Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo
Ka Katleho e Khōloanyane ka ho Mamela
1 E le hore re ka atleha tšebeletsong ea rōna, re tlameha ho hlokomela hore ha ho na batho ba babeli ba tšoanang. E mong le e mong o na le liphihlelo tse fapaneng bophelong hammoho le lithahasello le litakatso tsa botho tse fapaneng. Phephetso e re tobileng ke hore re etse hore molaetsa oa ’Muso o tšoanele motho ka mong, ke hore, re bontše motho eo re buang le eena seo o se bolelang ho eena e le motho ka mong. Hore re etse sena ka katleho, hape re tlameha ho mamela ka hloko.
2 Bahoeletsi ba bangata ka masene ba sebelisa lipotso likenyelletsong tsa bona, ’me sena se ba thusa hore ba akarelletse mong’a ntlo puisanong. Lipotso tse hlokang hore mong’a ntlo a hlahise pono ea hae empa li sa mo hlabise lihlong li atleha haholo. Empa ha mong’a ntlo a bua, ke habohlokoa hore re mamele seo a se buang. Ho mamela ho bontša lerato la boahisani le tlhompho, ’me ka ho etsa joalo re khona ho lemoha seo motho a se nahanang. Ho tseba maemo a motho ho re nolofalletsa hore re mo nahanele, re ipehe boemong ba hae. Joale re ka arolelana le eena matšeliso le tšepo e tsoang ka Bibeleng.
TENYETSEHA
3 Moapostola Pauluse o khothalitse: “Ithute kamoo u lokelang ho bua hamolemohali ka teng le motho e mong le e mong eo u teanang le eena.” (Ba-Kol. 4:6, New English Bible) Le hoja re sa tsebe esale pele hore na ha e le hantle motho a ka ’na a re’ng, re tloaelane le mathata ao batho ba bangata ba talimaneng le ’ona kajeno. Ka hona, re ka ‘ithuta’ le ho itokisetsa kelellong hore re arabele maemo a sa tšoaneng.
4 Ka mohlala, mohlomong re lokiselitse ho buisana ka taba ea khotso ea lefatše, empa mong’a ntlo o bolela hore o lahlehetsoe ke mosebetsi. Na re lokela ho hlokomoloha tlhaloso ee ea hae? Ntle ho pelaelo, taba ea hore a phelise lelapa la hae e imela kelello le pelo ea hae. U ka arabela joang litlhokong tsa hae? Mohlomong u ka ipeha boemong ba hae, u bontše kameho ea sebele ka boemo ba hae. Joale ebe ka mosa u lebisa tlhokomelo ea hae mangolong a bontšang kamoo ’muso oa Molimo o tla fana ka mosebetsi o khotsofatsang le ho khotsofatsa litlhoko tsohle tsa rōna.—Esa. 65:17, 21, 22, 24.
5 Mohlomong rea hlokomela hore motho enoa kapa setho sa lelapa la hae se ile sa hlaseloa ke tlōlo ea molao haufinyane kapa hore se hlokofalitsoe ke ho hloka toka ho itseng. Kameho ea rōna e nang le kutloelo-bohloko le thahasello ea botho maemong ana li ka nolofatsa pelo ea motho eo, tsa re nolofalletsa hore re ’montše hore Jehova Molimo o etse hloko maemo ana a utloisang bohloko le hore haufinyane o tla nka khato ea ho tlosa bokhopo bohle.—Bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, maqephe 10, 12, 339-42.
6 Hangata ho ba le kamano e sa thabiseng pakeng tsa batho ba itseng e tlisitsoeng ke hore ba ne ba sa buisane hantle. Ha motho e mong a bua, mohlomong e mong a ka ’na a se ke a mamela ka hloko ka kelello le ka pelo. Mekhoa e joalo ea ho mamela e mebe e ka ’na ea tlisa liphapang kapa ho fetoa ke menyetla ea ho thusa motho e mong. Ka hore re hlaolele mokhoa o motle oa ho mamela ka tlhompho, re ka nehelana ka litaba tse molemo ka katleho e khōloanyane, ra bonahatsa kameho e se nang boithati ea Jehova ho ba bang, le ho thusa ba bang ho hlaolela kamano e ntle le ’Mōpi oa rōna ea lerato le batho ba hae.—Jak. 1:19; g74 11/22 maq. 21-3.