Khema le Mokhatlo oa Jehova
“E se eka Molimo oa khotso . . . a ka le hlomella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo hore le etse thato ea hae.”—BAHEBERU 13:20, 21.
1. Baahi ba lefatše ba bakae, ’me ke ba bakae bao e leng litho tsa malumeli a itseng?
SELEMONG sa 1999, palo ea baahi ba lefatše e ile ea fihla ho limilione tse likete li tšeletseng! The World Almanac e bontša hore palong ena, Mamosleme a 1 165 000 000; Maroma a K’hatholike a 1 030 000 000; Mahindu a 762 000 000; Mabuddha a 354 000 000; Maprostanta a 316 000 000; ’me Maorthodox a 214 000 000.
2. Ho ka thoe’ng ka boemo ba bolumeli kajeno?
2 Ka lebaka la karohano le pherekano ea bolumeli e teng kajeno, na ho ka etsahala hore ebe limilione tsee kaofela li etsa lintho tumellanong le thato ea Molimo? Che, hobane “Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso.” (1 Bakorinthe 14:33) Ka lehlakoreng le leng, ho thoe’ng ka mokhatlo oa machaba oa bara ba motho oa bahlanka ba Jehova? (1 Petrose 2:17) Lipatlisiso tse etsoang ka hloko li bontša hore ‘Molimo oa khotso o ba hlomella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo.’—Baheberu 13:20, 21.
3. Ke’ng se ileng sa etsahala Jerusalema ka Pentekonta ea 33 C.E., hona hobane’ng?
3 Ka sebele, palo ea ba kopanelang le Lipaki tsa Jehova hase motheo oa ho lekanyetsa hore na li amoheloa ke Molimo kapa che; ebile Molimo ha a khahlisoe ke lipalo tse khōlō. Ha aa ka a khetha Baiseraele hobane ba ne ba le “bangata ho feta lichaba tsohle.” Ha e le hantle, ba ne ba le “banyenyane har’a lichaba tsohle.” (Deuteronoma 7:7) Empa kaha Baiseraele ha baa ka ba tšepahala, ka Pentekonta ea 33 C.E., Jehova o ile a fetisetsa mohau oa hae phuthehong e ncha e neng e entsoe ka balateli ba Jesu Kreste. Ba ne ba tlotsitsoe ka moea o halalelang oa Jehova ’me ka cheseho ba tsoela pele ho bolella ba bang ’nete ka Molimo le Kreste.—Liketso 2:41, 42.
Ho Hatela Pele ka ho sa Khaotseng
4. Ke hobane’ng ha u ka bolela hore phutheho ea pele ea Bakreste e ne e sa khaotse ho hatela pele?
4 Lekholong la pele la lilemo, phutheho ea Bokreste e ne e hatela pele e sa khaotse, e bula masimo a macha, e etsa barutuoa ebile e utloisisa merero ea Molimo haholoanyane. Bakreste ba pele ba ne ba khema le leseli la moea leo mangolo a bululetsoeng a fanang ka lona. Ka lebaka la ho susumetsoa ke maeto a baapostola le a ba bang, ba ile ba finyella tšebeletso ea bona. Sena se pakoa hamolemo ka Mangolong a Segerike a Bakreste.—Liketso 10:21, 22; 13:46, 47; 2 Timothea 1:13; 4:5; Baheberu 6:1-3; 2 Petrose 3:17, 18.
5. Ke hobane’ng ha mokhatlo oa Molimo o tsoela pele kajeno, hona ke hobane’ng ha re lokela ho khema le oona?
5 Joaloka Bakreste ba pele, Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li tsoetse pele ho tloha qalong e nyenyane. (Zakaria 4:8-10) Ho tloha qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, ho bile le bopaki bo hlakileng ba hore moea oa Molimo o mokhatlong oa hae. Kaha ha rea ka ra itšetleha ka matla a motho, empa re ile ra itšetleha ka tataiso ea moea o halalelang, re ’nile ra tsoela pele ho utloisisa Mangolo le ho etsa thato ea Molimo. (Zakaria 4:6) Hona joale kaha re phela “matsatsing a ho qetela,” ke habohlokoa hore re kheme le mokhatlo oa Jehova o tsoelang pele. (2 Timothea 3:1-5) Ho etsa joalo ho re nolofalletsa ho boloka tšepo ea rōna e phela le ho kopanela ho faneng ka bopaki ka ’Muso oa Molimo o hlomiloeng pele bofelo bo tlela tsamaiso ena ea lintho.—Matheu 24:3-14.
6, 7. Re tla hlahloba libaka life tse tharo tseo ho tsona mokhatlo oa Jehova o hatetseng pele?
