Thusang ba Bang ho ba Teng Libokeng
1 “Metsoalle leha e le efe tikolohong ena . . . e lakatsang ho ba teng libokeng e mengoa ka mofuthu hore e etse joalo.” Ho tloha ha ho hlaha tsebiso ena tokollong ea Zion’s Watch Tower ea November 1880, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa memela batho ka cheseho ho bokana hammoho bakeng sa taeo ea Bibele. (Tšen. 22:17) Ena ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete.
2 Ke Habohlokoa ho ba Teng: Mahlohonolo a ba teng ha re kopanela le phutheho. Re tloaela Molimo oa rōna ea babatsehang, Jehova, hamolemo. Ka phuthehong, re kopana hammoho hore re be ba “rutoang ke Jehova.” (Esa. 54:13) Mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o lokolisa lenaneo le tsoelang pele la taeo ea Bibele e re atametsang haufi le eena ’me e fana ka thuso e sebetsang mabapi le ho sebelisa “morero oohle oa Molimo.” (Lik. 20:27; Luka 12:42) Liboka li koetlisa motho ka mong tsebong ea ho ruta Lentsoe la Molimo. Likhopotso tse tsoang Mangolong li re thusa hore re thabele kamano e atlehileng le ba bang hape le Jehova ka boeena. Ho kopanela le ba ratang Molimo ho matlafatsa tumelo ea rōna.—Bar. 1:11, 12.
3 Mo Meme ka ho Toba: Thutong ea pele, memela seithuti se seng le se seng sa Bibele libokeng. Mo fe sememo. Tsosa thahasello ea hae ka ho mo arolela ntlha e ileng ea u khothatsa sebokeng se fetileng le ka ho hlahloba se tlang ho tšohloa sebokeng se latelang. Hlalosa hore na Holo ea ’Muso e joang, ’me u etse bonnete ba hore o tseba moo e leng teng.
4 Haeba seithuti se sa be teng hang-hang, tsoela pele ho se mema. Nka metsotso e seng mekae beke e ’ngoe le e ’ngoe ho mo bontša hore na mokhatlo oa rōna o sebetsa joang. Sebelisa bukana ea Ho Etsa Thato ea Molimo le video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name ho mo tloaelanya le rōna le liboka tsa rōna. Tsamaea le bahoeletsi ba bang e le hore seithuti se tloaelane le bona. Ka thapelo, leboha Jehova ka mokhatlo o hlophisitsoeng ’me u bolele hore hoa hlokahala hore seithuti se kopanele le oona.
5 U se ke ua tsilatsila ho thusa ba sa tsoa thahasella ho kopanela le rōna. Ha kananelo ea bona ka Jehova e ntse e hōla, ba tla susumelletseha ho sebelisa seo ba ithutang sona le ho ba karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng o kopaneng oa Molimo.—1 Bakor. 14:25.