Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Thusa Batho ba Mefuta Eohle Netherlands
ABRAHAMA e ne e le monna ea nang le tumelo e ikhethang. Moapostola Pauluse o itse: “Ha a bitsoa,” Abrahama o ile a mamela lentsoe la Molimo ’me “a tsoa, le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a e-ea teng.” Ka mor’a ho falla le lelapa lohle la hae, Abrahama o ile a “lula e le mojaki naheng ea tšepiso” ka lilemo tse lekholo tseo a neng a sa ntse a tla li phela.—Baheberu 11:8, 9.
Ka ho tšoanang kajeno, Lipaki tsa Jehova tse ngata li amohetse phephetso ea ho fallela naheng e ’ngoe e le hore li sebeletse moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Tse ling li ithutile puo e ’ngoe e le hore li ka fana ka bopaki ho batho ba linaha tse ling ba falletseng naheng ea tsona. Joalokaha mehlala e latelang e bontša, moea ona o motle o butse “monyako o moholo o isang tšebetsong” Netherlands, moo batho ba milione, ho batho ba teng ba limilione li 15, ba tsoang linaheng tse ling.—1 Bakorinthe 16:9.
◻ Bahram, eo pele e neng e le morupeli oa mokhoa oa ho itšireletsa ntle ho libetsa oa Kung Fu, o ne a tsoa naheng e ’ngoe ea Bochabela bo Hare. O ile a fumana Bibele le lingoliloeng tse ling tsa Watch Tower. Pele khoeli e feela, Bahram o ile a elelloa hore o fumane ’nete. Ho ile ha qalisoa thuto le eena le mosali oa hae, empa ho ne ho e-na le bothata—motho ea neng a ba ruta Bibele o ne a sa bue puo ea bona. Seo ba se hopolang ke hore ba ne ba buisana “ka matsoho le maoto.” Ha nako e ntse e feta, Bahram le mosali oa hae ba ile ba khona ho fumana phutheho ea puo ea bona, ’me ka mor’a moo ba ile ba tsoela pele ka potlako. Hona joale Bahram ke Paki e kolobelitsoeng.
◻ Banyalani ba bang ba Madache bao e leng bo-pula-maliboho ba ile ba atamela monna oa Moindonesia ea neng a eme ka pel’a suphamakete. O ile a hlolloa ha banyalani bana ba bua le eena ka puo ea hae. Joale ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho mo etela ha hae. Ho ile ha fumanoa hore o ne a ile a lula Russia ka lilemo tse fetang 20, ’me nakong eo e ile ea e-ba ngaka ea mafu a basali. O ne a re ha a lumele hore Molimo o teng, empa o ile a lumela hore lekhetlo ka leng leo ka lona a neng a pepisa mosali, o ne a tlameha ho tsota, “’Mele oa motho o phethahetse hakaakang! Ke mohlolo o mokaakang!” O ile a lumela ho ithuta Bibele ’me kapele a lumela hore ho na le ’Mōpi ea tsotellang moloko oa batho. (1 Petrose 5:6, 7) Hona joale ke mor’abo rōna ea kolobelitsoeng ’me o kopanela phuthehong ea Seindonesia e Amsterdam.
◻ Rotterdam, e leng bo bong ba boema-kepe bo boholo ka ho fetisisa lefatšeng, sehlopha sa bo-pula-maliboho se tsoetse pele tsebong ea ho pakela lihlopha tsa lipuo tse sa tšoaneng tse tlang boema-kepeng bona letsatsi le letsatsi. Ka lebaka la mosebetsi oa sehlopha sena sa baboleli ba chesehang, banna ba ’maloa ba sesisang likepe, ho akarelletsa le mokhanni oa likepe, molaoli oa likepe, le eo pele e neng e le molebeli, ba amohetse ’nete. Hona joale le bona ba thusa ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara.—Matheu 24:14.
Joaloka likarolong tse ling tsa lefatše, Lipaki tsa Jehova tsa Netherlands li ikemiselitse ho phetha karolo ea tsona ho boleleng litaba tse molemo tse sa feleng sechabeng se seng le se seng, molokong o mong le o mong, lelemeng le leng le le leng le sehlopheng se seng le se seng sa batho.—Tšenolo 14:6.