Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 7/15 leq. 32
  • “Ak’u Bone Litšoantšo Tsena!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ak’u Bone Litšoantšo Tsena!”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Balebeli ba Etellang Pele—Mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Karolo 1: Boikarabelo ba Mokhanni oa Thuto
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Thuto ea Buka ea Phutheho e Ntšetsa Pele Mesebetsi ea ho Ruta
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Khomarela ka Tieo Polelo ea Phatlalatsa ea Tšepo ea Hao U sa Sisinyehe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 7/15 leq. 32

“Ak’u Bone Litšoantšo Tsena!”

Ke ka makhetlo a makae u ’nileng ua bua mantsoe ao ka pelong kapa ua a bua ho batho ba bang ha u phetla khatiso e ncha ea makasine oo? Litšoantšo tseo tse ntle hammoho le lifoto tse khethiloeng ka hloko li kentsoe ka morero moo makasineng. Li etselitsoe ho re ruta ’me li re thusa ho nahana le ho ipeha boemong boo ho buuoang ka bona. Li ka re thusa haholo ha re lokisetsa re bile re fana ka litlhaloso Thutong ea Molula-Qhooa.

Ka mohlala, ak’u nahane hore na ke hobane’ng ha setšoantšo se hlahang qalong ea sehlooho se khethiloe bakeng sa sehlooho seo. Se bontša’ng? Se amana le sehlooho kapa lengolo la sehlooho joang? Nahana hore na litšoantšo tse ling kaofela tsona li amana le taba e tšohloang joang le hore na li u ama joang.

Mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa o lokela ho fa litho tsa phutheho monyetla oa hore li hlalose setšoantšo se seng le se seng, li bolele hore na se amana le taba e ithutoang joang le hore na se li ama joang. Maemong a mang, mantsoeng a tsamaeang le setšoantšo, ho fanoa ka tlhaloso e bontšang hore na setšoantšo seo se amana le serapa sefe. Ho a mang teng, mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa a ka ’na a etsa qeto ea hore na ho tla ba molemo hore setšoantšo se tšohloe le serapa sefe. Ka tsela ena, batho bohle ba tla rua molemo ka botlalo ka se entsoeng ho ba thusa hore ba iketsetse setšoantšo ka kelellong mabapi le seo ba ithutang sona Lentsoeng la Molimo.

Mora e mong oabo rōna o ile a re, “Ka mor’a hore ke bale sehlooho se ngotsoeng hantle, litšoantšo li fihla li tempela seo ke ithutileng sona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela