Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Nosetsa Peō ea ’Nete Chile
LEHOATATENG le ka leboea Chile, ho ka feta lilemo tse ngata pele pula e na. Empa mohla e nang, libaka tse omeletseng, tse tletseng majoe li fetoha phate ea sebele ea lipalesa tse mebala-bala. Ponahalo ena e hlollang e hohela bahahlauli ba tsoang hohle ka har’a naha.
Leha ho le joalo, ho na le ketsahalo e ’ngoe e thahasellisang haholoanyane har’a batho ba Chile. Metsi a ’nete ea Bibele a phallela likarolong tsohle tsa naha, ’me batho ba bangata ba tšepahalang ba ‘fetoha’ barutuoa ba Jesu Kreste. Mokhoa o mong o sebelisoang ho hasa metsi ana a ’nete ke thelefono. Liphihlelo tse latelang li bontša liphello tse ntle tse finyelloang ka mokhoa ona oa ho paka.
• ’Moleli e mong oa evangeli oa nako e tletseng ea bitsoang Karina o ile a kōptjoa hore a etse pontšo ea ho paka ka thelefono lenaneong la kopano ea potoloho. Leha ho le joalo, ho ne ho se mohla Karina a kileng a kopanela tšobotsing e joalo ea mosebetsi oa ho paka. E le ho mo khothalletsa ho ba le karolo lenaneong la kopano, moholo e mong hammoho le mosali oa hae ba ile ba hlahloba lintlha tse ling tsa ho paka ka thelefono hammoho le Karina. Ba ile ba boela ba mo khothalletsa ho rapela Jehova bakeng sa tataiso tabeng ena. O ile a etsa joalo ’me qetellong a ikemisetsa ho leka ho letsetsa motho e mong.
Karina o ile a khetha nomoro ea thelefono ea motseng o haufi. Fono e ile ea arabeloa ke molaoli oa lithelefono, ’me Karina o ile a hlalosa sepheo seo a letsitseng ka sona. Molaoli enoa oa lithelefono o ile a bontša thahasello, ’me ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho buisana hape ka mor’a matsatsi a mararo. Leeto la ho boela le ileng la etsoa ka thelefono le ile la fella ka thuto ea Bibele, ho sebelisoa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ho tloha moo, ba ’nile ba thabela ho tšoara thuto e thahasellisang le e hlasimollang, ’me Karina o ’nile a romela lingoliloeng bakeng sa ho arabela lipotso tsa mosali eo.
• Bernarda eena o ile a nka bohato ba pele ho pakela monna e mong ea neng a mo founetse ka phoso. Ho e-na le ho bontša ho teneha, Bernarda o ile a itsebahatsa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me a ithaopela ho fana ka thuso. Puisano e ile ea qalisa, ’me monna eo o ile a mamela ha Bernarda a hlalosa kamoo ’Muso oa Molimo o tlang ho felisa ho hloka toka kateng haufinyane. Monna eo o ile a fana ka nomoro ea hae ea thelefono, ’me Bernarda o ile a etsa maeto a ho boela ka thelefono. Har’a e ’ngoe ea lipuisano tsa bona, Bernarda o ile a mo balla karolo ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Monna eo o ile a botsa hore na a ka fumana kopi joang, ’me Bernarda o ile a mo romella eona hammoho le Bibele. Ho ile ha etsoa tokisetso ea hore monna eo a eteloe ke mor’abo rōna oa sebakeng seo ea ntseng a tsoela pele ho “nosetsa semela” sena se ntseng se hōla.
E, har’a mobu o omeletseng haholo oa moea oa lefatše lena, peō e patehileng e emetse ho mela ha e fumana metsi a fanang ka bophelo a ’nete. Ba likete ba nyoriloeng ba tsoela pele ho ‘mela’ le ho ‘fetoha’ bahlanka ba Jehova Molimo ba tšepahalang.—Esaia 44:3, 4.