Ho Phethahatsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka Thuso ea Index
1 Joaloka Bakreste ba inehetseng, re leka ka tieo ho phethahatsa tšebeletso ea rōna. Ho re thusa ho etsa sena, Jehova o fane ka tataiso e batsi le khothatso ka letoto le pharalletseng la lingoliloeng tsa bohlokoa. Na re ka li sebelisa hamolemonyana? Thuso e ka sehloohong ea ho etsa joalo ke Watch Tower Publications Index, e ’nileng ea hatisoa ka ho tsoelang pele ka lipuo tse sa tšoaneng ho tloha ka 1961. Haeba u sa utloisise Senyesemane, re u khothalletsa hore u sebelise Tlhahlamano ea Lihlooho e hatisitsoeng litokollong tsa December 15 le December 8 tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Tlhahlamano ena ea lihlooho e ka u thusa ho fumana habonolo lihlooho tse hlahileng ho Molula-Qhooa le Tsoha! selemong se fetileng.
2 Index e ka u thusa joang hore u phethahatse tšebeletso ea hao? E etsa joalo ka ho u bontša tsela ea ho fumana keletso e molemohali le litlhaloso tse seng li ntse li fanoe. Index e lokiselitsoe ho hopotsoe ka boena ba lefatše ka bophara. Ho tloha ho bana ho ea ho bo-nkhono le bo-ntate-moholo, ho tloha ho liithuti tse ncha tsa Bibele ho ea ho baholo, bohle ba ka fumana litšupiso tseo ba li hlokang bakeng sa morero ofe kapa ofe o molemo.
KAMOO U KA FUMANANG SEO U SE HLOKANG
3 Haeba u thahasella ho fumana se boleloang ke temana e itseng kapa letoto la litemana, u tla fumana ho le molemo ho phetla tlhahlamano ea mangolo e ka morao. Na motho e mong o qotsitse Johanne 10:30 ka boiteko ba ho paka thuto ea Boraro-bo-bong? Tlhahlamano ea mangolo e tla u lebisa boitsebisong bo hlakisang hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua mantsoe ao. Tlhahlamano ea mangolo e tla entša ’malo oa rōna oa botho oa Bibele ha re batla tlhaloso ea litemana tseo ho bonahalang li tsietsa kapa li sa hlaka.
4 Tlhahlamano ea lihlooho e fana ka litsela tse fapaneng tse lebisang boitsebisong bo le bong bo thusang. Ka mohlala, u ka ’na ua hloka boitsebiso ba hore na u lokela ho etsa joang haeba molekane oa hao ea sa lumelang a hana ha u e-ea le bana ba lōna libokeng. Hore u fumane karabelo, u ka ’na ua phetla lihloohoana tse reng “Husbands,” “Wives,” “Children,” “Opposition,” kapa “Meetings.” Mabapi le sehlooho sefe kapa sefe, haeba u sa fumane seo u se hlokang tlas’a sehlooho sa pele seo u se phetlang, leka se seng. Ipotse: ‘Ke mang ea amehang? Na sebaka se tobileng ke sa bohlokoa? Na ke tšoaneleho e tobileng kapa tsebo? Na ke boikutlo ba boitaolo? Na ke pakane?’ Haeba u fumana sehlooho se seholo seo ho bonahalang eka se nepahetse, pele habanya litšupiso tse u lebisang boitsebisong bo bong tlas’a sona. Hangata litšupiso tsena li boloka nako ka ho bontša sehlooho se seng se tobang taba haholoanyane.
5 Ho ba hloahloa ha re sebelisa Index ho ka tlatsetsa haholoanyane hore re atlehe ho phethahatsa boikarabelo ba rōna bo halalelang. Malapa a rōna, liithuti tsa rōna tsa Bibele, le liphutheho tsa rōna li tla rua molemo ha re ba hloahloa haholoanyane ho sebelisa kofuto ena. Litokollo tse tlang tsa Tšebeletso ea Rona ea ’Muso li tla hlahlobisisa likarolo tse tobileng tseo Watch Tower Publications Index e ka bang thuso ea bohlokoa ho tsona ha re phethahatsa tšebeletso ea rōna ea ’Muso.