Ho Haha re Kopane Bakeng sa ho Rorisa Molimo
BATHO ba lulang ho se seng sa Lihlekehleke Tsa Solomon ba ne ba ntse ba shebile Holo e ncha ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Mosali e mong o ile a re: “Kerekeng ea rōna, re na le mekhoa e mengata ea ho etsetsa kereke chelete. Re kōpa litho tsa rōna hore li ntše chelete, empa re ntse re se na chelete e lekaneng ea ho haha kereke e ncha. Lōna Lipaki le fumana chelete joang?” Paki eo a neng a bua le eona e ile ea araba: “Re rapela Jehova re le lelapa la lefatšeng lohle. Phutheho ea rōna hammoho le barab’abo rōna lefatšeng lohle ba ile ba fana ka se neng se hlokahala hore ho hahuoe Holo e ncha ea ’Muso. Jehova o re rutile hore re momahane linthong tsohle.”
U bona bonngoe har’a Lipaki Tsa Jehova linthong tsohle tseo li li etsang, ho akarelletsa le ho haha Liholo Tsa ’Muso tse likete-kete. Hase ntho e ncha ho bontša bonngoe bo joalo ha ho phethoa merero ena. Bo ’nile ba e-ba teng har’a batho ba Molimo ka lilemo tse likete. Ke hobane’ng ha re bua joalo?
Ho Haha Tabernakele le Tempele
Lilemong tse ka holimo ho 3 500 tse fetileng, Jehova o ne a bua ka sechaba sa Iseraele ha a ne a re ho Moshe: “Ba nketsetse sehalalelo.” (Exoda 25:8) Mabapi le polane ea mohaho ona, Jehova o ile a phaella ka ho re: “Ho ea ka sohle seo ke u bontšang sona e le mohlala oa tabernakele le mohlala oa thepa eohle ea eona, ke tsela eo [sechaba sohle sa Iseraele se] tla e etsa ka eona.” (Exoda 25:9) Eaba Jehova o bolela lipolane tse qaqileng mabapi le mohaho oa sehalalelo, thepa ea teng le lisebelisoa. (Exoda 25:10–27:19) “Tabernakele” ena kapa tente, e ne e lokela ho ba setsi sa borapeli ba ’nete bakeng sa Iseraele eohle.
Ha re tsebe hore na ke batho ba bakae ba ileng ba sebetsa morerong oo, empa Baiseraele bohle ba ile ba kōptjoa hore ba kenye letsoho. Moshe o ile a re ho bona: “Har’a lōna nkang monehelo oa Jehova. E mong le e mong ea nang le pelo e ratang a ke a o tlise e le monehelo oa Jehova.” (Exoda 35:4-9) Baiseraele ba ile ba etsa joang? Exoda 36:3 e re: “Joale ba nka ka pel’a Moshe monehelo oohle oo bara ba Iseraele ba neng ba o tlisitse bakeng sa mosebetsi oa tšebeletso e halalelang e le hore o etsoe, ’me, ha e le bara ba Iseraele, ba ’na ba mo tlisetsa nyehelo ea boithaopo hoseng ho hong le ho hong.”
Kapele, ho ne ho e-na le liqubu tsa thepa e fanoeng, ’me batho ba ’na ba tlisa e ’ngoe hape. Qetellong litsebi tsa mosebetsi oa matsoho li ile tsa bolella Moshe tsa re: “Sechaba se tlisa ho hongata haholo ho feta seo tšebeletso e se hlokang bakeng sa mosebetsi oo Jehova a laetseng hore o etsoe.” Eaba Moshe o re: “Banna le basali, le se ke la hlahisa thepa leha e le efe e eketsehileng bakeng sa monehelo o halalelang.” Ho ile ha fella joang? “Thepa ea lekana bakeng sa mosebetsi oohle o etsoang, ea ba ea feta tekanyo.”—Exoda 36:4-7.
Kahobane Baiseraele ba ne ba fana haholo, tabernakele e ile ea phethoa pele selemo se fela. (Exoda 19:1; 40:1, 2) Batho ba Molimo ba ile ba hlompha Jehova ka hore ba tšehetse borapeli ba ’nete. (Liproverbia 3:9) Hamorao, ba ne ba tla qalisa morero oa kaho o moholo ho feta oo. Le lekhetlong leo, bohle ba ratang ba ne ba ka kenya letsoho morerong oo, ebang ba ne ba e-na le litsebo tsa kaho kapa che.
Lilemo tse ka bang makholo a mahlano ka mor’a hore Baiseraele ba hahe tabernakele, ba ile ba qala ho haha tempele e Jerusalema. (1 Marena 6:1) Ona e ne e tla ba mohaho o motlehali, o hahiloeng ka thata o entsoeng ka majoe le lifate. (1 Marena 5:17, 18) “Ka pululelo,” Jehova o ile a fa Davida lipolane tsa ho haha tempele. (1 Likronike 28:11-19) Empa o ile a khetha Solomone, mor’a Davida hore a etelle pele mosebetsi oo oa kaho. (1 Likronike 22:6-10) Davida o ile a tšehetsa morero oo ka pelo eohle ea hae. O ile a batla majoe, libalaka le thepa e ’ngoe ’me a fana ka khauta ea hae le silevera ka bongata. O bile a khothalletsa Baiseraele ba habo hore ba fane ka seatla se bulehileng, ka hore a ba botse: “Ke mang ea ithaopelang ho tlatsa letsoho la hae kajeno ka mpho bakeng sa Jehova?” Batho ba ile ba etsa’ng?—1 Likronike 29:1-5.
Nakong eo Solomone a neng a qala ho haha tempele, ho ne ho e-na le khauta le silevera e etsang lithane tse likete. Koporo le tšepe li ne li le ngata hoo ho neng ho se na mokhoa oa ho li bekha. (1 Likronike 22:14-16) Ka lebaka la tšehetso ea Jehova le ea sechaba sohle sa Iseraele, morero oo o ile oa phethoa ka lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng feela.—1 Marena 6:1, 37, 38.
“Ntlo ea Molimo oa ’Nete”
Tabernakele le tempele tse neng li le Jerusalema li ne li bitsoa “ntlo ea Molimo oa ’nete.” (Baahloli 18:31; 2 Likronike 24:7) Ha ho mohla Jehova a kileng a hloka bolulo ba ntlo. (Esaia 66:1) O ile a laela hore mehaho eo e etsoe molemong oa batho. Ha e le hantle, ha ho ne ho khakoloa tempele, Solomone o ile a botsa: “Na kannete Molimo o tla lula lefatšeng? Bona! Maholimo, e, leholimo la maholimo, a ke ke a u lekana; joale, ntlo ee eo ke e hahileng e nyenyane hakaakang!”—1 Marena 8:27.
Ka moprofeta oa hae Esaia, Jehova o ile a re: “Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.” (Esaia 56:7) Mahlabelo le lithapelo tse neng li etsoa tempeleng, hammoho le litšebeletso tse neng li tšoareloa moo, li ne li lumella batho ba tšabang Molimo—Bajuda hammoho le bao e seng Bajuda—hore ba atamele ho Molimo oa ’nete. Ba ne ba fumana botsoalle le Jehova le tšireletso ea hae ka hore ba rapelle ntlong ea hae. Thapelo eo Solomone a ileng a e etsa ha ho ne ho neheloa tempele e hatisa ’nete ena. U ka bala lipolelo tseo tsa hae tse amang pelo ha a ne a bua le Molimo ho 1 Marena 8:22-53 le 2 Likronike 6:12-42.
Ntlo eo ea boholo-holo ea Molimo oa ’nete e ile ea senngoa khale haholo, empa Lentsoe la Molimo le ile la bua ka nako eo ka eona batho ba lichaba tsohle ba neng ba tla bokelloa hore ba rapele Jehova tempeleng ea moea e khōlō le ho feta. (Esaia 2:2) Tsela eo batho ba neng ba tla atamela Jehova ka eona e ne e tla ba ka sehlabelo se phethahetseng sa Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo, se neng se tšoantšetsoa ke mahlabelo a liphoofolo a neng a nyeheloa tempeleng. (Johanne 14:6; Baheberu 7:27; 9:12) Hona joale Lipaki Tsa Jehova li rapela Molimo ka tsela eo e phahameng, ’me li ntse li thusa ba bang ba bangata hore le bona ba etse joalo.
Merero ea Kaho ea Mehleng ea Kajeno
Lefatšeng ka bophara, Lipaki Tsa Jehova li sebeletsa Molimo oa ’nete. Ke tsona “sechaba se matla,” seo baahi ba sona ba ntseng ba eketseha. (Esaia 60:22) Sebaka sa bohlokoa seo Lipaki Tsa Jehova li kopanelang ho sona se bitsoa Holo ea ’Muso.a Liholo Tsa ’Muso tse likete li ntse li sebelisoa ’me ho hlokahala tse ling tse likete.
Lipaki Tsa Jehova li “itlhahisa ka ho rata” hore li hahe Liholo Tsa ’Muso tse hlokahalang. (Pesaleme ea 110:3) Leha ho le joalo, hangata Lipaki tsa libakeng tse fapaneng ha li na litsebo tsa ho haha, ’me libakeng tse ling moo ho nang le keketseho e khōlō, batho ba futsanehile haholo. Ka 1999, Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se ile sa theha lenaneo la ho haha Liholo Tsa ’Muso e le hore ho hlōloe litšitiso tseo. Ka lenaneo lena, Lipaki tse nang le litsebo tsa kaho li ile tsa ea libakeng tse hōle ho ea koetlisa bara le barali babo tsona hore ba hahe Liholo Tsa ’Muso. Ebe joale basebetsi bao ba koetlisitsoeng ba ntšetsa pele mosebetsi oa ho haha sebakeng seo. Boiteko boo bo khethehileng bo bile le phello efe?
Ka February 2006, Lipaki Tsa Jehova li ne li hahile Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse fetang 13- 000 linaheng tse futsanehileng. Ak’u bale mantsoe a ba bang ba sebelisang Liholo tseo tse ncha tsa ’Muso.
“Karolelano ea phutheho ea ba neng ba e-ba teng sebokeng e ne e le 160. Sebokeng sa pele ka mor’a hore ho hahuoe Holo ea ’Muso e ncha, palo ea ba bang teng sebokeng e ile ea phahamela ho ba 200. Hona joale, likhoeli tse tšeletseng hamorao, palo ea ba bang teng sebokeng ke 230. Ho totobetse hore Jehova o hlohonolofatsa kaho ea mehaho ena e itekanetseng empa e le molemo.”—Molebeli oa potoloho Ecuador.
“Ka lilemo tse ngata, batho ba ’nile ba re botsa, ‘Hantle-ntle le tla ba le Holo ea ’Muso e tšoanang le tseo re li bonang libukeng tsa lōna neng?’ Ka thuso ea Jehova, re qeteletse re e-na le sebaka se setle sa borapeli. Re ne re tšoarela liboka ka lebenkeleng la mor’abo rōna, ’me ka karolelano batho ba 30 ba ne ba e-ba teng sebokeng. Sebokeng sa pele Holong e ncha ea ’Muso, ho ne ho e-na le batho ba 110.”—Phutheho e ’ngoe ea Uganda.
“Baralib’abo rōna ba babeli bao e leng bo-pula-maliboho ba kamehla ba tlaleha hore ho monate haholo ho ea tšimong esale ho hahuoa Holo ea ’Muso. Batho ba rata ho re mamela ha re ea ka ntlo le ntlo esita le ha re etsa bopaki bo sa reroang. Hona joale barali bana babo rōna ba khanna lithuto tsa Bibele tse 17, ’me bongata ba liithuti tsena tsa Bibele bo tla libokeng.”—Ofisi ea lekala Lihlekehlekeng Tsa Solomon.
“Moruti e mong ea lulang haufi le Holo e ncha ea ’Muso o re e etsa hore motse kaofela e be o hlomphehang ’me batho ba sebakeng seo ba motlotlo ka eona. Ba bangata ba fetang ka tsela ba bolela kamoo holo eo e leng ntle kateng. Sena se fa barab’abo rōna menyetla e metle ea ho paka. Batho ba bangata ba batla ho tseba ka mokhatlo oa rōna oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara. Ba bangata ba neng ba sa tle libokeng ka lilemo tse ngata ba susumelitsoe hore ba boele ba kopanele kamehla.”—Ofisi ea lekala ea Myanmar.
“Morali’abo e mong oabo rōna o ile a memela monna ea thahasellang hore a tle setšeng sa kaho [ea Holo ea ’Muso] motseng oa habo. Hamorao monna eo o ile a re: ‘Ke ne ke nahana hore basebetsi ba ke ke ba ntumella hore ke sebetse. Ke ile ka makala ha Lipaki li ntumelisa ka mosa. Banna le basali ba ne ba sebetsa ka thata, ba sa senye nako. Ho ne ho rena kutloano le moea o motle.’ Monna eo o ile a amohela thuto ea Bibele ’me a qala ho tla libokeng. Hamorao o ile a re: ‘Ke fetotse tsela eo ke nahanang ka eona. Kaha joale ke fumane Molimo, nke ke ka mo tlohela.’”—Ofisi ea lekala ea Colombia.
Tšehetso ea Rōna e Bohlokoa
Ho haha Liholo Tsa ’Muso ke karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna e halalelang. Tsela eo ka eona Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li tšehelitseng mosebetsi oo—ka lichelete le ka litsela tse ling—ruri ea babatseha. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore likarolo tse ling tsa tšebeletso e halalelang le tsona li bohlokoa. Nako le nako, Bakreste ba hlaseloa ke likoluoa tsa tlhaho ’me ba hloka hore re ba thuse. Ho hlahisoa ha lingoliloeng tsa Bibele ho phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho tšehetsa tšebeletso e halalelang. Boholo ba rōna re bone kamoo makasine kapa buka e thehiloeng Bibeleng e leng matla kateng ha e fuoa motho ea nang le tšekamelo e nepahetseng. Ho phaella moo, ho bohlokoa haholo hore ho tšehetsoe baromuoa le ba bang ba leng tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng. Bakreste ba itetseng joalo ba phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho atolosa mosebetsi oa boboleli matsatsing ana a ho qetela.
Ba ileng ba fana ka monehelo hore ho hahuoe tempele ba ile ba thaba haholo. (1 Likronike 29:9) Ka ho tšoanang, kajeno rea thaba ha re tšehetsa borapeli ba ’nete ka menehelo ea rōna. (Liketso 20:35) Rea thaba ha re tšela monehelo ka lebokoseng la Letlōle la Liholo Tsa ’Muso le ha re fana ka monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle, ka tsela eo re tšehetsa merero e meng e amanang le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Kajeno Lipaki Tsa Jehova li kopane borapeling ba ’nete ka tsela e tsotehang. E se eka kaofela ha rōna re ka ba le thabo e khaphatsehang e tlisoang ke ho tšehetsa borapeli boo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho tseba ka tšimoloho ea lebitso lena “Holo ea ’Muso,” bona buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 319, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 20, 21]
LITSELA TSEO BA BANG BA KHETHANG HO FANA KA TSONA
MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE
Ba bangata ba behella ka thōko, kapa ba lekanyetsa esale pele chelete eo ba e tšelang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle—Matheu 24:14.”
Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang linaha tsa habo tsona. Menehelo ea boithatelo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Accounting Office, Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno. Licheke tse romeloang atereseng ena li lokela ho ngoloa hore li lefuoe “Watch Tower.” Mabenyane le lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona li ka fanoa. Menehelo ena e lokela ho tsamaea le lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tse joalo ke mpho e tobileng.
HO FANA HO RERILOENG
Ho phaella limphong tse tobileng tsa chelete, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka thusang mosebetsing oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Eona e akarelletsa:
Inshorense: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa oa tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.
Li-stock le Li-bond: Ho ka ’na ha nehelanoa ka li-stock le li-bond ho Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho e tobileng.
Litša Tse Nang le Mehaho: Ho ka ’na ha nehelanoa ka litša tse nang le mehaho tse ka rekisoang, ebang ke ka ho li etsa mpho e tobileng, kapa haeba e le litša tsa bolulo, ka ho lokisetsa hore mong’a tsona a tsoele pele a lula ho tsona ha a sa ntse a phela. Ikopanye le ofisi ea lekala naheng ea heno pele u ngolisa setša leha e le sefe se nang le mohaho.
Mangolo a Kabo ea Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le lefa ka ho e ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa.
Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka ho ngolla atereseng e bontšitsoeng mona ka tlaase, kapa ka ho letsetsa nomorong e ka tlaase, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno.
Accounting Office
Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa
Private Bag X2067
Krugersdorp
1740
South Africa
Thelefono: (011) 761-1000
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Boiteko ba rōna bo kopanetsoeng bo etsa hore re khone ho haha Liholo Tsa ’Muso tse ntle lefatšeng ka bophara
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Holo ea ’Muso e ncha Ghana