Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/92 leq. 1
  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo ka Molula-Qhooa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo ka Molula-Qhooa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Buella Peeletso ea Molula-Qhooa ka May
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Tlosang Batho Lefifing le ba Lebise Leseling
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Molula-Qhooa—Lijo tsa Moea ka Nako e Loketseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Fana ka Limakasine Tse Pakelang ’Nete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 4/92 leq. 1

Phatlalatsa Litaba Tse Molemo ka Molula-Qhooa

1 Ka sebele Molula-Qhooa oa ikhetha hobane o tsebahatsa litaba tse molemo. Ho fapana le ’ona, likhatiso tse ngata tsa lefatše li hlahisa litaba tse sa thabiseng le tse nyahamisang. Re ka bontša ba bang joang hore Molula-Qhooa o fapane le likhatiso tse ling, ’me o na le molaetsa o khathollang e le kannete?

2 Re ka ba hlokomelisa ka “Morero oa Molula-Qhooa” leqepheng 2 la makasine ona. Totobatsa hore sepheo sa ’ona ke ho phahamisa Jehova e le Morena ’Musi, ho alosa liketsahalo tsa lefatše tse phethahatsang boprofeta ba Bibele, ho fana ka molaetsa o tšelisang ho ba hatelletsoeng, le ho matlafatsa tumelo litokisetsong tsa Molimo bakeng sa polokeho ea rōna.

3 Na seo re se buang ka Molula-Qhooa se fetisa likhopolo tsee ka tsela e kholisang? Seo re se buang ha sea lokela ho tsosa thahasello ea nakoana feela; se lokela ho ba le mabaka, se tsose kholiseho e leotsang takatso ea ho ithuta ka ho eketsehileng.

4 Tokisetso ea Hlokahala: Ho hlokahala hore re bale makasine ka mong ka hloko, re seka-seke linehelano tse sa tšoaneng re ntse re nahanne ka tšimo ea rōna. Ho phetla litemana tsa Mangolo a boletsoeng ho chorisa kutloisiso ea rōna. Sena se ka tebisa kananelo ea rōna bakeng sa ’nete ’me sa re susumelletsa hore re e arolelane le ba bang. Haeba ’nete e le sieo ka lipelong tsa rōna, re ke ke ra ba le tšusumetso e kaalo ea hore re bue.

5 Re batla ho khothalletsa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba etse peeletso ea Molula-Qhooa. Le hoja ntle ho pelaelo re tla fumana lipeeletso tse ngata ka ntlo le ntlo, ha re batle ho lebala batho bao re sebetsang le bona, baahisani ba rōna, le beng ka rōna. Na bana ba rōna ba na le peeletso? Na re kile ra nahana ka ho romela mpho ea peeletso ho motho eo re hlileng re mo tsotellang? Ho thoe’ng ka batho bao ka mehla re etsang maeto a ho boela ho bona kapa esita le liithuti tsa rōna tsa Bibele? Haeba batho ba ke ke ba khona ho etsa peeletso ea selemo, e re ba etse peeletso ea likhoeli tse tšeletseng. Haeba motho a hana ho etsa peeletso, mo khothalletse ho nka limakasine tse peli.

6 Ha u bala lihlooho tse leng tokollong ea morao-rao ea Molula-Qhooa, leka ho hopola puisano eo u bileng le eona le beng ba matlo nakong e fetileng eo ho eona lihlooho tsena li ileng tsa tsosa thahasello. Etsa bonnete ba hore ha u boela u nka tokollo eo bakeng sa ho tšoara puisano e eketsehileng.

7 Ha re tsebe hore na litaba tse molemo li sa ntse li tla boleloa halelele hakae le ho isa bohōleng bofe. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Molula-Qhooa o tla phetha karolo e khōlō ho se tla finyelloa. Re sebelisa tokisetso ena, re lokela ho etsisa baapostola ka hore ka mafolo-folo ‘re bolele le ho phatlalatsa . . . litaba tse molemo tsa lentsoe la Jehova.’—Lik. 15:35, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela