Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/91 leq. 2
  • Kamoo Index e ka Ruisang Lelapa Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Index e ka Ruisang Lelapa Molemo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phethahatsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka Thuso ea Index
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Ho Phethahatsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso Joaloka Lipaki Tsa Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • ‘Ho Batla Mantsoe a Thabisang, Mantsoe a Nepahetseng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Phethahatsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso Tšimong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 5/91 leq. 2

Kamoo Index e ka Ruisang Lelapa Molemo

1 Ha 1 Timothea 5:4, (NW) e bua ka litho tsa lelapa e re: “Bana a ba ke ba qale pele ba sebelise boinehelo ba bomolimo malapeng a bona.” Ka sebele, ho sebelisa boinehelo ba bomolimo litšebelisanong tsa rōna le litho tsa malapa ke ntho eo motho a lokelang ho ithuta eona. Tabeng ena re hloka tataiso ea Molimo, kaha ho hlokomela litho tsa lelapa ke karolo ea tlameho ea rōna ea Bokreste. Watch Tower Publications Index e ka re thusa ho fumana tataiso maemong a sa tšoaneng a hlahang ka lapeng. Haeba u thatafalloa ke ho sebelisa Watch Tower Publications Index ea Senyesemane, u tla fumana litšupiso tse tšoanang tse thusang Tlhahlamanong ea Lihlooho e hlahang ka morao ho Molula-Qhooa oa December 15 le Tsoha! ea December 8.

2 Lelapa le simoloha ha monna le mosali ba nyalana. (Gen. 2:24) Na ka tieo u ntse u rera ho kena lenyalong? Tlas’a sehlooho se reng “Marriage,” u tla fumana sehloohoana se reng “selecting a mate.” Litšupiso li tla u lebisa keletsong e thusang morerong ona oo ka linako tse ling e leng o thata. Hape Index e na le lihloohoana tse buang ka “husband’s role” le “wife’s role,” se seng le se seng se fana ka litšupiso tse lebisang boitsebisong bo tla ruisa ba lakatsang ho kena lenyalong molemo le ba seng ba ntse ba le lenyalong. Ho phaella moo, lihloohoana tse kang se reng “communication,” “closeness in,” le se reng “peace” li lebisa boitsebisong bo ka etsang hore lenyalo e be le nang le morero. Ha ho hlaha mathata, sehloohoana se reng “problems in” se ka u lebisa keletsong e sebetsang ea kamoo u ka a rarollang ka teng.

3 Bana ke lefa le tsoang ho Jehova. (Pes. 127:3) Ke joang batsoali ba ka hōlisang bana ba bona “ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova”? (Ba-Ef. 6:4, NW) Tataiso eo Jehova a fanang ka eona ka Lentsoe la hae le ka sehlopha sa mohlanka ea tšepahalang ke ea bohlokoahali. Ho hlokahala hore batsoali ba lemohe maikutlo le litlhoko tsa bana ba bona. Keletso le litlhahiso tse thusang li ka fumanoa ka lihloohoana tsa Index tse reng “Children” le “Youths.” ’Me ho thoe’ng ka ho kenya molao oa Jehova ka lipelong tsa bacha? Sehlooho se reng “Child Training” se lebisa litlhalosong tse fanang ka kutloisiso tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea ho hōlisa bana, ho akarelletsa le kamoo ba ka thusoang ho hlaolela kamano ea botho le Jehova le ho laba-labela ’nete.—1 Pet. 2:2.

4 Lipuisano tsa lelapa tsa Bibele tse lokiselitsoeng esale pele lia hlokahala e le hore lelapa le ka atleha. (Deut. 6:6-9; Esa. 54:13; Ba-Ef. 5:25, 26) Litšupiso tse lebisang mehopolong e buang ka ho tšoara lipuisano tse thabisang le lelapa li ka fumanoa tlas’a sehlooho se reng “Families.” Ho Index ea morao-rao, sehlooho se reng “Bible study” se na le lihloohoana tse nyenyane tse kang “making it effective,” “making it enjoyable,” le “making it interesting.” Hape, ke hobane’ng ha nako le nako u sa hlahlobe e ’ngoe ea lipale tsa bophelo ba Lipaki tsa Jehova? Tlas’a sehlooho se reng “Full-Time Ministry,” u tla fumana litšupiso tse u lebisang lipaleng tsa bophelo tse nang le lihlooho tse kang “A Choice I’ve Never Regretted” le se reng “Receiving the Requests of My Heart.” Litlaleho tse ling tse joalo li thathamisitsoe tlas’a “Missionaries.” Lethathamo le felletseng le fumanoa tlas’a “Life Stories of Jehovah’s Witnesses.”

5 Watch Tower Publications Index ke kofuto e tsotehang ea ho bokella keletso le likhopolo bakeng sa bophelo ba lelapa. E se eka e ka u thusa ho fumana thabo e khōloanyane ea ho phethahatsa boikarabelo ba hao ka lapeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela