Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/99 leq. 1
  • Re Rutoa ke Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Rutoa ke Jehova
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Likolo Tsa Puso ea Molimo—Bopaki ba Hore Jehova oa re Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lipaki Tsa Jehova li Koetlisoa Joang Bakeng sa Tšebeletso ea Tsona?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Sekolo sa Tšebeletso sa ’muso se Fana ka Thuto ea Bomolimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 6/99 leq. 1

Re Rutoa ke Jehova

1 Tlas’a tataiso ea bomolimo hona joale, lenaneo la thuto la machaba le sebetsa linaheng tse 233. Ha ho letho leo lefatše lena le ka fanang ka lona le ka bapisoang le lona. Morupeli oa rōna e Moholo, Jehova, o re ruta hore re ithuele molemo hona joale joalokaha a boetse a re rutela bophelo bo sa feleng.—Esa. 30:20; 48:17.

2 Likolo Tsa Thuto ea Bomolimo: Nahana ka likolo tse ntseng li tsoela pele molemong oa batho ba Jehova hona joale. Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, se khannoang beke le beke liphuthehong tse ka bang 87 000, se koetlisa bahoeletsi ba ’Muso ba limilione hore e be basebeletsi ba atlehang ba litaba tse molemo. Na u se u ngolisitse ho sona? Na u har’a ba likete ba bileng teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bo-pula-maliboho sa libeke tse peli? Mohlomong lihora tse fokolitsoeng tse hlokahalang bakeng sa bo-pula-maliboho ba kamehla li tla nolofalletsa ba eketsehileng ho bula maliboho le ho tšoanelehela ho ba teng sekolong sena. Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi sa likhoeli tse peli, seo hona joale se khannoang ka lipuo tse khōlō ho pota lefatše, se hlomella baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha hore ba nke boikarabelo bo boholoanyane ba puso ea Molimo. Nako le nako, baholo bohle le bahlanka ba sebeletsang ba fumana thupelo e khethehileng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso.

3 Mehaho ea Setsi sa Thuto sa Watchtower se Patterson, New York, e sebelisetsoa likolo tse khethehileng tse tharo, tse fanang ka koetliso e tsoetseng pele ea puso ea Molimo. Thupelo ea likhoeli tse hlano ea Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, e lokisa basebeletsi bakeng sa mosebetsi oa boromuoa tšimong ea linaha lisele. Litho tsa Likomiti tsa Makala tse tsoang lefatšeng lohle li ba le thupelo ea likhoeli tse peli e mabapi le tlhophiso ea makala. Ka May 1999 thupelo e ncha ea likhoeli tse peli bakeng sa balebeli ba tsamaeang e ile ea qala ka sehlopha sa liithuti tse 48 tse tsoang United States le Canada. Qetellong bahlanka bohle ba Jehova ba rua molemo koetlisong eo Jehova a fanang ka eona ka likolo tsena tse sa tšoaneng.

4 Ba Ruteloa Morero Ofe? Setho se seng sa Sehlopha se Busang se ile sa re: “Lenaneo la rōna la thuto la hona joale le reretsoe ho tlisa batho bohle ba Jehova ba hohle boemong bo botle ba ho hōla tsebong, bo hlalositsoeng ho Liproverbia 1:1-4.” E se eka Jehova a ka tsoela pele ho fa e mong le e mong oa rōna “leleme la ba rutehileng.”—Esa. 50:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela