Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/90 leq. 1
  • Ho Hlokahala Hore Kaofela re Ithute

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlokahala Hore Kaofela re Ithute
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • PŌKELLO EA BOTHO EA LIBUKA
  • Ho Phethahatsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka Thuso ea Index
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Mokhoa oa ho Etsa Lipatlisiso
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • ‘Ho Batla Mantsoe a Thabisang, Mantsoe a Nepahetseng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Li Sebelise U se ke Ua li Boloka
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 7/90 leq. 1

Ho Hlokahala Hore Kaofela re Ithute

1 Barutuoa ba hae ba ne ba le teng ha Jesu a rapela Jehova, a re: “’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Joh. 17:3) E, barutuoa ba Kreste kaofela, hammoho le ba thahasellang bocha, ho hlokahala hore ba fumane tsebo e joalo. Re ka etsa sena ka thuto ea botho le ka thuto ea lelapa, le ka ho ba teng libokeng tsa phutheho. Na u khomarela kemiso e sebetsang bakeng sa thuto ea ka mehla ea botho?

2 Batho ba thahasellang bocha ba rua molemo haholo ka ho ba le thuto ea botho ea lehae ea Bibele. Leha ho le joalo, e le hore ba ka hōla moeeng, ba tlameha ho tsoela pele ho fumana tsebo ’me ebe ba sebelisa seo ba ithutang sona. (Ba-Heb. 5:13, 14) Na u etsa joalo?

3 Basebeletsi ba bacha ba Jehova ba boemong bo botle ba ho fumana tsebo. Likelello tsa bona li chesehela ho monya boitsebiso bo bongata, ’me hangata ba lakatsa ho tseba mabaka a hore na ke hobane’ng ha lintho li etsoa ka tsela e itseng. Jehova o re bōpile re e-na le takatso ena. Sebelisa nako ea hao ka bohlale hore u fumane tsebo ea moea. Etsa joalokaha moapostola Pauluse a boletse ’me u ‘lopolle nako’ bakeng sa thuto e joalo e entšang le e matlafatsang tumelo.—Ba-Kol. 4:5.

PŌKELLO EA BOTHO EA LIBUKA

4 Na u na le pōkello ea botho ea libuka kapa ea lelapa? Na e na le meqolo ea Awake! le ea The Watchtower kapa litokollo tsa limakasine tsena tseo u li bōkelletseng ’moho lifaeleng, meqolo ea Insight, le likhatiso tseo re li sebelisang Thutong ea Buka ea Phutheho le libokeng Holong ea ’Muso? Na u na le Watch Tower Publications Index 1930-1985 le likhatiso tsa khalenyana tsa Mokhatlo tse fumanehang?

5 U tla fumana boitsebiso ba bohlokoa likhatisong tsa khalenyana. Na u se u balile kapa u ithutile bukana ea Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood? 1975 Yearbook of Jehovah’s Witnesses e fana ka histori ea batho ba Jehova ho tloha mehleng ea Moena Russell ho tla fihlela mehleng ea rōna ’me e arabela lipotso tse ngata tse ’nileng tsa botsoa ka Lipaki tsa Jehova.

6 Hoa hlokahala hore ho be le thuto ea botho le ea lelapa e le hore motho a ka ba matla moeeng le ho hlomelleha hantle bakeng sa tšebeletso ea tšimo. U tsoella joang ntlheng ee? Na u lokisetsa liboka tsa phutheho? Na u lokisetsa bakeng sa tšebeletso ea tšimo ka boiteko ba hore u tle u atlehe hamolemo kamoo ho ka khonehang? Na u se u balile kopi ea hao ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo kaofela? Na ua e sebelisa tšebeletsong ea tšimo?

7 Sebelisa Watch Tower Publications Index 1930-1985 hore u fumane likarabelo lipotsong tsa hao le tseo u li botsoang ke batho bao u teanang le bona tšebeletsong ea tšimo. Baholo ba tla fumana hore Index ke kofuto ea bohlokoahali ho e sebelisa ha ba batla boitsebiso bo khothatsang le bo loketseng ho ba tlang ho bona ba batla thuso ea moea.

8 Na phutheho ea heno e na le pōkello ea libuka e ntle hore e sebelisoe ke bahoeletsi ba lakatsang ho etsa patlisiso e itseng kapa ho ithuta? Haeba ho se joalo, re khothalletsa baholo hore ba qalise ho ba le eona kapele kamoo ho ka khonehang ka sekolong sa bobeli kapa sebakeng se seng se loketseng ka holong. Pōkello ea libuka e tla ba tšusumetso e eketsehileng ho bohle ba lakatsang ho nyakurela ka har’a likhatiso tsa Mokhatlo.

9 Timothea oa bobeli 2:15 (NW) ea eletsa: “Etsa ka matla ho itlhahisa u le ea amohelehang ho Molimo, mosebeletsi ea sa hlajoeng ke lihlong ka letho, ea sebelisang lentsoe la ’nete ka nepo.” Ho etsa sena ho hlokahala hore kaofela ha rōna re ithute ’me re sebelise seo re ithutang sona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela