 1990 Mokhatlo o entse livideo tse leshome ka lipuo tse 41, ’me li phahamisa lihlooho tse sa tšoaneng tsa Bibele, ho ekelletsa livideong tse ling tsa ba sebelisang Puo ea Matsoho ea Amerika.
Ba bangata ba neng ba nkile leeto la ho bona sebaka ba ile ba ea Sebakeng sa ho Hlatsoa Lifilimi, Lefapheng la Litšoantšo, Lefapheng la Boitsebiso le koetlisetsang batho ho sebelisa lik’homphieutha le ho thusa ba li sebelisang, Lefapha la Tšebeletso le hlokometseng mosebetsi oa liphutheho tse 11 242 le oa balebeli ba tsamaeang ba 572 le la Ngollano, moo ho sebetsanoang le lipotso litabeng tse fapa-fapaneng tse ka bang 14 000 selemo ka seng. Ba ile ba khahloa ke phuputso e etsoang ha ho ngoloa mangolo a romeloang ka ntle le kameho ea sebele e bontšoang ka bao lipotso tsa bona li fanang ka bopaki ba hore ba leka ho sebetsana ka katleho le mathata a tebileng.
Ba nkileng leeto la ho bona sebaka ba ne ba phallela Lefapheng la Phetolelo ba sa khaotse. Ba ile ba makala ha ba hlokomela hore lilemong tse hlano tse fetileng, lipuo tse ling tse 102 li ile tsa ekelletsoa palong ea lipuo tseo Mokhatlo o fanang ka lingoliloeng tsa Bibele ka tsona. Lefatšeng ka bophara, hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea Lipaki tsa Jehova e bala lingoliloeng tsa Mokhatlo ka lipuo tse ling ntle ho Senyesemane. Bakeng sa ho finyella litlhoko tsa tsona, ho na le baithaopi ba fetang 1 700 ba sebetsanang le phetolelo linaheng tse 100. Lipontšuoa li ne li bontša Molula-Qhooa ka lipuo tsa Linaha tsa Amerika, Europe, Asia le Afrika. Baeti ba ne ba ka bona Bibele ea New World Translation ka lipuo tse 31 tseo e hatisitsoeng ka tsona. Ba ile ba hlokomela hore hona joale lingoliloeng tsa Watch Tower li fumaneha ka lipuo tse 332 le hore bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? e hatisitsoe ka tse 219 ho tsona.
Baeti ba neng ba e-ea Lefapheng la Molao ba ne ba bontšoa mesebetsi e sa tšoaneng e hlokang tlhokomelo ea molao lefatšeng lohle. Ba ile ba bona ka video nyeoe ea sebele eo ho eona ’muelli oa molao oa Paki a neng a beha mabaka nyeoeng e amanang le tšelo ea mali. Hape ba ile ba hlokomela se etsoang ho boloka tsela ea ho bolela litaba tse molemo e bulehile. (Bafilippi 1:7) Ho ile ha lebisoa tlhokomelo qetong ea March selemong sena, e ileng ea etsoa ke lekhotla la setereke le leholo, e laelang toropo ea Oradell, New Jersey, U.S.A., ho fetola melao ea eona e le hore ho se ke ha hlokahala hore Lipaki tsa Jehova tse batlang ho kopanela tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa ea ntlo le ntlo sebakeng seo li be le mangolo a tumello le libeche.
Ho hang sena e ne e se sohle seo baeti ba ileng ba se bona. Ba ile ba sheba lipontšuoa tsa kaho Mohahong oo ho Sebetsanoang le Konkereiti ho oona, ’me ba nka leeto la ho bona mehaho ea Polao ea Lipeō tsa Mafu Metsing a Litšila, Ntlo ea Motlakase, Mohaho oa Tlhoekiso ea Metsi, ’me har’a libaka tse ling e ne e le tse ngata tsa ho lokisa lintho. E ne e le monyetla o ikhethang bophelong.
Lenaneo la Nehelo le Hatisa Thuto ea Bomolimo
Lenaneo la sebele la nehelo le ile la tšoaroa ka Laboraro, la 19 May, ho tloha ka 4:00 motšehare oa mantsiboea. Letšoele le thabileng la batho ba 6 929 le ne le akarelletsa basebetsi ba ntlo-khōlō, baeti ba Mokhatlo le ba 372 ba bokaneng lekaleng la Canada, le neng le hokeletsoe ka mehala.
Ka sebele bamameli ba ile ba thabela ho utloa mantsoe a thobang pelo a kamohelo a Milton G. Henschel, e leng mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. Ka mor’a moo, Theodore Jaracz, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang le eo e neng e le molula-setulo oa ketsahalo ena, o ile a fana ka sebaka ho William Malenfant. Ha a fana ka “Lintlha tse Khōlō tsa Lenaneo la Kaho,” o ile a buisana ka lipotso le barab’abo rōna ba bararo ba bileng le karolo ea bohlokoa ntlafatsong, ho etseng lipolane le kahong ea Setsi sa Thuto sa Watchtower. Nakong ea lipuisano tsena, ho ile ha bontšoa hore lilemong tsa mosebetsi oa kaho, basebetsi ba nakoana ba fetang 8 700 ba ne ba itlisitse ka litšenyehelo tsa bona mosebetsing ona. Ke bopaki bo botle hakaakang ba bonngoe le ho fana ka seatla se bulehileng tse teng ka lebaka la thuto ea bomolimo!
Ho ile ha latela puo ea neheletsano e nang le sehlooho se reng “Thuto ea Bomolimo Lefatšeng Lohle.” E ile ea nehelanoa ke litho tse ’nè tsa Sehlopha se Busang. John E. Barr o ile a hatisa hore thuto ea bomolimo e thehiloe Lentsoeng la Molimo Bibele, e khothalletsang Bakreste ho “tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo le ho hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.’’ (Bakolose 1:10) Daniel Sydlik o ile a tšohla kamoo thuto ea bomolimo e hlophisitsoeng kateng ka tsela ea puso ea Molimo ho tloha ho hlooho ea phutheho ea Bokreste, Jesu Kreste, ho theosa ho fihlela ho setho se seng le se seng sa mokhatlo oa bara ba motho lefatšeng ka bophara. (1 Bakorinthe 12:12-27) Likarolo tse peli tsa ho qetela tsa neheletsano ena, tse ileng tsa nehelanoa ke Gerrit Lösch le Carey Barber, li ile tsa bontša kamoo thuto ea bomolimo e etsang hore basebeletsi ba tšoanelehele ho finyella batho libakeng tsohle le ho ba ruta e le hore le bona ba ka tsamaea ka tsela ea Molimo.—Esaia 2:1-4; 2 Bakorinthe 3:5.
Ho etsa hore bamameli ba tsebe likolo tse sa tšoaneng tse tšoareloang setsing sena sa thuto, ho ile ha buisanoa ka lipotso le barupeli hammoho le ba bang ba amehang tsamaisong ea tsona. Ho ile ha bontšoa karolo ea sekolo ka seng ho ntšetseng pele lenaneo la thuto lefatšeng lohle. Ho ile ha bontšoa hore Sekolo sa Gileade se lebisa tlhokomelo ho ithuteng buka ka ’ngoe ea Bibele, historing ea kajeno ea batho ba Jehova, le ho itokisetseng tšebeletso ea boromuoa. Sekolo sa makala ke thuto e pharaletseng ka ho hlollang ea likarolo tse ngata tsa mosebetsi o etsoang ke litho tsa Likomiti tsa Makala. Sekolo sa Balebeli ba Tsamaeang ha sea etsetsoa feela ho khotsofatsa litlhoko tsa balebeli ba tsamaeang empa se etselitsoe le ho ba hlomella hore ba fane ka thuso ea moea e tla ruisa liphutheho molemo ka ho khethehileng.
Ho phetha lenaneo lena le letle, Lloyd Barry oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea nehelo sehloohong se reng “Ho Haha le ’Mōpi oa Rōna e Moholo.” O ile a bontša hore ’Mōpi, Jehova, o thabela pōpo eohle ea hae ’me o re memela ho thaba le eena. (Esaia 65:18) Kaha “ea hahileng lintho tsohle ke Molimo,” tlotla e fetisisang e ea ho Jehova Molimo bakeng sa kaho ena eohle. (Baheberu 3:4) Ha sebui se se se bontšitse mehopolo e joalo, se ile sa etsa thapelo e tlohang pelong, se nehela Setsi sa Thuto sa Watchtower ho Jehova, ’Mōpi oa rōna e Moholo.a
Ha ho pelaelo hore ba neng ba le teng ho ketekeng hona ha beke eohle ba tla hopola sena ka nako e telele. Ke hobane’ng ha u sa lokisetse ho etela Setsi sa Thuto sa Watchtower? Re kholisehile hore ho eta le ho nka leeto la ho bona sebaka ho tla u khothatsa ha u ntse u leka ho ithuta ka ho eketsehileng ka ’Mōpi oa rōna ea lerato le ho phela ka litekanyetso tsa hae tse lokileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mor’abo rōna Barry o qetile tsela ea hae ea bophelo lefatšeng ka botšepehi ka la 2 July, 1999. Bona Molula-Qhooa oa October 1, 1999, leqepheng la 16.
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Holo e tletseng tsoete! le bamameli ba fokolelitsoeng ka holong ea ho jela
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Maeto a ho bona sebaka e ne e le tšobotsi e thabisang ka ho khethehileng