Ho Lebisa Liithuti Tsa Bibele Mokhatlong o Hlophisitsoeng oa Jehova
1 Ho hlokahala hore liithuti tsa Bibele li tloaelane le mokhatlo o hlophisitsoeng oa ‘mohlape o le mong’ oo Jesu a buileng ka ’ona ho Johanne 10:16. Li tlameha ho utloisisa hore ho ikhetholla ha tsona le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ho bohlokoa bakeng sa polokeho ea tsona. (Tšen. 7:9, 10, 15) Ka hona, re lokela ho qalisa ho lebisa liithuti tsa rōna tsa Bibele mokhatlong o hlophisitsoeng hang feela ha re qalisitse thuto ea Bibele.
2 Thusa liithuti tsa hao tsa Bibele ho tloaelana le litšobotsi tse ngata tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng. Batho bohle ba Jehova ke karolo ea liphutheho tse entsoeng ka baholo, bahlanka ba sebeletsang, le bahoeletsi kaha li latela mohlala oa lekholong la pele la lilemo. Kajeno, litho tsa liphutheho li thabela ho ba teng libokeng tse hlano ka beke. Ho ba le likopano le likopano tse khōlō tse tšoaroang ka linako tse itseng har’a selemo, ’me li fana ka thuto e khethehileng hammoho le menyetla ea ho kopanela botsoalle le Lipaki tsa habo tsona tse tsoang libakeng tse fapaneng. Hape, ho na le bo-pula-maliboho, baromuoa, le balebeli ba tsamaeang, hammoho le Sehlopha se Busang se tsamaisang mosebetsi oa lefatše ka bophara. Ke joang u ka tloaetsang liithuti tsa hao tsa Bibele litšobotsi tse sa tšoaneng tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova? U ka li thusa joang ho bona hore tokisetso ea mokhatlo o hlophisitsoeng e theiloe ka Bibeleng?
SEBELISA BUKANA EA LI ETSA THATO EA MOLIMO
3 Bukana e lekanang le makasine ea Li Etsa Thato ea Molimo e na le boitsebiso bo qaqileng bo mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. U ka tloaetsa liithuti tsa Bibele mokhatlo o hlophisitsoeng ka eona mohato ka mohato le ho li thusa ho utloisisa tšebetso ea oona. Tsela e ntle ea ho qalisa ke ka ho buisana ka se etsahalang Holong ea ’Muso. Sena se tla khothalletsa seithuti ho ba teng libokeng tsa phutheho. Pele u se memela ho tla puong ea phatlalatsa ka lekhetlo la pele, hlahlobang boitsebiso bo maqepheng 14 le 15. Lebisa tlhokomelo ea sona litšoantšong. Hlalosa sebaka seo Holo ea ’Muso ea sebakeng sa lōna e leng ho sona le ponahalo ea eona. Mohlomong u ka ba ua se bontša setšoantšo sa Holo ea ’Muso eo u kopanelang ho eona.
4 Ha ho tsebisoa ketelo ea molebeli oa potoloho phuthehong, hlahloba maqephe 20 le 21 le seithuti sa hao sa Bibele. Sebelisa lipotso tse qetellong ea serapa 21 ho totobatsa lintlha tsa sehlooho. Hlahloba hammoho le sona motheo oa Mangolo bakeng sa tokisetso ea rōna ea hona joale ka ho sebelisa serapa sa pele leqepheng la 20. Boitsebiso bona bo tla etsa hore ho etela ha seithuti sa hao Holong ea ’Muso e be ho nang le morero.
5 Ka ho tšoanang, pele ho kopano ea lōna ea setereke, kopano ea potoloho, kapa kopano ea letsatsi le khethehileng, akaretsang se hatisitsoeng ho leqephe 19. Lebisa tlhokomelo ea sona ho se amehang kopanong e khōlō, ’me u bontše boholo ba machaba bo bontšitsoeng litšoantšong tse leqepheng 18. Ha u hlalosa setšoantšo se bontšang ho lokolloa ha khatiso e ncha, mohlomong u ka se lokisetsa puisano e eketsehileng ho leqephe 24 le 25. Hore u hlalose bopula-maliboho, akaretsa lintlha tse ho leqephe 22 le 23.
IPAPISE LE TLHOKO E ITSENG
6 Joalokaha u ka bona, ha ho hlokahale hore u qale qalong ea bukana e lekanang le makasine ea Li Etsa Thato ea Molimo. Ho fapana le hoo, ha ho hlaha monyetla le tlhoko e itseng, hlahlobang lintlha tse tobileng ho tsoa bukaneng ena tse tla thusa seithuti ho ananela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le ho se khothalletsa ho kopanela le phutheho ea sebaka sa lōna.
7 Ho bua ka kholiseho nakong eo le buisanang ka litaba tsena ho tla ba le phello ea nako e telele ho seithuti sa hao. Cheseha moeeng. (Lik. 18:25) Hape, kholiseha hore uena, “ea rutang ba bang,” u beha mohlala o motle ho bontšeng kananelo bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. (Ba-Roma 2:21) Ha u etsa joalo, mohlomong u ka thusa ba bang ho kopanela le mohlape o le mong oo Jesu a o etellang pele ho ea bophelong bo sa feleng.