Litsela Tsa ho Atolosa Tšebeletso ea Hao
1 Lilemong tse fetang 40 tse fetileng, sehlooho se reng “Na U Etsa Sohle se Matleng a Hao?” se ile sa hlaha ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa January 15, 1955. Ka lerato se ile sa totobatsa kamoo ho ka bang bonolo kateng hore batho ba Jehova ba ntlafatse boiteko ba bona ba botho tšebeletsong e le hore ba ka eketsa tšebetso ea bona ea ’Muso. Keletso eo e molemo e boetse ea sebetsa le kajeno, ha re ntse re tsoela pele ho ntlafatsa ho sohle seo re ka se khonang.
2 Tšebeletso eohle ea rōna e lokela ho susumetsoa ke taelo e khōlōhali ho tsohle: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mar. 12:30) Re bontša lerato la rōna le feletseng ho Jehova ka hore re sebelise menyetla e teng ka botlalo hore re ntšetse pele mosebetsi oa hae oa ’Muso. Nahana ka litsela tse latelang tseo u ka atolosang tšebeletso ea hao ka tsona.
3 Jara Boikarabelo ba Hao: Barab’abo rōna ba inehetseng ba ka loanela ho tšoaneleha e le bahlanka ba sebeletsang ebe ka mor’a moo ba tsoela pele ho hahamalla ho sebeletsa e le baholo. Lihlooho tse reng, “Na U Hahamalla Litokelo?” le “Na Ua Tšoaneleha Bakeng sa ho Sebeletsa?” tsa Molula-Qhooa oa September 1, 1990, li susumelitse barab’abo rōna ba bangata hore ba itlhahise bakeng sa boikarabelo ka phuthehong. Botsa baholo ba sebakeng sa heno bakeng sa litlhahiso tse tobileng mabapi le hore na u ka hahamalla litokelo le ho tšoaneleha joang.
4 Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha ba memeloa ho nahana ka ho teba ka ho etsa kōpo bakeng sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. U ka itloaetsa sekolo sena ka ho bala litšupiso tse tlas’a “Ministerial Training School” ho Watch Tower Publications Indexes tsa 1986-1995, 1996 le 1997. Na u bona ‘monyako oo o moholo oa tšebetso’ o u bulehetseng? (1 Bakor. 16:9a) Barab’abo rōna ba bangata ba tsoileng ka oona le ka mohla ba ne ba e-s’o ka ba ba le pono e hlakileng ka litokelo tsohle tsa tšebeletso ka mor’a hore ba fumane mangolo. Kajeno ba thabela ho sebeletsa Bethele, kapa tšimong e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa kapa balebeli ba potoloho.
5 Hahamalla Tšebeletso ea Nako e Tletseng: Bacha ba qetang sekolong se phahameng, basali ba malapa le batho leha e le bafe ba tlohetseng mosebetsi ka lebala la lilemo ba lokela ho nahana ka ho teba ka ho bula maliboho. Hlahloba kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 1998, ebe u bua le bo-pula-maliboho bao maemo a bona a neng a tšoana le a hao bophelong. Mohlomong u tla susumelletseha ho atolosa tšebeletso ea hao ka ho bula maliboho, joalokaha ba etsa. (1 Bakor. 11:1) Ho tla u hloka eng hore u atolosetse tšebeletso ea hao lihoreng tse 70 ka khoeli ’me kahoo u sebeletse u le pula-maliboho oa kamehla?
6 Hona joale bara le barali babo rōna ba fetang 17 000 ba sebeletsa liofising tsa makala le mahaeng a Bethele lefatšeng lohle. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1995 e tšohla se hlokahalang mabapi le ho etsa kōpo ea tšebeletso e joalo. Ke hobane’ng ha u sa bale kenyelletso eo ’me u bone hore na ha u e mong oa ba ka ’nang ba tšoaneleha bakeng sa tokelo ee e ikhethang ea tšebeletso ea Bethele?
7 Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane: Na u lula moo tšimo e sebetsoang khafetsa kapa moo ho nang le barab’abo rōna ba bangata ba arolelanang mojaro oo? Na u se u kile ua nahana ka ho atolosa tšebeletso ea hao ka ho fallela moo tlhokahalo e leng khōloanyane? Mohlomong u ka fallela sebakeng se haufi sa mahaeng moo basebetsi ba eketsehileng ba hlokahalang teng. (Mat. 9:37, 38) Sena ha sea lokela ho etsoa ka potlako. Se lokela ho nahanisisoa ka thapelo. (Luka 14:28-30) Buisana le baholo le molebeli oa potoloho ka boemo ba hao. Ba tla buisana le uena ka hore na e tla be e le bohlale ho nka bohato bo joalo ba ho falla hona joale kapa ho itokiselletsa ho etsa joalo nakong e tlang. Haeba u lakatsa ho ngolla Mokhatlo bakeng sa tlhahiso ea hore na u ka fallela hokae, lengolo le saennoeng ke Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho ea heno le lokela ho tsamaea le lengolo la hao.
8 Ntlafatsa Boleng ba Tšebeletso ea Hao: Ho ka etsahala hore kaofela ha rōna re kopanele haholoanyane tšebeletsong ka ho ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea rōna ea tšimo. Na ua ameha litšobotsing tsohle tsa mosebetsi oo, ho akarelletsa ho ea ka ntlo le ntlo le bopaki bo sa reroang hammoho le maeto a ho boela le mosebetsi oa thuto ea Bibele? Haeba u khanna thuto, na u ka ntlafatsa tsebo ea hao ea ho ruta? Ho ka ba molemo ho hlahloba kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996 bakeng sa litlhahiso tseo u ka li sebelisang ho susumelletsa liithuti tsa hao boinehelong le kolobetsong.
9 Puisano e batlang e le batsi ea litsela tsa ho atolosa le ho ntlafatsa tšebeletso ea rōna e fumanoa khaolong ea 9 ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna. Ka sebele kaofela ha rōna re lokela ho lakatsa ho etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea Molimo. Ke hobane’ng ha u sa nahane ka ho teba ka lipakane tsa hao tsa moea? Etsa joalokaha 1 Timothea 4:15 e khothalletsa: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”