Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 11/15 maq. 10-13
  • Sekolo Seo Liithuti Tsa Sona li Ruisang Batho Molemo Lefatšeng ka Bophara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sekolo Seo Liithuti Tsa Sona li Ruisang Batho Molemo Lefatšeng ka Bophara
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lokisetsa ho ea Sekolong
  • Ho ‘Rutoa ke Jehova’
  • Baevangeli, Balisa le Mesuoe
  • Ho Lebela Phutheho ka Mokhoa o Ntlafetseng
  • Ho Sebeletsa Masimong a ka Thōko
  • Ho Ruisa Bacha Molemo
  • Ho Sebeletsa Phuthehong eo ho Buuoang Puo Esele
  • Ho Sebeletsa Maemong a Mang ka Boikokobetso
  • Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi—Monyako o Moholo o Isang Tšebetsong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Baholo—Koetlisang ba Bang Hore ba Jare Moroalo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Sekolo sa Tšebeletso sa ’muso se Fana ka Thuto ea Bomolimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 11/15 maq. 10-13

Sekolo Seo Liithuti Tsa Sona li Ruisang Batho Molemo Lefatšeng ka Bophara

LIPHUTHEHONG tse ka holimo ho 98 000 tsa Lipaki Tsa Jehova, linaheng tse fetang 200, batho ba limelo tsohle ba rutoa ke Molimo. Bibele ke eona buka e ka sehloohong ea ho ithuta, ’me sepheo sa thuto ena ke ho thusa batho hore ba hōle moeeng ka ho ithuta seo thato ea Molimo e leng sona le kamoo ba ka phelang ka eona. Ba amohelang thuto ena ba rua molemo haholo. Tumellanong le taelo ea Jesu Kreste ea hore ba etse barutuoa, ba bolella ba bang seo ba ithutang sona.—Matheu 28:19, 20.

Ho phaella lenaneong le tsoelang pele la thuto liphuthehong tsa tsona, Lipaki Tsa Jehova li thehile likolo tse ngata tse khethehileng. Se seng sa tsona ke Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Se ile sa qala ka October 1987, Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A. Sehlopha sa pele se ne se entsoe ka liithuti tse 24 tse buang Senyesemane. Ho tloha ka nako eo, lithupelo li ’nile tsa tšoaroa ka lipuo tse 21 linaheng tse 43. Ho fihlela joale, ho se ho ngolisitsoe baholo le bahlanka ba sebeletsang bao e leng masoha ba tsoang linaheng tse fetang 90. Ha liithuti li qetile thupelo ena ea libeke tse robeli, li abeloa ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo, ebang ke linaheng tsa habo tsona kapa linaheng tse ling. Bofelong ba selemo sa 2005, basebeletsi ba Bakreste ba fetang 22 000 ba ne ba phethile thupelo eo. Boiteko ba bona bo matla bo etsoang ka boikokobetso ba hore ba ntšetse pele mesebetsi e amanang le ’Muso le ho ruisa ba bang molemo bo hlohonolofalitsoe haholo.—Liproverbia 10:22; 1 Petrose 5:5.

Ho Lokisetsa ho ea Sekolong

E le hore liithuti tse ngata li ee Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, li lokela ho kōpa nako ea ho ba sieo mesebetsing ea tsona ea boipheliso ebang ke ea nakoana kapa ea kamehla. Ka linako tse ling sena e ba bothata. Hawaii, banna ba babeli ba Bakreste ba neng ba memetsoe ho ea sekolong seo ba ile ba lokela ho kōpa nako ea ho ba sieo mosebetsing oa bona oa ho ba mesuoe sekolong. Ba tšepile hore Jehova o tla ba thusa, ba ile ba etsa likōpo tsa bona, ba hlalosa mabaka ao ba neng ba batla ho ea sekolong seo ka ’ona le kamoo ba neng ba tla rua molemo kateng. Ka bobeli ba ile ba fuoa nako eo ea ho ba sieo mosebetsing.

Maemong a mangata, Lipaki tse neng li kōpa nako ea ho ba sieo mosebetsing li ile tsa bolelloa hore li tla felloa ke mosebetsi. Li ile tsa khetha hore li koetlisoe ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, esita leha seo se ne se bolela hore ba felloe ke mosebetsi. Hamorao, ba bang ba bona ba ile ba kōptjoa ke bahiri hore ba khutlele mosebetsing ha ba qetile sekolong seo. Boikemisetso bo joalo ba ho ea sekolong seo bo ka akaretsoa tjena: Kōpa mohiri oa hao, rapella hore Jehova a u thuse, ebe u tlohella tsohle matsohong a hae.—Pesaleme ea 37:5.

Ho ‘Rutoa ke Jehova’

Thupelong ena ea libeke tse robeli, ho tšohloa thuto ea Bibele ka mokhoa o batsi. Liithuti li ithuta kamoo batho ba Jehova ba hlophisitsoeng kateng hore ba etse thato ea Molimo le kamoo li ka atlehang kateng ho sebelisa Bibele tšebeletsong ea tsona ea tšimo, libokeng tsa phutheho le likopanong.

Seithuti se seng se neng se fumane mangolo sekolong sena se ile sa ngolla se seng seo e neng e le hona se tla ea sekolong, sa re: “Kea u tiisetsa, u il’o fumana thuto e molemo ho feta tsohle tseo u kileng ua li fumana. Lengolo le buang ka ho ‘rutoa ke Jehova,’ le ba le moelelo haholoanyane. Phihlelo eo motho a e fumanang moo e nchafatsa botho ba hae le pelo ea hae hore li tšoane haholoanyane le mohlala oa Kreste Jesu. U il’o fumana phihlelo ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao.”—Esaia 54:13.

Baevangeli, Balisa le Mesuoe

Hona joale liithuti tse tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi li sebeletsa linaheng tse 117. Tsona li akarelletsa lihlekehleke tsa Atlantic, tsa Caribbean le libaka tsa Pacific hammoho le linaha tse ngata moo ho nang le liofisi tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova. Makala a tlaleha hore thuto e molemo eo liithuti li e fumanang e bonahala mosebetsing oa tsona oa boevangeli, oa bolisa le oa ho ruta. Koetliso eo e li hlomella hore li atlehe haholoanyane ha li sebelisa Bibele tšebeletsong ea tšimo. (2 Timothea 2:15) Ha li araba lipotso tsa beng ba matlo, hangata li sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangoloa ’me li koetlisa bahoeletsi ba bang ba ’Muso hore le bona ba etse joalo. Cheseho ea liithuti tse tsoang sekolong sena e tšoaetsa ba bang, ’me mesebetsi ea tsona e matlafatsa liphutheho.

Baholo ba phutheho ba na le tokelo ea ho ‘lisa mohlape,’ ’me ba thusa ka ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa ba bang. (1 Petrose 5:2, 3) Mabapi le tokisetso ena, moholo e mong o ile a re: “Re ananela hore ebe ofisi ea lekala e romela barab’abo rōna ba koetlisitsoeng hantle ho tla re thusa ho jara boikarabelo ba ho lisa mohlape oa Molimo.” Ofisi e ’ngoe ea lekala e Bochabela bo Hōle le eona e ile ea re: “Liithuti tse tsoang sekolong sena li bontša qenehelo haholo. Li sebetsa ka thata ’me sena se etsa hore phutheho e li hlomphe haholo. Ba bang ba tseba boikokobetso ba tsona, cheseho le tabatabelo ea tsona ebile ba ananela litšobotsi tseo haholo. Li itela ka boithaopo ebile li thabela ho fallela liphuthehong tse hlokang balisa.” (Bafilipi 2:4) Banna ba joalo ba khatholla balumeli-’moho le bona ’me ba lokela ho babatsoa.—1 Bakorinthe 16:18.

Ho phaella moo, barupeli ba Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ba thusa liithuti ho ntlafatsa tsebo ea tsona ea ho bua phatlalatsa. Ka hore li sebelise litlhahiso le keletso eo li e fumanang, liithuti tse ngata tse fumaneng mangolo sekolong sena, kapele li ka sebelisoa kopanong ea potoloho le lenaneong la kopano ea setereke. Molebeli e mong oa potoloho o ile a bolela hore liithuti tse tsoang sekolong sena li fana “ka lipuo tse monate ebile li bontša kamoo boitsebiso bo sebetsang kateng, li beha mabaka ka mokhoa o utloahalang.”—1 Timothea 4:13.

Boleng ba thuto bo ile ba ntlafala haholo liphuthehong naheng e ’ngoe ea Afrika ka mor’a hore ho tšoaroe Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi naheng eo ’me liithuti li abeloe ho ea tšimong. Baholo ba tsoang sekolong seo ba thusa mosebetsing oa ho bolela evangeli, oa bolisa le oa ho ruta, ’me ka tsela eo ba haha liphutheho moeeng.—Baefese 4:8, 11, 12.

Ho Lebela Phutheho ka Mokhoa o Ntlafetseng

Libakeng tse ngata, ho hlokahala baholo le bahlanka ba sebeletsang ba eketsehileng. Liphutheho tse ling li ka be li se na baholo ho hang hoja li ne li sa romeloa seithuti se tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Ka hona, liithuti tse ngata tse tsoang sekolong sena li abeloa ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e joalo.

Liofisi tse ngata tsa makala li tlaleha hore banna bana baa “ipabola litabeng tsa tlhophiso,” “ba nka boikarabelo ba bona ka ho teba,” “ba thusa ba bang hore ba utloisise ba be ba hlomphe mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova,” ba bile “ba thusa litho tsa liphutheho hore li be botsoalle ’me li hōle moeeng.” Lebaka ke hore liithuti tsena li latela se ngotsoeng Lentsoeng la Molimo ’me ha li itšetlehe ka kutloisiso ea tsona ebile ha li ipone bohlale. (Liproverbia 3:5-7) Banna ba joalo e ba limpho tsa moea liphuthehong tseo ba abetsoeng ho sebeletsa ho tsona.

Ho Sebeletsa Masimong a ka Thōko

Liithuti tse ling tse abetsoeng ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng li thusa lihlopha tse ka thōko hore e be liphutheho. Ha a hlalosa kamoo a ananelang thuso ea tsona kateng, moholo e mong ea lulang sebakeng se thōko haholo sa Guatemala o ile a re: “Ka lilemo tse 20 ke ne ke tšoenyehile ka hore na tšimo ena e khōlōhali e ne e tla hlokomeloa joang. Hangata ke ne ke rapella taba ena. Barab’abo rōna ba tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ba koetlisitsoe hantle litabeng tsa ho bua le tsa tlhophiso, ’me ke thabile haholo ho bona hore joale sebaka sena se hlokometsoe hantle.”

Liithuti tse tsoang sekolong sena li ithutile ho atleha masimong ao li lokelang ho tsamaea libaka tse telele lithabeng hore li fihle metsaneng ea teng e qalikaneng. Ha li fihla moo, kapele-pele li theha lihlopha le ho li hlophisa, esita leha bahoeletsi ba bang ba ne ba sitiloe ho etsa joalo. Ka mohlala, moholo e mong oa Niger o ile a kōpa thuso ea liithuti tseo hobane a ne a nahana hore li ka etsa mosebetsi o tsoileng matsoho tikolohong ea habo. Haholo-holo libakeng tse thōko, ho ka ba bonolo hore banna ba masoha ba sebeletse e le bo-pula-maliboho ba khethehileng hape e le balebeli ba potoloho. Joaloka moapostola Pauluse, ba lokela ho tobana le ‘likotsi tsa linōka, tsa masholu a litseleng le likotsi tsa lefeelleng,’ ho felloa ke boiketlo, hammoho le ho tšoenyeha ka liphutheho tseo ba li sebeletsang.—2 Bakorinthe 11:26-28.

Ho Ruisa Bacha Molemo

Mangolo a khothalletsa bacha hore ba hopole ’Mōpi oa bona. (Moeklesia 12:1) Liithuti tse chesehang tse tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ke mehlala e metle ho bacha ba Bakreste. Ka mor’a hore liithuti tse peli tse tsoang sekolong sena li fihle phuthehong e ’ngoe United States, kakaretso ea nako eo barab’abo rōna ba neng ba e qeta ba le tšimong e ile ea imena habeli. Ho feta moo, palo ea bo-pula-maliboho ba kamehla e ile ea eketseha ho tloha ho ba 2 ho ea ho ba 11. Sena ke mohlala oa se etsahetseng liphuthehong tse ngata.

Liithuti tsena li boetse li khothatsa bahlankana ba bang hore ba nahane ka ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Sena se susumelitse ba bang bao e e-song ho be bahlanka ba sebeletsang hore ba hahamalle tokelo eo. Ofisi ea lekala ea Netherlands e re liithuti tse tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ke “mehlala e lokelang ho etsisoa ke bahlankana ba ntseng ba nahana ka seo ba lokelang ho se etsa bophelong.”

Ho Sebeletsa Phuthehong eo ho Buuoang Puo Esele

Linaheng tse ngata, ho ntse ho matlafatsoa boiteko ba ho bolela litaba tse molemo ka lipuo tseo batho ba li antseng letsoeleng. Liithuti tse tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi hangata li ithuta lipuo tse ling ’me li sebeletsa masimong ao ho nang le baahi ba bangata ba tsoang linaheng tse ling. Ka mohlala, Belgium ho hlokahala baboleli ba eketsehileng hore ba pakele batho ba buang Sealbania, Sepersia le Serussia.

Liphutheho le lihlopha tse buang lipuo lisele Brithani, Jeremane, Italy, Mexico, United States le linaheng tse ling li se ntse li rua molemo haholo ho balebeli ba tsamaeang, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Lekala la Korea le tlaleha hore “liithuti tse fetang 200 li phetha karolo ea bohlokoa ho thusa liphutheho le lihlopha tse buang lipuo lisele.”

Ho Sebeletsa Maemong a Mang ka Boikokobetso

Ho phaella tabeng ea ho sebeletsa liphuthehong le lihlopheng tse buang lipuo lisele, liithuti tse tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi li sebeletsa e le baholo, bahlanka ba sebeletsang ebile e le balebeli ba tsamaeang. Tse ling li amohela likabelo tsa ho ea sebeletsa linaheng tse ling, mohlomong ho ea koala likheo ka potlako Lefapheng la Tšebeletso ofising ea lekala. Tse nang le litsebo tsa kaho li ka ’na tsa kenya letsoho lenaneong la ho haha Liholo Tsa ’Muso.

Ka lebaka la ho eketseha ha palo ea liphutheho le lipotoloho lefatšeng ka bophara, ho lula ho ntse ho hlokahala balebeli ba tsamaeang ba eketsehileng. E le ho koala likheo tseo, ho khethoa liithuti tse itseng tse tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi hore li koetlisoe ka libeke tse leshome bakeng sa mosebetsi oa ho tsamaea ebe joale li sebeletsa e le balebeli ba potoloho ba tšoarang molepo kapa ba kamehla. Hona joale liithuti tse tsoang sekolong sena tse ka bang 1 300 li sebeletsa e le balebeli ba tsamaeang linaheng tse 97. Naheng e ’ngoe ea Afrika, karolo ea 55 lekholong ea balebeli ba tsamaeang e tsoa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Athe naheng e ’ngoe ea Afrika, ke ba etsang karolo ea 70 lekholong.

Australia, Canada, Europe, Bochabela bo Hōle le United States, liithuti tse makholo tse tsoang sekolong sena li rometsoe ho ea hlokomela litlhoko tse khethehileng linaheng tse ling. Ka tsela ena, melemo ea sekolo sena e atolohetse lefatšeng ka bophara.

Ka Mora oa hae, Jesu Kreste, Jehova o hlahisitse baevangeli, balisa, mesuoe le ba bang hore ba ntšetse pele mesebetsi e amanang le ’Muso matsatsing ana a ho qetela. Na ho sa na le monyetla oa hore ho be le keketseho e ’ngoe palong ea batho ba Molimo? Hantle haholo! Kahoo ho lula ho hlokahala banna ba inehetseng hore ba hahamalle boikarabelo bo boholo. (Esaia 60:22; 1 Timothea 3:1, 13) Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se bulela baholo le bahlanka ba sebeletsang monyetla oa hore e be ba hlomeletsoeng ho atolosa tšebeletso ea bona, ka tsela eo ba rue molemo ka bobona ba be ba ruise le ba bang molemo tšimong ea lefatše ka bophara.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se ntšetsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso lefatšeng ka bophara

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Na u nahana ho ngolisa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ’me u ruise ba bang molemo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela