Ho Batla Tsebo
LAURA FERMI, mosali oa setsebi se tummeng sa fisiks se ileng sa hapa Khau ea Nobel se bitsoang Enrico Fermi, o ile a re: “Ho ba le tsebo ho molemo ho feta ho hloka tsebo.” Batho ba bang ba ka ’na ba hana, ’me ba beha lebaka la hore ha u na molato ha u sa tsebe. Leha ho le joalo, polelo ena ke ’nete linthong tsa liphuputso tsa saense le likarolong tse ling tsa bophelo. Ho hloka tsebo, ho sitisang batho ho elelloa ’nete, ho entse hore ka lilemo tse makholo batho ba bangata ba be lefifing kelellong, boitšoarong le linthong tsa Molimo.—Baefese 4:18.
Ke ka lebaka leo batho ba nahanang ba batlang tsebo. Ba batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha re phela le hore na bokamoso ba rōna ke bofe. Ha ba ntse ba batla, ba nkile litsela tse ngata tse sa tšoaneng. A re ke re tšohleng ka bokhutšoanyane tse ling tsa litsela tsena.
Na ho na le Tsela ea ho Fumana Tsebo Bolumeling?
Ho ea ka neano ea Sebuddha, mothehi oa Bobuddha, e leng Siddhārtha Gautama, o ne a tšoenyehile haholo ka ho hlomoha le ho shoa ha batho. O ile a kōpa mesuoe ea bolumeli ea Bohindu hore e mo thuse ho fumana “tsela ea ’nete.” Mesuoe e meng e ile ea mo khothalletsa yoga le ho itima lintho ka ho feteletseng. Qetellong Gautama o ile a khetha hore tsela eo motho a ka fumanang tsebo ea ’nete ka eona ke ka hore a nahanisise.
Batho ba bang ba ’nile ba batla tsebo ka ho sebelisa lithethefatsi tse bakang lipono tsa bohata kelellong. Ka mohlala, mehleng ena litho tsa Kereke ea Matsoalloa a Amerika li hlalosa hore lekhala la peyote, le nang le sethethefatsi se bakang lipono tsa bohata kelellong, ke lona le “senolang tsebo e patiloeng.”
Jean-Jacques Rousseau eo e neng e le rafilosofi oa Lefora oa lekholong la bo18 la lilemo, o ne a lumela hore Molimo a ka senolela motho ea batlang lintho tsa moea ka tieo. Joang? Ka ho mamela “seo Molimo a se bolellang pelo.” Ka mor’a moo, Rousseau o ile a bolela hore “har’a maikutlo ana a batho a mangata a ferekanyang, ntho e tataisang e le kannete,” e tla ba tsela eo u ikutloang ka eona—e leng seo u se bolelloang ke maikutlo a hao le letsoalo la hao.—History of Western Philosophy.
Na ho na le Tsela ea ho Fumana Tsebo ka ho Sebelisa Monahano?
Batho ba bangata ba mehleng ea Rousseau ba ile ba hanyetsa ka matla tsela eo ea bolumeli ea ho batla tsebo. Ka mohlala, monna e mong oa Lefora joaloka Rousseau, ea bitsoang Voltaire, o ile a nahana hore nako eo bo-rahistori ba bang ba e bitsang Mehla ea Lefifi, ke nako eo ka eona bolumeli bo ileng ba etella pele hore Europe e oele lilemong tse makholo tsa ho hloka tsebo, tsa tumela-khoela le tsa ho hloka mamello.
Voltaire e ile ea e-ba setho sa mokhatlo oa Europe oa bahlalefi o tsejoang e le Mokhatlo oa Tsebo. Litho tsa oona li ile tsa khutlela maikutlong a Bagerike ba boholo-holo a hore monahano oa motho le liphuputso tsa saense ke mohloli oa tsebo ea ’nete. Setho se seng sa mokhatlo ona, e leng Bernard de Fontenelle, se ile sa nahana hore monahano oa motho ka booona o ka mo fihlisa “lekholong la lilemo leo ho neng ho tla ba le tsebo e ntseng e eketseha hoo ho neng ho tla nkoa hore lilemo tsohle tse makholo tse fetileng e ne e le tsa ho hloka tsebo.”—Encyclopædia Britannica.
Maikutlo ana ke a mang a a loantšanang a kamoo ho ka fumanoang tsebo kateng. Na ho hlile ho na le “ntho e bontšang tsela e le kannete” eo re ka eang ho eona ha re ntse re batla tsebo? Hlahloba seo sehlooho se latelang se se buang ka mohloli o tšepahalang oa tsebo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
Gautama (Buddha), Rousseau le Voltaire ba ile ba nka litsela tse sa tšoaneng tsa ho batla tsebo