Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 2/15 maq. 8-9
  • Ho Tšelisa ba Mahlomoleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšelisa ba Mahlomoleng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Molimo oa Khotso” o Hlokomela ba Mahlomoleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Mokhoa oa ho Mamella Bomalimabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Thapelo e ka U Thusa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Jehova o Lopolla ea Hlorileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 2/15 maq. 8-9

Ho Tšelisa ba Mahlomoleng

NAKONG e fetileng ha banna le basali ba tšepahalang ba le mahlomoleng, ba ile ba rapela Molimo ka tieo hore a ba tataise. Leha ho le joalo, ba ile ba boela ba etsa ho itseng ho bebofatsa mahlomola, joaloka ho sebelisa masene ho baleha bahatelli. Ka mohlala, ho itšetleha ha Davida ka Jehova le boiteko boo a ileng a bo etsa ho ile ha mo nolofalletsa ho mamella mathata. Ho thoe’ng ka rōna kajeno?

Ha u le mahlomoleng, u ka ’na ua etsa ho itseng ho rarolla bothata ba hao. Ka mohlala, haeba u iphumana u sa sebetse, na ha u leke ho fumana mosebetsi o loketseng e le hore u iphelise le ho phelisa ba lelapa la hao? (1 Timothea 5:8) Kapa haeba u kula, na ha u batle thuso e loketseng ea bongaka? Ke ho thahasellisang hore ebe Jesu, ea neng a e-na le matla a tsoang ho Molimo a ho phekola maloetse a mefuta eohle, o ile a lumela hore ‘motho ea kulang o hloka ngaka.’ (Matheu 9:12) Leha ho le joalo, hase kamehla mahlomola a hao a tlang ho fela; u ka ’na ua lokela ho tsoela pele ho a mamella ho isa bohōleng bo itseng.

Ke hobane’ng ha u sa ise taba ho Jehova Molimo ka thapelo? Ka mohlala, ho itšetleha ka Molimo ka thapelo ha re batla mosebetsi ho tla re thusa ho hanela teko leha e le efe ea ho amohela mosebetsi o khahlanong le melao-motheo ea Bibele. Re tla boela re qobe ho ‘khelosoa tumelong’ ke meharo kapa lerato la chelete. (1 Timothea 6:10) Ha e le hantle, ha re etsa liqeto tsa bohlokoa tse mabapi le lintho tse amang mosebetsi kapa lelapa kapa bophelo ba ’mele, re ka latela khothatso ea Davida, ha a re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.”—Pesaleme ea 55:22.

Thapelo e tlohang pelong e tla boela e re thuse ho lula re tsitsitse kelellong e le hore mahlomola a rōna a se ke a re sithabetsa. Mokreste e mong ea tšepahalang, e leng moapostola Pauluse, o ile a ngola a re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.” Thapelo e tiileng e ka re tšelisa joang? “Khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Khotso ea Molimo ‘e feta monahano oohle.’ Ka hona, e ka re fa botsitso ha re imetsoe ke maikutlo a tepeletsang. E tla ‘lebela lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello,’ kahoo e re thuse ho qoba ho etsa lintho ka lepotlapotla le ka booatla, e leng ho ka phaellang mahlomoleng a rōna.

Thapelo e ka ba ea fetola tsela eo boemo bo leng ka eona. Ha moapostola Pauluse a koalloa chankaneng Roma, ka boikokobetso o ile a kōpa Bakreste-’moho le eena hore ba mo rapelle. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a kōpa see? O ile a ba ngolla a re: “Ke le eletsa haholo-holo hore le etse sena, e le hore nka khutlisetsoa ho lōna kapele.” (Baheberu 13:19) Ka mantsoe a mang, Pauluse o ne a tseba hore ho utloa ha Jehova lithapelo tse phehellang tsa balumeli-’moho le eena ho ka ’na ha etsa phapang tabeng ea hore na o tla lokolloa neng.—Filemone 22.

Na thapelo e tla fetola boemo ha re thulana le mahlomola? E ka ’na ea bo fetola. Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore Jehova Molimo a ka ’na a se ke a araba lithapelo tsa rōna ka tsela eo re neng re ka rata hore a li arabe ka eona. Pauluse o ile a rapela ka makhetlo a ’maloa ka ‘moutloa oa hae o nameng,’ mohlomong bokuli bo itseng. Leha ho le joalo, ho e-na le hore Molimo a tlose mahlomola ao, o ile a re ho Pauluse: “Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.”—2 Bakorinthe 12:7-9.

Kahoo, mahlomola a rōna a ka ’na a se ke a nyamela ka nako le motsotso. Leha ho le joalo, re tla ba le monyetla oa ho ipaka hore re itšetlehile ka Ntate oa rōna oa leholimo. (Jakobo 1:2-4) Kholiseha hore esita le haeba Jehova Molimo a sa tlose mahlomola ao, a ka ‘re bulela tsela ea ho tsoa e le hore re khone ho a mamella.’ (1 Bakorinthe 10:13) Ke ho thahasellisang hore ebe Jehova o bitsoa “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakorinthe 1:3, 4) Molimo a ka re fa seo re se hlokang e le hore re mamelle, ’me re na le tšepo ea bophelo bo sa feleng.

Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le tšepisa hore Jehova “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:3, 4) Na u utloa ho le thata ho lumela taba ea hore ho tla ba le lefatše le se nang mahlomola? Ho ka ’na ha e-ba thata haeba u tloaetse ho phela mahlomoleng. Leha ho le joalo, Molimo o tšepisa ho re lokolla tšabong le tlokotsing, ’me morero oa hae o tla fela o atlehe.—Esaia 55:10, 11.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Ho imoloha ka mor’a ho felloa ke tšepo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela