“Kannete Morena o Tsositsoe!”
Ak’u nahane feela kamoo barutuoa ba Jesu ba ileng ba nyahama kateng ha Morena oa bona a bolaoa. Tšepo ea bona e ne e bonahala e shoele joaloka setopo seo Josefa oa Arimathea a neng a se robalitse ka lebitleng. Ntho e ’ngoe e neng e shoele e ne e le tebello eohle ea hore Jesu o tla lokolla Bajuda jokong ea Baroma.
HAEBA ho ne ho felile ka eena, mohlomong barutuoa ba Jesu ba ka be ba ile ba fela joaloka balateli ba ba bangata ba neng ba ipolela hore ke bo-Mesia. Empa Jesu o ne a phela! Mangolo a bolela hore o iponahalitse ho balateli ba hae ka makhetlo a mangata nakoana ka mor’a lefu la hae. Kahoo, ba bang ba bona ba ile ba susumelletseha hore ka cheseho ba re: “Kannete Morena o tsositsoe!”—Luka 24:34.
Barutuoa ba ile ba tlameha ho sireletsa tumelo ea bona ho Jesu e le Mesia. Ba ne ba etsa joalo ka ho bua ka ho khethehileng ka tsoho ea hae bafung e le bopaki bo tiileng ba hore ke Mesia. Ka sebele, “ka matla a maholo baapostola ba tsoela pele ho fana ka bopaki malebana le tsoho ea Morena Jesu.”—Liketso 4:33.
Haeba ho ne ho e-na le ea kileng a paka hore tsoho ena e ne e le ntho ea bohata—mohlomong ka hore e mong oa barutuoa a lumele hore ke bohata kapa a bontše hore setopo sa Jesu e sa le se le ka lebitleng—Bokreste bo ka be bo ile ba fela qalong feela. Empa ha boa ka ba fela. Kaha balateli ba Jesu ba ne ba tseba hore Kreste oa phela, ba ile ba tsamaea hohle ba phatlalatsa tsoho ea hae, ’me ba bangata ba ile ba lumela ho Kreste ea tsositsoeng.
Ke hobane’ng ha le uena u ka lumela tsoho ea Jesu? Ho na le bopaki bofe ba hore ketsahalo ee e fela e ile ea etsahala?
Bopaki bo Hlahlojoa ka Lebaka Lefe?
Litlaleho tse ’nè tsa Kosepele kaofela li tlaleha ka tsoho ea Jesu. (Matheu 28:1-10; Mareka 16:1-8; Luka 24:1-12; Johanne 20:1-29)a Likarolo tse ling tsa Mangolo a Segerike a Bakreste li bolela ka tieo hore Kreste o ile a tsosoa bafung.
Ha ho makatse ha balateli ba Jesu ba ’nile ba phatlalatsa tsoho ea hae! Haeba Molimo o hlile a mo tsosetsa bophelong, tseo ke litaba tse hlollang ka ho fetisisa tseo lefatše le kileng la li utloa. Li bolela hore Molimo o teng. Ho feta moo, li bolela hore Jesu oa phela hona joale.
Seo se re ama joang? Jesu o ile a rapela, a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) E, re ka rua tsebo e phelisang e mabapi le Jesu le Ntat’ae. Ha re sebelisa tsebo eo, le haeba re ka shoa, re ka tsosoa, kahobane Jesu o ile a tsosoa. (Johanne 5:28, 29) Re ka ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise tlas’a ’Muso oa Molimo oa leholimo o matsohong a Mora oa hae ea tlotlisitsoeng, e leng Jesu Kreste, Morena oa marena.—Esaia 9:6, 7; Luka 23:43; Tšenolo 17:14.
Kahoo, taba ea hore na Jesu o fela a ile a tsoha bafung kapa che ke ea bohlokoa. E ama bophelo ba rōna hona joale le litebello tsa rōna bakeng sa nako e tlang. Ke ka lebaka leo re u kōpang hore u hlahlobe lintlha tse ’nè tsa bopaki ba hore Jesu o ile a shoa a ba a tsoha.
Jesu o Hlile a Shoella Thupeng
Babelaeli ba bang ba bolela hore le hoja Jesu a ile a khokhotheloa thupeng, ha aa ka a hla a shoella teng. Ba re o ne a mpa a le makhatheng a lefu feela le hore o ile a tsosoa ke mohatsela oa lebitla. Empa mohloli o mong le o mong o teng oa taba ena o paka hore ka lebitleng ho ile ha kenngoa setopo se shoeleng sa Jesu.
Kaha Jesu o ile a bolaeloa pontšeng, ho ne ho e-na le lipaki tsa ’nete ea hore o hlile a shoella thupeng. Lefu la hae le ile la tiisoa ke molaoli oa lekholo ea neng a ikarabella polaong ea hae. Molaoli enoa oa lebotho e ne e le setsebi seo mosebetsi oa sona o neng o akarelletsa ho tiisa hore Jesu o hlile o shoele. Ho feta moo, e bile feela ka mor’a ho tiisa hore Jesu o shoele moo ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato a ileng a lokollela Josefa oa Arimathea setopo sa Jesu hore se patoe.—Mareka 15:39-46.
Lebitla le Fumanoe le le Feela
Lebitla le feela le ile la fa barutuoa bopaki ba pele ba hore Jesu o tsohile, ’me bopaki bona bo ntse bo sa hanyetsoe le joale. Jesu o ne a patiloe lebitleng le lecha, le neng le e-s’o sebelisoe. Le ne le le haufi le sebaka seo a neng a khokhothetsoe thupeng ho sona ’me nakong eo le ne le ka fumanoa habonolo haholo ntle ho phoso. (Johanne 19:41, 42) Litlaleho tsohle tsa Kosepele lia lumellana hore ha metsoalle ea Jesu e fihla lebitleng hoseng ka letsatsi la bobeli ka mor’a lefu la hae, setopo sa hae se ne se le sieo.—Matheu 28:1-7; Mareka 16:1-7; Luka 24:1-3; Johanne 20:1-10.
Lebitla le feela le ile la makatsa lira tsa Jesu la ba la makatsa le metsoalle ea hae. E ne e le khale lira tsa hae li loanela ho mo bona a shoele a bile a patiloe. Kaha li ne li finyeletse pakane ea tsona, li ile tsa ipha mosebetsi oa ho beha balebeli le ho tiisa lebitla. Leha ho le joalo, hoseng ka letsatsi la pele la beke, le ne le le feela.
Na metsoalle ea Jesu e ile ea tlosa setopo sa hae lebitleng leo? Ha ho bonahale eka ho ka ba joalo, kahobane Likosepele li bontša hore e ne e nyahame haholo ka mor’a hore a bolaoe. Ho feta moo, barutuoa ba hae ba ne ba ke ke ba tsoela pele ho hlokofaletsoa le ho shoela seo ba tsebang hore ke ntho ea bohata.
Ke mang ea ileng a ntša setopo ka lebitleng? Lira tsa Jesu li ne li ke ke tsa se nka. Le haeba li ne li ka se nka, joang kapa joang li ne li tla se hlahisa hamorao e le ho shanofatsa lipolelo tsa barutuoa tsa hore Jesu o tsohile ’me oa phela. Empa ntho ea mofuta oo ha ea ka ea etsahala, hobane litaba li ne li sebelitsoe ke Molimo.
Libeke hamorao, lira tsa Jesu ha lia ka tsa hanyetsa ka matla ha Petrose a fana ka bopaki, a re: “Banna ba Iseraele, utloang mantsoe ana: Jesu Monazaretha, monna eo Molimo a mo bonahalitseng phatlalatsa ho lōna ka mesebetsi e matla le limakatso le lipontšo tseo Molimo a li entseng ka eena har’a lōna, feela joalokaha le tseba, monna enoa, joaloka ea nehetsoeng ka morero oo ho entsoeng qeto ka oona le ho tseba esale pele ha Molimo, le ile la mo khokhothela thupeng ka matsoho a banna ba sa eeng ka molao ’me la mo bolaea. Empa Molimo a mo tsosa ka ho lokolla bohloko ba lefu, hobane ho ne ho ke ke ha khoneha hore bo tsoele pele bo mo tšoere ka tieo. Etsoe Davida o re mabapi le eena, ‘Ke ne ke e-na le Jehova kamehla ka pel’a mahlo a ka . . . Ho feta moo, esita le nama ea ka e tla lula ka tšepo; hobane u ke ke ua tlohela moea oa ka Hadese, kapa ua lumella ea tšepahalang oa hao hore a bone ho bola.’”—Liketso 2:22-27.
Ba Bangata ba Ile ba Bona Jesu ea Tsositsoeng
Bukeng ea Liketso, mongoli oa Kosepele Luka o itse: “[Jesu] o ile a iponahatsa le ho [baapostola] a phela ka bopaki bo bongata bo tiileng ka mor’a hore a utloe bohloko, ba ntse ba mo bona ka matsatsi ’ohle a mashome a mane ’me a bolela lintho tse mabapi le ’muso oa Molimo.” (Liketso 1:2, 3) Barutuoa ba bangata ba ile ba bona Jesu ea tsositsoeng maemong a sa tšoaneng—serapeng, tseleng, nakong ea ha ho jeoa le Leoatleng la Tiberiase.—Matheu 28:8-10; Luka 24:13-43; Johanne 21:1-23.
Basomi ba belaella bonnete ba hore o ile a bonoa. Ba bolela hore bangoli ba qapile litlaleho tsena, ho seng joalo ba qotsa seo ho bonahalang eka ke ho se lumellane ha tsona. Ha e le hantle, ho se tšoane mona le mane ha litlaleho tsa Kosepele ho bontša hore bangoli ha baa ka ba etsa litumellano tsa bolotsana. Tsebo ea rōna ka Jesu e atolosoa ke ha mongoli e mong a fana ka makolopetso a tlatsang litlaleho tse ling tsa liketsahalo tse itseng tsa bophelo ba Kreste ba lefatšeng.
Na ho bonahala ha Jesu ka mor’a tsoho e ne e le lipono tsa bohata? Khang eohle e mabapi le ntlha ena ha e utloahale, kaha o ile a bonoa ke batho ba bangata haholo. Ba bang ba bona e ne e le batšoasi ba litlhapi, basali, mohlanka oa ’muso esita le moapostola Thomase ea belaelang, ea ileng a kholisoa feela ke ho bona bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore Jesu o ne a tsositsoe bafung. (Johanne 20:24-29) Maemong a mangata, barutuoa ba Jesu ba ne ba sa hlokomele Morena oa bona ea tsositsoeng ha ba mo bona ka lekhetlo la pele feela. Ka lekhetlo le leng o ile a bonoa ke batho ba fetang 500, bao boholo ba bona bo neng bo ntse bo phela ha moapostola Pauluse a ne a sebelisa ketsahalo ena e le bopaki boo a emelang tsoho ka bona.—1 Bakorinthe 15:6.
Jesu ea Phelang o na le Tšusumetso Bathong
Tsoho ea Jesu hase feela taba ea bohelehele kapa eo ho ka phehoang khang ka eona. ’Nete ea hore oa phela e susumelitse batho ka tsela e molemo hohle. Ho tloha lekholong la pele la lilemo, batho ba bangata haholo ba tlohetse ka ho feletseng ho iphapanyetsa kapa ho hanyetsa Bokreste, ba kholisehile ka ho feletseng hore ke bolumeli ba ’nete. Ba fetotsoe ke eng? Ho ithuta Mangolo ho ba bontšitse hore Molimo o tsoselitse Jesu bophelong e le sebōpuoa se hlomphehang sa moea leholimong. (Bafilipi 2:8-11) Ba bontšitse hore ba na le tumelo ho Jesu le litokisetsong tsa Jehova Molimo tsa poloko e tlang ka sehlabelo sa thekollo sa Kreste. (Baroma 5:8) Batho ba joalo ba fumane thabo ea ’nete ka ho etsa thato ea Molimo le ka ho phela tumellanong le lithuto tsa Jesu.
Ak’u nahane hore na ho ba Mokreste lekholong la pele la lilemo ho ne ho bolela eng. Ho ne ho sa bolele ho fumana botumo, matla, kapa leruo. Ho fapana le hoo, Bakreste ba bangata ba pele ba ne ba ‘amohela ka thabo ho tlatlapuoa lintho tsa bona’ ka lebaka la tumelo ea bona. (Baheberu 10:34) Bokreste bo ne bo bolela bophelo ba boitelo le mahloriso boo hangata bo neng bo qetella ka ho shoela tumelo.
Ba bang pele e e-ba balateli ba Kreste, ba ne ba e-na le menyetla e metle ea botumo le leruo. Saule oa Tarsase o ne a rutoa ke mosuoe ea tsebahalang oa Molao Gamaliele ’me o ne a qala ho hlahella mahlong a Bajuda. (Liketso 9:1, 2; 22:3; Bagalata 1:14) Leha ho le joalo, Saule e ile ea e-ba moapostola Pauluse. Eena le ba bang ba bangata ba ile ba hana botumo le tšusumetso tseo lefatše lena le fanang ka tsona. Hobane’ng? E le hore ba jale molaetsa oa tšepo ea ’nete o thehiloeng litšepisong tsa Molimo le ’neteng ea hore Jesu Kreste o tsositsoe bafung. (Bakolose 1:28) Ba ne ba ikemiselitse ho shoela tsela eo ba neng ba tseba hore e thehiloe ’neteng.
Kajeno ba limilione ba boemong bona boo. U ka ba fumana liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Ka mofuthu Lipaki li u memela Sehopotsong sa selemo le selemo sa lefu la Kreste, se tla ketekoa ka mor’a hore letsatsi le likele ka Sontaha sa la 8 April, 2001. Li tla thabela hore u be teng ketsahalong eo le libokeng tsohle tsa tsona tseo ho ithutoang Bibele ho tsona tse tšoareloang Liholong tsa tsona tsa ’Muso.
Ke hobane’ng ha u sa ithute ho eketsehileng, eseng feela ka lefu la Jesu le tsoho ea hae empa le ka bophelo ba hae le lithuto tsa hae? O re mema hore re tle ho eena. (Matheu 11:28-30) Nka bohato hona joale hore u fumane tsebo e nepahetseng ka Jehova Molimo le Jesu Kreste. Ho etsa joalo ho ka bolela bophelo bo sa feleng ’Musong oa Molimo o matsohong a Mora oa hae ea ratoang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bopaki bo mabapi le bonnete ba litlaleho tsa Kosepele, bona sehlooho se reng “Likosepele—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?” ho Molula-Qhooa oa May 15, 2000.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ba limilione ba fumana thabo ea ’nete e le balateli ba Jesu Kreste
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]
From the Self-Pronouncing Edition of the Holy Bible, containing the King James and the Revised versions