Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 4/1 leq. 29
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Borapeli ba Baale—Ntoa Maikutlong a Baiseraele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Molimo o Amohela Borapeli bo Bong le bo Bong?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 4/1 leq. 29

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha 1 Bakorinthe 10:8 e re Baiseraele ba 23 000 ba ile ba oa ka letsatsi le le leng ka lebaka la ho etsa bohlola, empa Numere 25:9 e re palo ea bona ke 24 000?

Ho na le mabaka a ’maloa a amehang a ka ’nang a etsa hore lipalo tse fanoeng litemaneng tseo tse peli li fapane. Le bonolo e ka ’na eaba la hore palo e tobileng e kae-kae pakeng tsa 23 000 le 24 000, e leng ho etsang hore palo eo e akaretsoe ka palo e holimo kapa e tlaase.

Nahana ka lebaka le leng leo e ka ’nang eaba ke lona. Moapostola Pauluse o ne a qotsa tlaleho ea Baiseraele ha ba le Shitime e le mohlala oa temoso ho Bakreste ba Korinthe ea boholo-holo, e leng motse o neng o tumme hampe ka ho phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng. O ile a ngola: “Hape re se ke ra tloaela ho etsa bohlola, joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba oe, ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng.” Pauluse o ile a qolla ba bolailoeng ke Jehova ka lebaka la ho etsa bohlola, a re palo ea bona ke 23 000.—1 Bakorinthe 10:8.

Leha ho le joalo, Numere khaolo ea 25 e re bolella hore “Iseraele [e ile] ea ikamahanya le Baale oa Peore; ’me bohale ba Jehova ba qala ho tukela Iseraele.” Kahoo, Jehova o ile a laela Moshe hore a bolaee “bohle ba ka sehloohong sechabeng.” Moshe a ntan’o laela baahloli hore ba phethahatse taelo eo. Qetellong, ha Finease a nka khato ka potlako a bolaea Moiseraele ea neng a tlisitse mosali oa Momidiane kampong, “lefu la seoa la emisoa.” Tlaleho eo e qetella ka mantsoe a reng: “Ba bolailoeng ke lefu la seoa ea e-ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene.”—Numere 25:1-9.

Ho hlakile hore palo e fanoeng ho Numere e akarelletsa “ba ka sehloohong sechabeng” ba bolailoeng ke baahloli le ba bolailoeng ke Jehova ka ho toba. E ka ’na eaba ho bile le ba sekete ba ka sehloohong ba bolailoeng ke baahloli, e leng ho etsang hore palo eo e be 24 000. Ebang bana ba ka sehloohong, kapa baeta-pele, ba ne ba entse bohlola kapa che, ba kopanetse meketeng, kapa ba fane ka tumello ho ba etsang liketso tseo, ba ne ba le molato oa ho “ikamahanya le Baale oa Peore.”

Mabapi le lentsoe “ikamahanya,” buka e ’ngoe ea litšupiso tsa Bibele e hlalosa hore le ka bolela “ho itlama ka motho e mong.” Baiseraele e ne e le sechaba se inehetseng ho Jehova, empa ha ba “ikamahanya le Baale oa Peore,” ba ile ba senya kamano ea bona ea ho inehela ho Molimo. Lilemo tse ka bang 700 hamorao, a sebelisa moprofeta Hosea, Jehova o ile a re ka Baiseraele: “Ba ile ho Baale oa Peore, ’me ba qalile ho inehela nthong e hlabisang lihlong, ’me ba ile ba nyonyeha joaloka ntho eo ba e ratang.” (Hosea 9:10) Bohle ba ileng ba etsa seo ba ne ba lokeloa ke kotlo ea bomolimo. Kahoo, Moshe o ile a hopotsa bara ba Iseraele a re: “Mahlo a lōna a bone seo Jehova a se entseng tabeng ea Baale oa Peore, hore motho e mong le e mong ea neng a latela Baale oa Peore ke eena eo Jehova Molimo oa lōna a ileng a mo felisa har’a lōna.”—Deuteronoma 4:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela