Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 10/1 maq. 6-8
  • Liketsahalo Tse Profetiloeng Bakeng sa Mehla ea Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liketsahalo Tse Profetiloeng Bakeng sa Mehla ea Rōna
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhōlo le Tlokotsi
    Tsoha!—1998
  • Boitšireletso bo Bocha Toantšong ea Lefuba
    Tsoha!—1999
  • Lefuba le Boea Sekoele!
    Tsoha!—1996
  • Tlokotsi e Bolaeang ho Feta Ntoa
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 10/1 maq. 6-8

Liketsahalo Tse Profetiloeng Bakeng sa Mehla ea Rōna

BIBELE e profeta hore ’Muso oa Molimo o tla tlisa khotso le thabo ea ka ho sa feleng lefatšeng. (Daniele 2:44) Thapelong ea Morena, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele, ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Boprofeteng bo tsebahalang boo Jesu a ileng a bo bolella barutuoa ba hae Thabeng ea Mehloaare, o ile a bolela liketsahalo le maemo a khethehileng a neng a tla ba teng nakoana pele ’Muso oo o tla. Liketsahalo tsena ke pontšo eo batho ba lipelo li ntle ba neng ba tla e bona ka ho hlaka. Liketsahalong tse latelang tseo e leng karolo ea pontšo eo, u se u hlokometse tse kae?

Lintoa Tsa Lichaba. Jesu o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” (Matheu 24:7) Pele ho ntoa ea pele ea lefatše ka 1914, lintoa li ne li batla li etsahala mona le mane feela. Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea ama likarolo tse ngata tsa lefatše ea ba ea etsa hore libetsa tse tšabehang ho feta leha e le neng pele li etsoe ka potlako. Ka mohlala, sefofane se neng se sa tsoa qaptjoa se ile sa sebelisetsoa ho lahlela libomo holim’a baahi. Tlhahiso e khōlō ea libetsa e ile ea etsa hore ho bolaoe batho ba bangata ho feta leha e le neng pele, kaha ho ile ha shoa kapa ha lemala hoo e ka bang halofo ea masole a limilione tse 65 a neng a le ntoeng. Leha ho le joalo, ha lilemo tsa bo-1900 li ntse li tsoela pele, ho ile ha shoa batho ba bangata le ho feta. Rahistori e mong o re “ho tla lula ho sa tsejoe hantle” hore na ho shoele masole le baahi ba bakae Ntoeng ea II ea Lefatše.[2] Ebile lintoa li ntse li kupa le hona joale.

Tlala ke Kobo-anela. Jesu o itse: “Ho tla ba le likhaello tsa lijo.” (Matheu 24:7) Ka 2005, makasine ea Science e ile ea re: “Ho na le batho ba limilione li 854 lefatšeng (hoo e ka bang motho a le mong ho ba supileng) ba haelloang ke phepo e ntle ka linako tsohle kapa ka nakoana.” Ka 2007, mokhatlo o mong oa Machaba a Kopaneng o ile oa tlaleha hore linaha tse 33 li haelloa ke lijo tse lekaneng ho fepa baahi ba tsona. Ho tla joang hore boemo bo be joalo empa chai ea lijo-thollo tse hlahisoang lefatšeng ka bophara e ntse e eketseha? Lebaka le leng ke hore lijo-thollo tse ka fepang batho li sebelisetsoa ho hlahisa mafura a likoloi.[4] Koranta ea Afrika Boroa e bitsoang The Witness e re: “Mafura a hlokahalang ho tlatsa tanka ea koloi e khōlō ea SUV a etsoa ka lijo-thollo tse lekaneng ho fepa motho a le mong selemo kaofela.” Esita le linaheng tse tsoetseng pele, litheko tse ntseng li phahama tsa lijo li qobella batho ho khetha pakeng tsa ho itima lijo tsa mantsiboea le ho lefella litšenyehelo tse ling, tse kang tsa kalafo kapa tsa thepa ea ho iphuthumatsa.

Litšisinyeho Tse Khōlō Tsa Lefatše. Jesu o itse: “Ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše.” (Luka 21:11) Haeba u bona eka hona joale litšisinyeho tsa lefatše li ama batho ba bangata ho feta leha e le neng pele, ha ho ’nete e fetang eo. Ka 2007 setsebi sa litšisinyeho tsa lefatše sa Moindia se bitsoang R. K. Chadha se ile sa re: “Re bona keketseho e sa lebelloang ea litšisinyeho likarolong tsohle tsa lefatše. Ha ho motho ea tsebang hore na ke hobane’ng ha li eketseha.” Ho feta moo, ho eketseha ho potlakileng ha baahi libakeng tseo litšisinyeho li hanellang ho tsona ho ekelitse palo ea batho ba shoang likoluoeng tsena.[8] Tšisinyeho ea lefatše e ileng ea etsahala Leoatleng la Indian ka 2004 le tsunami e ileng ea latela, e ile ea etsa hore selemong seo “ho shoe batho ba bangata ka ho fetisisa ba kileng ba shoa litšisinyehong tsa lefatše lilemong tse ka bang 500 tseo litšisinyeho tsa lefatše li etsahetseng ka tsona” ’me e be selemo “sa bobeli historing seo ho sona ho shoeleng batho ba bangata ka ho fetisisa,” ho bolela U.S. Geological Survey.

Maloetse a Manganga. Jesu o ile a profeta hore, “ho tla ba le . . . mafu a seoa.” (Luka 21:11) Lefatšeng ka bophara, batho ba bangata haholo ba tšoaroa ke maloetse a macha le a khale, ’me ho thata ho a fumanela pheko. Ka mohlala, merero ea machaba ea ho felisa malaria e ile ea thisa khafetsa ha boloetse bona bo ntse bo hloa mekoalaba. Ho phaella moo, batho ba limilione ba bolaoa ke mafu a khale, a kang lefuba (TB), le ntseng le bolaea batho ba bangata joaloka AIDS le maloetse a mang a macha. World Health Organization e tlaleha hore, “moahi a le mong ho ba bararo lefatšeng o tšoeroe ke boloetse ba TB.” Mokhatlo oo o boetse o re HIV e etsa hore linaheng tse ngata batho ba tšoaroe ke TB. Motsotsoana o mong le o mong, ho na le motho ea tšoaroang ke TB, ’me TB e hlōla meriana.[12] Ka 2007 mokuli e mong oa Europe o ile a fumanoa a tšoeroe ke TB “e hlōlang moriana o mong le o mong oo re nang le oona,” ho ea ka makasine ea New Scientist.

Ho Hlepha ha Boitšoaro le ho Ata ha Mekhoa e Mebe Sechabeng. Jesu o itse: “Ka lebaka la ho eketseha ha tlōlo ea molao lerato la ba bangata le tla fola.” (Matheu 24:12) Ho phaella ho seo Jesu a se profetileng, moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele hore melao ea sechaba le ea boitšoaro e ne e tla senyeha. O ile a hlalosa ‘matsatsi a ho qetela’ a boima a neng a tla ba teng pele ’Muso oa Molimo o felisa tsamaiso ena ea lefatše. “Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona.” (2 Timothea 3:1-5) Na ua hlokomela hore batho ba etsa lintho tsee tse mpe ho feta leha e le neng pele?

Jesu le Pauluse ha baa ka ba bua ka lintho tsohle tsa histori, tsa litšebelisano tsa batho, le tsa lipolotiki tse bakang maemo ana a lefatše. Leha ho le joalo, boprofeta ba bona bo ile ba bolela ka nepo liketsahalo le boitšoaro boo re bo bonang kajeno. Ho tla etsahala joang nakong e tlang? Boprofeta ba Esaia bo ileng ba bolela ka nepo ho tla ha Mesia bo ile ba boela ba hlalosa liphetoho tse ntle tseo ’Muso oa Molimo o tla li etsa lefatšeng. Re tla li tšohla sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

“Sechaba se tla tsohela sechaba matla”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Ho tla ba le . . . mafu a seoa”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© WHO/P. Virot

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela