Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 7/1 maq. 4-5
  • 1. Kōpa Mongoli oa Eona Hore a U Thuse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1. Kōpa Mongoli oa Eona Hore a U Thuse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mpho ea Jehova ea Moea o Halalelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Moea o Halalelang ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Tsamaea ka Moea ’me U Phelele Boinehelo ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Tataisoa ke Moea oa Molimo Lekholong la Pele la Lilemo le Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 7/1 maq. 4-5

Kamoo U ka Utloisisang Bibele Kateng

1. Kōpa Mongoli oa Eona Hore a U Thuse

Ninfa, ea lulang Italy o re: “Ka nako e ’ngoe ke ne ke bala Bibele pele ke il’o robala. Ke ne ke etsa joalo hobane ke elelloa hore ke Lentsoe la Molimo, ’me le hoja ho bala Bibele ho ne ho sa ’natefele, ke ne ke thahasella ho tseba hore na Molimo o ngotse’ng ka har’a eona. Ke ne ke rerile ho e bala kaofela. Qalong ke ne ke itsamaela bolacha, empa hamorao ka fumana litlaleho tseo ho neng ho le thata hore ke li utloisise, eaba ke khaotsa ho e bala.”

NA U kile ua ba boemong bo tšoanang le ba Ninfa? Ba bangata ba kile ba e-ba ho bona. Leha ho le joalo, joalokaha re bone sehloohong se fetileng, Mongoli oa Bibele, e leng Jehova Molimo, o batla hore u utloisise Lentsoe la hae. Leha ho le joalo, u ka le utloisisa joang? Ntho ea pele eo u lokelang ho e etsa ke ho kōpa Mongoli oa eona hore a u thuse.

Baapostola ba Jesu ba ne ba nkoa e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng” hobane ba ne ba sa ea likolong tsa koetliso ea bolumeli tsa bo-rabi. (Liketso 4:13) Leha ho le joalo, Jesu o ile a ba kholisa hore ba ka utloisisa Lentsoe la Molimo. Joang? Jesu o ile a re: “Mothusi, moea o halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta lintho tsohle.” (Johanne 14:26) Molimo o ile a sebelisa moea ona o halalelang, kapa matla a sebetsang, hore a bōpe lefatše le lintho tsohle tse phelang holim’a lona. (Genese 1:2) O ile a boela a o sebelisa ha a bululela bangoli ba ka bang 40 hore ba tlalehe litaba tsa hae ka Bibeleng. (2 Petrose 1:20, 21) Le kajeno moea oo o halalelang o ntse o ka thusa batho ba batlang ho utloisisa Bibele.

U ka fumana moea o halalelang oa Molimo joang? U lokela ho o kōpa u e-na le tumelo. Ha e le hantle, ho ka ’na ha hlokahala hore u o kōpe ka ho phehella. Jesu o itse: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa. . . . Haeba lōna . . . le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!” (Luka 11:9, 13) Ha batho ba kōpa moea o halalelang ka tieo, Jehova o tla ba fa oona. Matla ao a sebetsang a ka u thusa hore u utloisise se boleloang ke mantsoe a bululetsoeng a ngotsoeng ka Bibeleng lilemong tse likete tse fetileng. Moea oa Molimo o ka boela oa u fa bohlale boo u bo hlokang e le hore u phele ka tsela e lumellanang le molaetsa o matla o ka Bibeleng.—Baheberu 4:12; Jakobo 1:5, 6.

Neng kapa neng ha u bala Bibele, rapela Molimo, u mo kōpe hore a u fe moea o halalelang hore o u thuse ho utloisisa Lentsoe la hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela