Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi—Monyako o Moholo o Isang Tšebetsong
1 A sebelisa moprofeta Jeremia, Jehova o boletse esale pele, a re: ‘Ke tla hlahisetsa [batho ba ka] balisa ba tla ba lisa; ha ba sa tla hlola ba tšoha, kapa ba tšaba, ’me ha ho le ea mong ea tla haella.’ (Jer. 23:4) Kajeno mosebetsi o joalo oa bolisa o ntse o etsoa har’a batho ba lichaba tsohle. O etsoa ke baholo ba liphutheho ba likete tse mashome. Ho phaella moo, sehlopha sa bahlankana ba bangata joaloka marotholi a phoka se itlhahisitse ka ho rata tšebeletsong ea Jehova. (Pes. 110:3) Bara bana babo rōna ba ikokobelitseng ke tlhohonolofatso e kaakang liphuthehong tsa batho ba Molimo! Kaha mosebetsi oa pokello ea moea o ntse o tsoela pele, ho sa ntse ho hlokahala banna ba tšoanelehang hore ba ithaopele ho sebeletsa barab’abo bona.
2 Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ke tokisetso e molemo ea ho koetlisa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha bakeng sa boikarabelo bo eketsehileng. Liithuti tse fetang 22 000 tse tsoang linaheng tse ka bang 140 li fumane koetliso ena litlelaseng tse 999 tse ’nileng tsa tšoaroa ho tloha ha sekolo sena se thakholoa ka 1987. Ho bara bana babo rōna, sekolo sena e bile “monyako o moholo o isang tšebetsong.”—1 Bakor. 16:9.
3 Morero oa Sekolo: Sepheo sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ke ho koetlisa banna ba tšoanelehang le ho ba hlomella bakeng sa boikarabelo kae kapa kae moo ba ka sebelisoang teng mokhatlong o hlophisitsoeng. Sekolo sena se eketsa tsebo ea bona ea ho etella pele mosebetsing oa ho bolela evangeli, ea ho alosa mohlape le ho ruta ka har’a phutheho. Ka mor’a ho fumana mangolo, liithuti tse ling li abeloa ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng kapa balebeli ba tsamaeang linaheng tsa habo tsona kapa tse ling. Tse ling li abeloa ho sebeletsa liphuthehong tsa habo tsona kapa libakeng tseo tlhokahalo e leng khōlō ho tsona tšimong ea lekala.
4 Nakong ea thupelo ena e nkang libeke tse robeli, liithuti li amohela thuto e batsi ea Bibele. Li hlahloba ka hloko lithuto tse ngata tsa Bibele haesita le boikarabelo ba bolisa le melao e tataisang ea ho sebetsana le mathata a bophelo ba Bokreste. Hape li rutoa se boleloang ke mangolo ka lintho tse amanang le tsamaiso, boahloli le tlhophiso. Li fumana koetliso e khethehileng mabapi le ho bua phatlalatsa ’me seithuti se seng le se seng se thusoa ho hatela pele moeeng ka potlako.
5 Litlhokahalo: Ka ho utloahalang, litlhokahalo tsa hore motho a kene sekolo sena li phahame haholo. Ba etsang kōpo e lokela hore ebe baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ba sebelelitseng boemong boo bonyane ka lilemo tse peli tse latellanang. Kaofela e lokela ho ba masoha a pakeng tsa lilemo tse 23 le tse 50. Ba etsang kōpo ba lokela ho tseba ho bala, ho ngola le ho bua Senyesemane kaha sekolo se Zambia se tšoaroa ka Senyesemane. Hape e lokela ho ba batho ba phetseng hantle ’meleng, ba sa hlokeng tlhokomelo e khethehileng kapa phekolo. Ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho ba kamehla ba fuoa monyetla oa pele.
6 Ba ithaopang ba lokela ho ikemisetsa ho sebeletsa kae kapa kae moo ba hlokoang teng. Sena se hloka hore motho a be le moea o kang oa moprofeta Esaia, eo ka cheseho a ileng a ithaopela ho etsa mosebetsi o khethehileng, a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esa. 6:8) O ile a boela a bontša boikokobetso bophelong bohle ba hae. Ba ithaopelang ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ba lokela ho susumetsoa ke lerato bakeng sa barab’abo bona le takatso ea ho ba sebeletsa, ho e-na le ho batla ho hlahella kapa maemo. Ka mor’a hore ba amohele koetliso e molemo joalo, ho lebeletsoe hore ba fumaneng mangolo ba sebelise seo ba ithutileng sona ho ruisa ba bang molemo.—Luka 12:48.
7 Melemo: Nakong ea libeke tsena tse robeli tsa koetliso e batsi, liithuti li ‘feptjoa ka mantsoe a tumelo le a thuto e ntle.’ (1 Tim. 4:6) Sena se ba hlomella bakeng sa ho thusa le ho khothatsa ba bang liphuthehong le lipotolohong tseo ba abetsoeng ho tsona. Libakeng tse ngata tseo ba fumaneng mangolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ba abetsoeng ho sebeletsa ho tsona, tšebeletso ea tšimo e ntlafetse, ho ’nile ha khothalletsoa tšebeletso ea bopula-maliboho, haholo-holo har’a bacha, ’me ba qalang ho kopanela le batho ba Molimo ba fuoa tlhokomelo e khethehileng.
8 Na u moholo kapa mohlanka ea sebeletsang oa lesoha ea pakeng tsa lilemo tse 23 le tse 50? Ke hobane’ng ha u sa nahane ka ho etsa kōpo ea ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi? Na u mor’abo rōna e mocha ea ntseng a nahana ka lipakane tsa nako e telele tšebeletsong ea Jehova? Ke hobane’ng ha u sa boloke bophelo ba hao bo le bonolo ’me bo se na litšitiso e le hore u ka kena ka “monyako [ona] o moholo o isang tšebetsong”? U ka fumana thabo e khōlō le khotsofalo. Ka sebele, Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ha sea bonahala e le tlhohonolofatso ho ba fumaneng mangolo ho sona feela empa se bonahetse e le tlhohonolofatso le liphuthehong tsa batho ba Molimo lefatšeng lohle.
[Lebokose le leqepheng la 3]
Kamoo ba Ruileng Molemo Kateng Koetlisong
“Ka sebele koetliso ena e ntlafalitse tšebeletso ea ka, ’me ea mpha tsebo ea ho lisa ka bohlale ke sebelisa Mangolo.”
“Sekolo sena se entse hore ke be le kholiseho e eketsehileng ha ke phetha boikarabelo ba ka bo sa tšoaneng ka phuthehong.”
“Se fetotse hoo e batlang e le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba ka, ho akarelletsa le tsela eo ke ikutloang ka eona ka puso ea Molimo le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.”
“Koetliso eo ke e fumaneng e entse hore ke ananele tlhokahalo ea ho ithaopela hore ke sebeletse moo ho nang le tlhoko e khōlō.”