6 Har’a rōna ho na le ba qalileng ho kopanela le mokhatlo oa Jehova ka bo-1920, bo-1930 le bo-1940. Lilemong tseo tsa pele, ke mang har’a rōna ea neng a ka nahana hore ho tla ba le khōlo ee e hlollang le tsoelo-pele e sa khaotseng mokhatlong ho fihlela kajeno? Nahana ka liketsahalo tsa bohlokoa tse finyeletsoeng historing ea rōna ea kajeno! Ka sebele ho nahana ka seo Jehova a se finyeletseng ka batho ba hae ba hlophisitsoeng ka tsela ea puso ea Molimo, ho tlisa meputso ea moea.
7 Davida oa boholo-holo o ne a amehile haholo ha a ne a nahana ka mesebetsi e hlollang ea Jehova. O ile a re: “Ha ke ne nka batla ho e bolela le ho bua ka eona, e mengata ho feta kamoo nka e phetang.” (Pesaleme ea 40:5) Re na le bofokoli bo tšoanang, kaha re sitoa ho pheta liketso tsa Jehova tse ngata tse khōlō le tse babatsehang mehleng ea rōna. Leha ho le joalo, a re nahaneng ka libaka tse tharo tseo ho tsona mokhatlo oa Jehova o hatetseng pele: (1) leseli la moea le tsoelang pele ho khanya, (2) tšebeletso e ntlafetseng le e atolohileng le (3) liphetoho tse nakong tsamaisong ea mokhatlo.
Ho Ananela Leseli la Moea
8. Tumellanong le Liproverbia 4:18, leseli la moea le re nolofalelitse ho lemoha eng mabapi le ’Muso?
8 Mabapi le leseli la moea le tsoelang pele ho khanya, Liproverbia 4:18 e bua ’nete. E re: “Tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.” Re leboha hakaakang ka leseli la moea le tsoelang pele ho khanya leo re le fumaneng! Kopanong ea Cedar Point, Ohio, ka 1919, ’Muso oa Molimo e ne e le oona ntlha e ka sehloohong. Jehova o sebelisa ’Muso ho halaletsa lebitso la hae le ho tlosa qoso bobusing ba hae. Ha e le hantle, leseli la moea le re nolofalelitse ho lemoha hore ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo, Bibele e tiisa bonnete ba hore morero oa Jehova ke hore a halaletse lebitso la hae ka ’Muso oo Mora oa hae a busang ho oona. Tšepo e hlollang ea barati bohle ba ho loka e hona moo.—Matheu 12:18, 21.
9, 10. Ka bo-1920, ho ile ha ithutoa eng mabapi le ’Muso le mekhatlo e ’meli e hanyetsanang, ’me see se bile molemo ka tsela efe?
9 Kopanong ea Cedar Point ka 1922, sebui se neng se le ka sehloohong, e leng J. F. Rutherford, se ile sa khothalletsa batho ba Molimo hore ‘ba phatlalatse, ba phatlalatse, ba phatlalatse Morena le ’muso oa hae.’ Sehloohong se reng “Ho Tsoaloa ha Sechaba,” se hatisitsoeng ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, 1925, ho ile ha lebisoa tlhokomelo kutloisisong ea moea ea boprofeta bo neng bo boletse esale pele ka ho thehoa ha ’Muso oa Molimo ka 1914. Ho ile ha boela ha lemohuoa ka bo-1920 hore ho na le mekhatlo e ’meli e hanyetsanang—oa Jehova le oa Satane. Ntoa e tsoela pele lipakeng tsa eona, ’me re tla ba ka lehlakoreng le hlōlang hafeela re khema le mokhatlo oa Jehova.
10 Leseli la moea le joalo le re thusitse joang? Kaha ’Muso oa Molimo le oa Morena Jesu Kreste hase karolo ea lefatše, le rōna ha rea lokela ho ba karolo ea lona. Ka ho se kheme le lefatše, re bontša hore re ka lehlakoreng la ’nete. (Johanne 17:16; 18:37) Ha re hlokomela mathata a rarahaneng a hlaselang tsamaiso ena e khopo, re leboha hakaakang hore ebe ha re karolo ea mokhatlo oa Satane! ’Me re fuoe tokelo e kaakang ha re sirelelitsoe moeeng ka har’a mokhatlo oa Jehova!
11. Batho ba Molimo ba ile qala ho sebelisa lebitso lefe la Mangolo ka 1931?
11 Kopanong ea Columbus, Ohio ea 1931, Esaia 43:10-12 e ile ea sebelisoa ka tsela e loketseng. Liithuti tsa Bibele li ile tsa sebelisa lebitso le khethehileng la Lipaki tsa Jehova. Ho tsebahatsa lebitso la Molimo e le hore ba bang ba ka ipiletsa ho lona hore ba pholohe ke tokelo e hlollang hakaakang!—Pesaleme ea 83:18; Baroma 10:13.
12. Ho ile ha fanoa ka leseli lefe la moea mabapi le bongata bo boholo ka 1935?
12 Pele ho bo-1930, batho ba Molimo ba bangata ba ne ba batla ba sa tiiseha mabapi le tšepo ea bona ea hore na ba tla phela hokae ka moso. Ba bang ba ne ba e-na le mehopolo e itseng ka bophelo ba leholimo empa ba ne ba hoheloa ke lithuto tsa Bibele tse mabapi le lefatše la paradeise. Kopanong ea Washington D.C., ea 1935, e bile ho thabisang ho ithuta hore letšoele le leholo, kapa bongata bo boholo ba Tšenolo khaolo ea 7 ke sehlopha se nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. Ho tloha ka nako eo, ho bokelloa ha bongata bo boholo ho hatetse pele haholo. Na ha re lebohe hore ebe hase sephiri ho rōna hore na bongata bo boholo ke bo-mang? ’Nete ea hore ebe batho ba bokelloa ka bongata lichabeng tsohle, melokong eohle le malemeng ’ohle e re khothalletsa ho sebetsa ka mahlahahlaha ha re ntse re khema le mokhatlo oa Jehova.
13. Ke tseko efe e khōlō e ileng ea totobatsoa kopanong ea St. Louis ka 1941?
13 Tseko e khōlō e lokelang ho ama batho e ile ea totobatsoa kopanong ea St. Louis, Missouri ka 1941. Ke tseko ea puso kapa ea bobusi ba bokahohleng. Ena ke tseko e lokelang ho rarolloa kapele, ’me letsatsi le leholo le le tšabehang leo seo se tla etsoa ka lona, le tla ka potlako! Tseko e ’ngoe e ileng ea phahamisoa ka 1941 e ne e le e amanang le eo, e leng ea botšepehi, e re lumellang ho bontša moo ka bomong re emeng teng mabapi le bobusi ba Molimo.
14. Kopanong ea machaba ka 1950, ho ile ha ithutoa eng ka likhosana tse boletsoeng ho Esaia 32:1, 2?
14 Kopanong ea machaba ea New York City ea 1950, likhosana tsa Esaia 32:1, 2 li ile tsa tsebahatsoa ka ho nepahetseng. E bile nako ea ho hlasimoloha ho hoholo ha Mor’abo rōna Frederick Franz a ne a bua ka taba ena ’me a hlalosa hore likhosana tsa lefatše le lecha li teng har’a rōna. Kopanong eo le tse ling tse latelang, ho bile le mahlaseli a mangata a leseli la moea. (Pesaleme ea 97:11) Re leboha hakaakang hore ebe tsela ea rōna “e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng”!
Ho Hatela Pele Tšebeletsong ea Rōna
15, 16. (a) Re ile ra hatela pele joang tšebeletsong ea rōna ka bo-1920 le bo-1930? (b) Ke lingoliloeng life tse entseng hore tšebeletso ea Bokreste e tsoele pele ka matla mashomeng a lilemo a morao tjee?
15 Tsela ea bobeli eo mokhatlo oa Jehova o hatetseng pele ka eona e amana le mosebetsi oa rōna o ka sehloohong—ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Matheu 28:19, 20; Mareka 13:10) Ho finyella mosebetsi ona, mokhatlo o ’nile oa hatisa bohlokoa ba hore re atolose tšebeletso ea rōna. Ka 1922 Bakreste bohle ba ile ba khothalletsoa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela. Ho ne ho le ho motho ka mong ho etsa hore leseli la hae le khanye, ka tsela eo, a be le karolo ho emeleng ’nete. (Matheu 5:14-16) Ka 1927 ho ile ha nkoa mehato ea ho behella Sontaha ka thōko e le letsatsi la tšebeletso ea tšimo. Ho tloha ka February 1940, e ile ea e-ba ntho e tloaelehileng hore ho bonoe Lipaki libakeng tsa khoebo li aba Molula-Qhooa le Consolation (eo hona joale e leng Tsoha!).
16 Selemong sa 1937 ho ile ha lokolloa bukana ea Model Study, e hatisang molemo oa ho etsa maeto a ho boela e le hore ba bang ba ka rutoa ’nete ea Bibele. Lilemong tse latelang, mosebetsi oa thuto ea Bibele o ile oa hatisoa haholo. Tšobotsi ena ea tšebeletso e ile ea etsoa ka matla ha ho hatisoa buka ea “’Nete e be ea Molimo” ka 1946 le ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ka 1968. Hona joale, re sebelisa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ha boitsebiso boo bo ithutoa kaofela, ho raloa motheo o tiileng oa Mangolo oa ho etsa barutuoa.
Ho Ipapisa le Liphetoho Tsa Tsamaiso ea Mokhatlo
17. Tumellanong le Esaia 60:17, mokhatlo oa Jehova o ’nile oa hatela pele joang?
17 Tsela ea boraro eo mokhatlo oa Jehova o hatetseng pele ka eona e amana le liphetoho tsa tsamaiso ea mokhatlo. Ho latela Esaia 60:17, Jehova o tšepisitse a re: “Ke tla tlisa khauta ho e-na le koporo, ke tla tlisa silevera ho e-na le tšepe, ’me ke tla tlisa koporo, ho e-na le lehong, ke tlise tšepe, ho e-na le majoe; ke tla beha khotso hore e be balebeli ba hao le ho loka hore e be ba u abelang mosebetsi.” Tumellanong le boprofeta bona, ho ’nile ha nkoa mehato e itseng ho ntlafatsa tsamaiso ea mosebetsi ona oa ho bolela ka ’Muso le oa ho lisa mohlape.
18, 19. Ho ’nile ha e-ba le liphetoho life tsamaisong ea mokhatlo ho theosa le lilemo?
18 Ka 1919 ho ile ha khethoa motsamaisi oa tšebeletso phuthehong ka ’ngoe e neng e kōpa hore e hlophisetsoe tšebeletso ea tšimo. Sena se ile sa etsa hore tšebeletso ea rōna ea tšimo e tsoele pele ka matla. Ho khethoa ha baholo le badiakone ka ho vouta ho ile ha felisoa ka 1932, ’me ha bontša hore ho tloheloa mekhoa ea puso ea sechaba ka sechaba. Ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa e ile ea finyelloa ka 1938 ha bahlanka bohle ba ka phuthehong ba qala ho behoa tumellanong e khōloanyane le litokisetso tse neng li etselitsoe ho beha bahlanka ka tsela ea puso ea Molimo phuthehong ea pele ea Bokreste. (Liketso 14:23; 1 Timothea 4:14) Ka 1972 balebeli le bahlanka ba sebeletsang ba ile ba behoa hore ba sebeletse, joalokaha banna ba joalo ba ne ba sebeletsa har’a Bakreste ba pele. Bafilipi 1:1 le mangolo a mang a bontša hore ho e-na le hore monna a le mong feela a sebeletse e le molebeli oa phutheho, ba finyellang seo Mangolo a se hlokang ho balebeli ke sehlopha sa baholo.—Liketso 20:28; Baefese 4:11, 12.
19 Ka 1975 ho ile ha etsoa tokisetso ea likomiti tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova hore li tsamaise mesebetsi ea lefatše lohle ea mokhatlo oa Molimo. Ho ile ha behoa Likomiti tsa Makala hore li tsamaise mosebetsi masimong a tsona. Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha lebisoa tlhokomelo tabeng ea ho nolofatsa mosebetsi ntlo-khōlō le makaleng a Mokhatlo oa Watch Tower e le hore ho ka ‘nepisisoa lintho tsa bohlokoa haholo.’ (Bafilipi 1:9, 10) Boikarabelo bo mahetleng a balisa ba Kreste ba tlaasana bo akarelletsa ho etella pele mosebetsing oa ho bolela evangeli, ho ruta liphuthehong, le ho lisa mohlape oa Molimo ka tsela e loketseng.—1 Timothea 4:16; Baheberu 13:7, 17; 1 Petrose 5:2, 3.
Ho Etella Pele ha Jesu ka Mafolofolo
20. Ho khema le mokhatlo oa Jehova ho hloka hore re hlokomele eng ka boemo ba Jesu?
20 Ho khema le mokhatlo oa Jehova o tsoelang pele ho hloka hore re hlokomele karolo eo Molimo a e abetseng Jesu Kreste ea ho ba “hlooho ea phutheho.” (Baefese 5:22, 23) Re lokela hore re boele re hlokomele Esaia 55:4, moo re bolelloang sena: “Bonang! [’Na Jehova] ke fane ka eena e le paki ho lichaba, e le moeta-pele le molaoli oa lichaba.” Ka sebele Jesu o tseba ho etella pele. O tseba linku tsa hae le liketso tsa tsona. Ha e le hantle, ha a ne a hlahloba liphutheho tse supileng tsa Asia Minor, ka makhetlo a mahlano o ile a re: “Ke tseba liketso tsa hao.” (Tšenolo 2:2, 19; 3:1, 8, 15) Jesu o boetse o tseba seo re se hlokang, joalokaha Ntate oa hae, Jehova, a se tseba. Pele a bua ka Thapelo ea Mohlala, Jesu o ile a re: “Molimo Ntat’a lōna oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang.”—Matheu 6:8-13.
