Boitšoaro bo Botle bo Beha Litholoana
SEHLEKEHLEKENG se senyenyane se haufi le lebōpo le karolong e ka boroa ea Japane, ’mè e mong le bana ba hae ba bararo ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ha ba bona seo, baahelani ba hae sebakeng seo se ka thōko se ntseng se khomaretse litloaelo tsa moo, ba ile ba qala ho iphapanyetsa eena neng le neng ha ba mo bona. Oa hlalosa: “Se neng se nkutloisa bohloko ho feta taba ea ho iphapanyetsa ’na ke hore ba ne ba sa bontše botsoalle ho monna oa ka le bana ba ka.” Leha ho le joalo, o ile a bolella bana ba hae a re: “Re tlameha ho tsoela pele re lumelisa baahelani ba rōna ka lebaka la Jehova.”—Matheu 5:47, 48.
Ha a le lapeng, o ne a ruta bana ba hae hore ba be le mekhoa e metle le hoja ba ne ba khesoa. Ha ba le ka koloing ba ea matamong a runyang metsi a chesang moo ba neng ba tloaetse ho etela teng, bana ba ne ba itokisetsa seo ba tlang ho se bua ha ba lumelisa batho. Ha ba kena mohahong oo, kamehla bana ba ne ba lumelisa ba thabile ba re, “Konnichiwa!”—ke hore, “Lumelang!” Ka mamello, lelapa leo le ile la tsoela pele le lumelisa bohle bao le neng le teana le bona, le hoja baahelani ba lona ba ne ba ntse ba sa bontše botsoalle. Leha ho le joalo, batho ba ile ba hlokomela mekhoa e metle ea bana bao.
Qetellong, baahelani ba bang ba ile ba qala ho arabela ha ba ba lumelisa, le bona ba re, “Konnichiwa.” Ka mor’a lilemo tse peli, hoo e ka bang batho bohle motseng oo ba ne ba lumela ha lelapa leo le ba lumelisa. Ba ne ba se ba bile ba lumelisana ka bobona ebile ba bontša botsoalle haholoanyane ho lelapa leo. Motlatsi oa ramotse sebakeng seo o ne a batla ho tlotla bana bao ka seabo seo ba bileng le sona ho tliseng phetoho eo. Empa ’mè oa bona o ile a mo bolella ka tieo hore ba ne ba mpa ba etsa seo Bakreste ba lokelang ho se etsa. Hamorao, ha ho ne ho tšoeroe litlhōlisano tsa ho bua sehlekehlekeng seo kaofela, mora e mong o ile a pheta kamoo ’mè oa hae a neng a rutile lelapa labo ho lumelisa batho ba bang ka tlhompho ho sa tsotellehe hore na ba arabela joang. Puo ea hae e ile ea hapa moputso oa pele ’me ea hatisoa koranteng ea motse oo. Kajeno, lelapa leo le thabile haholo hore ebe ho latela melao-motheo ea Bokreste ho behile litholoana tse molemo joalo. Ha batho ba le botsoalle, ho ba bobebe haholoanyane ho buisana le bona ka litaba tse molemo.