Etsa Boiteko ba Hore Batho ba Mamele ka Hloko
1 Batho ba bangata bao re teanang le bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo ha ba nahane ka lintho tsa moea. Ho ka etsahala hore ebe ba nahanne ka litho tsa lelapa, mathata a moruo, kapa mathata a botho. Hangata bakeng sa ho qalisa moqoqo, ho molemo ho bua ka lintho tse thahasellisang tse tloaelehileng ho ba bangata sebakeng seo. Ho ka sebelisoa lipotso ho tsosa thahasello, kaha li kopanyeletsa mong’a ntlo moqoqong. Lipotso tse batlang maikutlo tse sa hlabiseng batho lihlong li atleha haholo.
2 U ka etsa hore batho ba mamele ka hloko ka ho sebelisa katamelo e kang ena:
◼ “Lumela. Lebitso la ka ke _____. Ke lula hona sebakeng sena. Batho ba bangata bao ke buisaneng le bona hoseng hona ba amehile ka [bolela ketsahalo e sa tsoa hlahella litabeng sebakeng sena kapa taba e ammeng batho ba sebaka seo]. Na u nahana hore Molimo o ne a rerile hore lefatše le be tjee?” Emela karabo. Joale u ka ntša pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso. Ka bokhutšoaane bua ka setšoantšo se leng leqepheng la 1 le boitsebiso bo leng lirapeng tsa 1-3 haeba nako e lumela. Haeba ho na le thahasello, ho ka kenyeletsoa buka Phela ka ho sa Feleng. U ka lebisa tlhokomelo ho Pesaleme ea 37:9, 10 joalokaha e qotsitsoe leqepheng la 157 ebe u e bala ho tsoa bukeng. U sebelisa litšoantšo tse leng maqepheng 156-7, hlalosa maemo a lokileng a tla ba teng lefatšeng ha bokhopo bo felile.
3 Ka linako tsohle lula u itokiselitse ho nehelana ka Molula-Qhooa le Tsoha! Hohle batho ba tšosoa ke ho hlepha ha boitšoaro. Ha u bala Tsoha! ea August 8, khetha lintlha tse ’maloa tseo u nahanang hore li ka tsosa thahasello ho batho ba leng tšimong ea lōna. Ho e-na le ho qeta nako e telele u bua ka maemo a kajeno a mabe, hlokomelisa mong’a ntlo ka sehlooho “Tataiso e Phethahetseng ea Boitšoaro,” ebe u bua hantle ka melemo ea ho itšoarella keletsong ea Lentsoe la Molimo. Hamorao khoeling ena, ha le nehelana ka Tsoha! ea September 8, le ka buella sehlooho “Ha Batho ba Merabe Eohle ba Phela Hammoho ka Khotso.” Totobatsang keletso ea Bibele bakeng sa ho fumana likamano tsa khotso pakeng tsa batho ba merabe. Ho ka nehelanoa ka likhatiso tsa hona joale esita le tsa khale tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka nako leha e le efe ho phaella matsatsing a khethehileng a beheletsoeng ka thoko bakeng sa ho nehelana ka limakasine.
4 Hopola hore sepheo sa rōna ke ho tsosa thahasello molaetseng oa ’Muso. E le hore mong’a ntlo a re mamele ka hloko, pele re tlameha ho hapa tlhokomelo ea hae ebe re susumetsa monahano oa hae. Sena se tla etsa hore batho ba kang linku ba batle ho “mamela se boleloang ke Molimo [oa ’nete] Jehova” mabapi le morero oa hae ka batho.—Pes. 85:8.