21. Boeta-pele ba Jesu bo bonahatsoa joang phuthehong ea Bokreste?
21 Boeta-pele ba Jesu bo bonahatsoa joang? Tsela e ’ngoe ke ea ho sebelisa balebeli ba Bakreste, “limpho tseo e leng banna.” (Baefese 4:8) Tšenolo 1:16 e bontša balebeli ba tlotsitsoeng ba le ka letsohong le letona la Kreste, ba le tlas’a taolo ea hae. Kajeno, Jesu o laola tokisetso ea baholo, ebang banna ba joalo ba na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng. Joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se tlang pele ho sena, ba behoa ke moea o halalelang tumellanong le seo Mangolo a se hlokang. (1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9) Lekholong la pele la lilemo, sehlopha sa banna ba baholo ba Jerusalema e ne e le litho tsa sehlopha se busang se neng se alosa liphutheho le mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ka kakaretso. Ho lateloa mohlala oona oo mokhatlong oa Jehova kajeno.
U se ke Ua Salla Morao!
22. Sehlopha se Busang se lokisetsa thuso efe?
22 Lithahasello tsa ’Muso lefatšeng li behiloe tlhokomelong ea “lekhoba le tšepahalang le le masene,” le emeloang ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. (Matheu 24:45-47) Sehlopha se Busang se amehile haholo ka ho lokisetsa liphutheho tsa Bokreste thuto ea moea le tataiso. (Liketso 6:1-6) Leha ho le joalo, ha likoluoa tsa tlhaho li hlahela barapeli-’moho le rōna, Sehlopha se Busang se kōpa mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao o le mong kapa e eketsehileng hore e lokisetse liphallelo le ho lokisa kapa ho tsosolosa mahae a senyehileng le Liholo tsa ’Muso. Haeba Bakreste ba itseng ba tšoaroa hampe kapa ba hlorisoa, ho nkoa mehato ea ho ba matlafatsa moeeng. Le “nakong e likhathatso,” ho lekoa ka hohle hore mosebetsi oa ho bolela o tsoele pele.—2 Timothea 4:1, 2.
23, 24. Ho sa tsotellehe se tlelang batho ba hae, Jehova ha a khaotse ho lokisetsa eng, ’me re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
23 Ho sa tsotellehe hore na batho ba hae ba hlaheloa ke eng, Jehova ha a khaotse ho lokisetsa lijo tsa moea le tataiso e hlokahalang. Molimo o boetse o fana ka temoho le kutloisiso ho barab’abo rōna ba ikarabellang e le hore ba ka lokisetsa tsoelo-pele le liphetoho tsamaisong ea mokhatlo oa puso ea Molimo. (Deuteronoma 34:9; Baefese 1:16, 17) Jehova ha a hlōlehe ho re fa seo re se hlokang hore re phethe thōmo ea rōna ea ho etsa barutuoa le ho phetha bosebeletsi ba rōna lefatšeng lohle.—2 Timothea 4:5.
24 Re kholisehile ka ho feletseng hore ha ho mohla Jehova a tla lahla batho ba hae ba tšepahalang; o tla ba lopolla ‘matšoenyehong a maholo’ a tlang. (Tšenolo 7:9-14; Pesaleme ea 94:14; 2 Petrose 2:9) Re na le mabaka ’ohle a ho etsa hore kholiseho eo re neng re e-na le eona qalong e lule e tiile ho fihlela qetellong. (Baheberu 3:14) Ka lebaka leo, a re ikemisetseng ho khema le mokhatlo oa Jehova.
U ka Araba Joang?
•Ke hobane’ng ha re ka bolela hore mokhatlo oa Jehova o hatela pele?
•Ho na le bopaki bofe ba hore batho ba Molimo ba thabela leseli la moea le tsoelang pele?
•Lintlafatso li bile teng joang tšebeletsong ea Bokreste?
•Ke liphetoho life tse nakong tse entsoeng tsamaisong ea mokhatlo har’a bahlanka ba Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Joaloka Davida, re sitoa ho pheta liketso tsohle tsa Jehova tse hlollang
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mohlape oa Molimo o ruile molemo liphetohong tse nakong tse entsoeng tsamaisong ea mokhatlo