Menehelo e Thabisang Pelo ea Molimo
ENA hase pale e monate. Mofumahali Athalia o ne a inketse borena ba Juda ka bolotsana le ka polao. A ile le khongoana holimo a nka hore bana bohle bao e neng e le majalefa boreneng ba bolailoe, o ile a ipeha hore e be mofumahali. Empa mosali e mong, khosatsana Josheba, ea neng a rata Jehova haholo le Molao oa hae, o ile a iteta sebete hore a pate ngoana oa moreneng, e leng lesea Joase. Josheba le monna oa hae, Moprista ea Phahameng Jehojada, ba ile ba pata mojalefa eo ka lilemo tse tšeletseng moo ba neng ba lula teng tempeleng.—2 Marena 11:1-3.
Ha Joase a le lilemo li supileng, Moprista ea Phahameng Jehojada, o ne a se a itokiselitse ho qala morero oa hae oa ho tlosa mofumahali enoa ea neng a inketse borena ka bolotsana. O ile a ntša moshemane enoa eo a neng a mo patile ’me a mo beha boreneng e le eena mojalefa ea loketseng. Joale balebeli ba morena ba hulanyetsa Mofumahali Athalia ea khopo ka ntle ho mabala a tempele eaba baa mo bolaea, ’me sechaba sa khatholoha sa ba sa thaba haholo. Ka liketso tsa bona, Jehojada le Josheba ba ile ba thusa haholo hore borapeli ba ’nete bo tsosolosoe naheng ea Juda. Empa habohlokoa le ho feta ke hore ba ile ba thusa hore lesika la borena ba Davida le ’ne le tsoele pele, e leng leo Mesia a neng a tla hlaha ho lona.—2 Marena 11:4-21.
Morena ea sa tsoa behoa le eena o ne a lokela ho etsa tlatsetso ea bohlokoa e neng e tla thabisa pelo ea Molimo. Ntlo ea Jehova e ne e le boemong bo bobe, ho hlokahala hore e lokisoe. Takatso e feteletseng ea Athalia ea hore e be eena feela ea busang Juda ha ea ka ea fella feela ka hore tempele e hlokomolohuoe empa e ile ea fella le ka hore e tlatlapuoe. Kahoo Joase o ile a ikemisetsa ho haha tempele bocha le ho e tsosolosa. Ntle le ho senya nako, o ile a laela hore ho bokelloe chelete e hlokahalang hore ntlo ea Jehova e tsosolosoe. O ile a re: “Chelete eohle ea linyehelo tse halalelang e tlisoang ntlong ea Jehova, chelete eo e mong le e mong a lekanngoang ka eona, chelete ea meea ho ea ka ho lekanngoa ha motho ka mong, chelete eohle eo ho tsoang pelong ea e mong le e mong hore a e tlise ntlong ea Jehova, baprista ba inkele eona, e mong le e mong ho eo a mo tloaetseng; ba lokise matlere a ntlo kae kapa kae moo letlere le fumanoang teng.”—2 Marena 12:4, 5.
Batho ba ile ba ntša monehelo ka ho rata. Leha ho le joalo, baprista ba ne ba sa etse mosebetsi oa bona ka pelo eohle ha ba lokisa tempele. Kahoo, morena a etsa qeto ea hore a hlokomele mosebetsi ka boeena ’me a laela hore menehelo eohle e kenngoe ka ho toba lebokoseng le khethehileng. O ile a beha Jehojada hore a ikarabelle mosebetsing oo, ’me tlaleho e re: “Joale moprista Jehojada a nka lebokose a le phunya lesoba sekoahelong ’me a le beha ka thōko ho aletare lehlakoreng le letona ha motho a kena ka tlung ea Jehova, ’me moo baprista, balebeli ba menyako, ba kenya chelete eohle e neng e tlisoa ka tlung ea Jehova. E ne e re hang ha ba bona hore ho na le chelete e ngata ka lebokoseng, mongoli oa morena le moprista ea phahameng ba ne ba tla, ’me ba ne ba le phuthela ’me ba bala chelete e neng e fumanoa ntlong ea Jehova. Ba nehelana ka chelete e neng e baliloe matsohong a baetsi ba mosebetsi ba neng ba behiloe ntlong ea Jehova. Le bona ba e lefa ba sebetsang ka lehong le lihahi tse neng li sebetsa ntlong ea Jehova, le ba hahang ka lejoe le babetli ba majoe, ’me ba reka lifate le majoe a betliloeng bakeng sa ho lokisa matlere a ntlo ea Jehova le bakeng sa sohle se neng se sebelisitsoe bakeng sa ho lokisa ntlo.”—2 Marena 12:9-12.
Batho ba ile ba kena khabong ka lipelo tsohle tsa bona. Ntlo ea Jehova ea borapeli e ile ea tsosolosoa e le hore borapeli ba hae bo tsoele pele ka mokhoa o hlomphehang. Kahoo, lichelete tsohle tse fanoeng e le monehelo li ile tsa sebelisoa ka tsela e loketseng. Morena Joase o ile a tiisa hore seo sea etsahala!
Kajeno, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang o ela hloko hore menehelo eohle e fanoang e sebelisoa ka tsela e loketseng ho ntšetsa pele borapeli ba Jehova, ’me Bakreste ba ’nete ba nkile bohato ka lipelo tsohle tsa bona, ka tsela e tšoanang le eo Baiseraele ba boholo-holo ba ileng ba nka bohato ka eona. Mohlomong u e mong oa ba ileng ba fana ka monehelo hore ho ntšetsoe pele mesebetsi e amanang le ’Muso selemong se fetileng sa tšebeletso. A re hlokomele tse ling tsa litsela tseo menehelo ea hao e ’nileng ea sebelisoa ka tsona.
HO HATISA
Lefatšeng ka bophara, ho ile ha hatisoa lingoliloeng tse latelang bakeng sa thuto le kabo:
• Libuka: 47 490 247
• Libukana: 6 834 740
• Libukana tse lekanang le makasine: 167 854 462
• Lialmanaka: 5 405 955
• Limakasine: 1 179 266 348
• Lipampitšana: 440 995 740
• Livideo: 3 168 611
Lingoliloeng li hatisoa Afrika, Amerika Bohareng, Amerika Boroa le Amerika Leboea, Asia, Europe le linaheng tsa lihlekehleke tsa Pacific—e leng linaha tse 19 ka kakaretso.
“Lebitso la ka ke Katelyn May. Lilemo tsa ka li robeli. Ke na le $28 [R192], ’me ke rata hore le e sebelisetse ho lefella mechine e hatisang. Ke ’na morali’abo lōna e monyenyane, Katelyn.”
“Re ile ra tšoara seboka re le lelapa, re bua ka mechine e mecha ea khatiso. Bana ba rōna ba nang le lilemo tse 11 le tse 9, ba ile ba etsa qeto ea ho ntša chelete poloke- long ea bona le ho phetha karolo ea bona ea ho fana ka monehelo. Re thabela ho romela monehelo oa bona hammoho le oa rōna.”
KAHO
Ka tlaase mona ho tlalehiloe merero e meng ea kaho e ileng ea phethoa e le ho tšehetsa mesebetsi ea Lipaki Tsa Jehova:
• Liholo Tsa ’Muso linaheng tse futsanehileng: 2 180
• Liholo Tsa Likopano: 15
• Makala: 10
• Baithaopi ba machaba ba tšebeletsong ea nako e tletseng: 2 342
“Mafelo-bekeng ana re ne re qala ho tšoarela seboka ka Holong ea rōna e ncha ea ’Muso. Re thabile haholo hore ebe re na le sebaka se loketseng sa ho rorisa Ntate oa rōna, Jehova Molimo. Re leboha Jehova ’me le lōna rea le leboha ha le ela hloko litlhoko tsa rōna ka ho haha Liholo Tsa ’Muso tse eketsehileng. Ruri, Holo ea rōna ea ’Muso ke letlotlo la sebele motseng mona.”—Chile.
“Bara le barali babo rōna ba ananela haholo thuso e fanoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ho fihlela lena le holimo, ha re phetse ho bua ka nako e monate eo re bileng le eona ha re ne re e-na le sehlopha sa ba hahang.”—Moldova.
“’Na le mosali oa ka re sa tsoa keteka lilemo tse 35 re nyalane. Re ne re ntse re nahana hore na ebe re ka etsetsana eng bakeng sa ketsahalo eo, eaba re etsa qeto ea ho busetsa ho itseng ho Jehova le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng, hobane ha e ne e se ka thuso ea bona, mohlomong re ka be re sa atleha lenyalong la rōna. Re lakatsa hore chelete eo re e kentseng ka mona e sebelisetsoe ho thusa kahong ea Holo ea ’Muso ho e ’ngoe ea linaha tse futsanehileng.”
“Haufinyane tjena ke sa tsoa fumana lefa. Kaha ‘lintho tseo ke li batlang’ lia fokola ’me ‘tseo ke li hlokang’ li fokola le ho feta, ke rata hore le nke chelete e kentsoeng ka mona le e sebelisetse ho haha Liholo Tsa ’Muso, tse hlokahalang haholo linaheng tse ngata.”
LIPHALLELO HA HO HLAHILE LIKOLUOA
Matsatsing ana a ho qetela, hangata likoluoa li hlaha ka tšohanyetso. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li fana ka menehelo e eketsehileng e le hore barab’abo rōna ba lulang libakeng tse hlasetsoeng ke likoluoa ba ka thusoa. Re hopole hore menehelo e fanoang bakeng sa liphallelo e sebelisoa e le karolo ea mosebetsi oa lefatše lohle. Libaka tse latelang ke tse ling tseo ho tsona Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa thusa batho ba hlasetsoeng ke likoluoa:
• Afrika
• Asia
• Libakeng tsa Caribbean
• Lihlekehlekeng tsa Pacific
“’Na le monna oa ka re rata ho le leboha haholo ka liphallelo tseo le re rometseng tsona ka lebaka la tšenyo e bileng teng ha ho ne ho e-na le maholiotsoana. Re ile ra khona ho rulela ntlo ea rōna bocha. Ruri re ananela hore ebe le ile la nka bohato ka potlako hakaalo.”
“Lebitso la ka ke Connor ’me ke lilemo li 11. Ha ke bona se etsahetseng ha ‘tsunami’ e ne e otla, ke ne ke batla ho thusa. Ke tšepa hore monehelo ona o tla thusa bara le barali beso.”
BAHLANKA BA TŠEBELETSONG E KHETHEHILENG EA NAKO E TLETSENG
Bakreste ba bangata ba etsa mosebetsi oa boevangeli ka nako e tletseng kapa ba sebeletsa mahaeng a Bethele. Baithaopi ba bang ba nako e tletseng ba hlokomeloa ka menehelo ea boithatelo. Ba bang ba bona ke ba latelang:
• Baromuoa: 2 635
• Balebeli ba tsamaeang: 5 325
• Basebeletsi ba Bethele: 20 092
“Kaha hona joale nke ke ka ea Bethele ho ea sebeletsa teng [moshanyana ea lilemo li hlano], ke rata ho romela monehelo ona le lerato le leholo. Ha ke se ke hōlile, ke tla ea Bethele ke il’o sebetsa ka thata.”
Ho Ntšetsa Pele Thuto ea Bibele
Jesu Kreste o ile a laela balateli ba hae hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19) E le ha li mamela mantsoe ao a hae, Lipaki Tsa Jehova li phathahane ka ho bolela molaetsa oa Bibele le ho o ruta linaheng tse 235. Li hatisa lingoliloeng tsa Bibele le ho li aba ka lipuo tse 413.
Ka sebele, nako ke monehelo oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Mokreste a ka fanang ka oona ho thusa batho ba eketsehileng hore ba ithute ka Molimo le ka merero ea Hae. Lipaki Tsa Jehova li tetse nako ea tsona e ngata le matla hore li thuse baahelani ba tsona. Hape li fane ka thuso ea chelete ka seatla se bulehileng, ’me ka litsela tse sa tšoaneng, menehelo eohle ea tsona e thusitse hore ho tsebahatsoe lebitso la Jehova le merero ea hae lefatšeng lohle. E se eka Jehova a ka tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko bona ba ho thusa ba bang hore ba ithute ho eketsehileng ka eena. (Liproverbia 19:17) Boikemisetso bo joalo ba ho thusa bo thabisa pelo ea Jehova!—Baheberu 13:15, 16.
[Lebokose le leqepheng la 28-30]
Litsela Tseo ba Bang ba Khethang ho Fana ka Tsona
MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE
Ba bangata ba behella ka thōko, kapa ba lekanyetsa esale pele chelete eo ba e tšelang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle—Matheu 24:14.”
Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang linaha tsa habo tsona. Menehelo ea boithatelo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Accounting Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno. Licheke tse romeloang atereseng ena li lokela ho ngoloa hore li lefuoe “Watch Tower.” Mabenyane le lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona li ka fanoa. Menehelo ena e lokela ho tsamaea le lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tse joalo ke mpho e tobileng.
HO FANA HO RERILOENG
Ho phaella limphong tse tobileng tsa chelete, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka thusang mosebetsing oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Eona e akarelletsa:
Inshorense: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa oa tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.
Li-stock le Li-bond: Ho ka ’na ha nehelanoa ka li-stock le li-bond ho Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho e tobileng.
Litša Tse Nang le Mehaho: Ho ka ’na ha nehelanoa ka litša tse nang le mehaho tse ka rekisoang, ebang ke ka ho li etsa mpho e tobileng, kapa haeba e le litša tsa bolulo, ka ho lokisetsa hore mong’a tsona a tsoele pele a lula ho tsona ha a sa ntse a phela. Ikopanye le ofisi ea lekala naheng ea heno pele u ngolisa setša leha e le sefe se nang le mohaho.
Mangolo a Kabo ea Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le lefa ka ho e ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa.
Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka ho ngolla atereseng e bontšitsoeng mona ka tlaase kapa ka ho letsetsa nomorong e ka tlaase, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno.
Accounting Office
Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
Private Bag X2067
Krugersdorp, 1740
South Africa
Thelefono: (011) 761-1000
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]
Faithful video: Stalin: U.S. Army photo