Thuso e Molemo ea ho Fetolela
MONGOLI oa Bibele, Jehova Molimo, o lakatsa hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae li boleloe “ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšenolo 14:6) O batla hore Lentsoe la hae le ngotsoeng le fumanehe habonolo ho moloko oohle oa batho. Ka lebaka leo, Bibele e fetoletsoe ka lipuo tse ngata ho feta buka leha e le efe lefatšeng. Bafetoleli ba likete-kete ba entse boiteko bo matla ’me ba sebelisa nako e ngata ba fetolela mehopolo ea Molimo puong e ’ngoe.
Empa Bibele hase buka feela tjee e lokelang ho fetoleloa. Hangata, eona ka boeona e ’nile ea sebelisoa e le thuso ha ho fetoleloa lingoliloeng tse ling. Bafetoleli ba bangata ba ’nile ba bapisa tsela eo mantsoe a Bibele a fetoletsoeng ka eona ka lipuo tse sa tšoaneng hore ba fumane phetolelo e nepahetseng ea mantsoe a itseng. Joale makhabane a Bibele e le thuso ea ho fetolela a sebelisitsoe le phetolelong e etsoang ke k’homphieutha.
Ehlile ho boima hore k’homphieutha e fetolele ka tsela e utloahalang. Ebile litsebi tse ling li ’nile tsa nahana hore ho hang k’homphieutha e ke ke ea fetolela. Hobane’ng? Puo hase sehlopha sa mantsoe feela tjee. Puo ka ’ngoe e na le tsela eo mantsoe a kopanngoang ka eona, e na le melao, mekhelo melaong e joalo, maele le maelana. Boiteko ba ho ruta k’homphieutha lintho tsena tsohle ha boa atleha hakaalo. Ho ’nile ha e-ba thata hore batho ba utloisise liphetolelo tse ngata tse entsoeng ke k’homphieutha.
Leha ho le joalo, hona joale litsebi tsa saense ea lik’homphieutha li ntse li hlahloba litsela tse ncha tsa ho fetolela. Franz Josef Och, eo e leng setsebi se hlaheletseng sa phetolelo e etsoang ke k’homphieutha, o re: “Mokhoa oo re o sebelisang ke oa ho fana ka mehlala e mengata e le hore re fumane phetolelo e batlang e atametse tabeng haholo. A re re mohlomong u batla ho fetolela Sehindi ho ea Senyesemaneng. Taba ea pele, u nka boitsebiso bo ngotsoeng bo seng bo ntse bo fumaneha ka lipuo tseo ka bobeli. Joale u bo kenye k’homphieutheng. K’homphieutha e bapisa boitsebiso boo bo ngotsoeng ka lipuo tse peli. Ka mohlala, ha k’homphieutha e fumana lentsoe le tšoanang la Sehindi libakeng tse ngata ’me lekhetlo ka leng e fumana hore ka Senyesemaneng lentsoe le tsamaisanang le lona ke “ntlo,” k’homphieutha e etsa qeto ea hore e tlameha ebe lentsoe leo la Sehindi le bolela “ntlo.” ’Me ho ka etsahala hore ebe mantsoe a haufi le lona ke lihlakisi, tse kang “e khōlō,” “e nyenyane,” “ea khale,” kapa “e ncha.” Kahoo k’homphieutha e etsa lethathamo la mantsoe a tsamaisanang ’moho le tsela eo a kopanngoang ka eona. Ka mor’a ho e “koetlisa” ka tsela eo, ho ka ’nang ha nka matsatsi a seng makae kapa libeke, k’homphieutha e ka sebelisa seo e “ithutileng” sona ho hlahisa boitsebiso bo bocha. Le hoja phetolelo e hlahisoang ka tsela eo e ka ’na ea e-ba ea boemo bo tlaase mabapi le sebōpeho-puo le mokhoa oa ho ngola, hangata e utloisiseha ka ho lekaneng hore e fetise moelelo le lintlha tsa bohlokoa.
Boleng ba phetolelo eo bo itšetlehile haholo-holo ka hore na qalong ho kentsoe boitsebiso bo bongata hakae k’homphieutheng le hore na ke ba boleng bo joang. Ke boemong bona moo ho bonahetseng hore Bibele ke ea bohlokoa. E fetoletsoe ka hloko ka lipuo tse ngata, e fumaneha habonolo ebile e na le boitsebiso bo bongata. Kahoo mofuputsi eo o ile a qala ka ho khetha Bibele ha a ne a ruta k’homphieutha puo e ncha.