Kholofalo ha e Khethe
CHRISTIAN, ea lulang naheng e ’ngoe ea Afrika, o ile a koeteloa ke masole a ileng a leka ho mo qobella ho kena sesoleng, empa o ile a hana ka lebaka la letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Eaba masole ana a mo isa kampong ea sesole moo, ka mor’a ho mo otla ka matsatsi a mane, le leng la ’ona le ileng la mo thunya leotong. Christian o ile a khona ho fihla sepetlele, empa o ile a tlameha ho khaoloa leoto. Naheng e ’ngoe ea Afrika, marabele a hlometseng a khaotse le bana ba banyenyane maoto le matsoho. Ho tloha Cambodia ho ea Linaheng tsa Balkan, ho tloha Afghanistan ho ea Angola, liqhomane tsa fatše li tsoela pele ho khaola ba banyenyane le ba baholo litho tsa ’mele le ho ba holofatsa li sa khethe.
Ntho e ’ngoe e utloisang bohloko ke likotsi le maloetse, a kang lefu la tsoekere. Esita le lintho tse chefo tse tikolohong li ka baka kholofalo. Ka mohlala, tikolohong ea motse o mong oa Europe e ka Bochabela, bana ba bangata ba hlahile ba se na matsoho. Ba na le kutu feela ka tlas’a setsoe. Ho na le bopaki ba hore liphatsa tsa lefutso li sentsoe ke tšilafatso ea lik’hemik’hale. Batho ba bang ba se nang palo ba sa ntse ba e-na le maoto le matsoho empa ho ntse ho le joalo ba holofetse ka lebaka la ho shoa litho kapa ka lebaka la boloetse bo itseng. Ka sebele, kholofalo ha e khethe.
Ho sa tsotellehe hore na e bakoa ke eng, kholofalo e ka utloisa bohloko. Junior o ile a khaoha leoto la leqele ha a le lilemo li 20. Hamorao o ile a re: “Ke bile le mathata a mangata maikutlong. Ke ile ka lla haholo hobane nke ke ka hlola ke e-ba le leoto. Ke ne ke sa tsebe hore na ke etse eng. Ke ne ke ferekane.” Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, maikutlo a Junior a ile a fetoha haholo. O ile a qala ho ithuta Bibele ’me a ithuta lintho tse sa kang tsa mo thusa feela hore a sebetsane ka katleho le boemo ba hae empa tsa mo fa le tšepo ea bokamoso bo thabileng hona mona lefatšeng. Haeba u holofetse, na u ka rata ho ba le tšepo eo?
Haeba ho joalo, bala sehlooho se latelang. Re u khothalletsa ho phetla Mangolo a bontšitsoeng Bibeleng ea hao e le hore u iponele seo ’Mōpi a rerileng ho se etsetsa ba ithutang ka morero oa hae le ba phelang tumellanong le oona.