Tsoela Pele U Ikoetlisa Sepheo sa Hao e le Boinehelo ba Bomolimo
1 Ka ho sa khaotseng Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se re koetlisetsa ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Tim. 2:15, NW) Na u ngolisitse? Haeba ha ho joalo ’me ua tšoaneleha, ke hobane’ng ha u sa rue molemo ka tokisetso ee e ntle ka ho ingolisa hona joale?
2 Karolo ea bohlokoa ea sekolo ke lenaneo la ’malo oa Bibele oa beke le beke. Kemiso ea hao ea thuto ea botho e lokela ho kopanyeletsa ho bala likhaolo tse bontšitsoeng Bibeleng e le hore u qetelle u balile Bibele kaofela.
3 Ho qala ka kemiso ea sekolo ea 1993, ’malo oa Bibele o koaheloang ke Puo No. 2 o tla baloa kaofela ho sa etsoe khefu lintlheng tse ling. Sena se bolela hore seithuti se fanang ka puo ena se tla kopanyeletsa boitsebiso bo hlalosang kenyeletsong ea sona le qetellong ea puo feela. Moena ea abetsoeng ho nehelana ka lintlha tse khōlō tsa Bibele o lokela ho fokotsa litlhaloso tsa hae ha a bua ka litemana tse abetsoeng Puo No. 2 e le hore sebui se abetsoeng puo eo se ka hōlisa boitsebiso ba sona ka ho feletseng ’malong oa Bibele.
4 Molebeli oa sekolo o tla tšoaea leqephe la Keletso ea Puo la ba nehelanang ka Lipuo No. 2, 3, le 4. Ha hoa lebelloa hore a latele tatelano e leqepheng la keletso empa a ka fana ka keletso e tobileng lintlheng tseo ho tsona seithuti se lokelang ho ntlafatsa. Ha ho hlokahale hore a tšoaee leqephe la keletso la sebui se nehelanang ka Kabelo No. 1, le hoja a ka se eletsa lekunutung ha ho hlokahala.
5 Bohle ba tšoanelehang ba lokela ho sebelisa ka botlalo monyetla oa litokisetso tsa moea tse etsoang ke Jehova, ho kopanyeletsa koetliso e fanoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Koetliso e joalo e ka lebisa tšebeletsong e atlehang haholoanyane.—1 Tim. 4:7.