Khutlela Moo U Tsamaisitseng Limakasine
1 Jesu o ile a khothaletsa balateli ba hae hore ba sebeletse ho etsa barutuoa. (Matt. 28:19) Sena se bolela ho fetang feela ho tsamaisa lingoliloeng; re batla ho thusa batho hore ba hatele pele moeeng. Ho etsa sena re tlameha ho khutlela ho fana ka thuso e eketsehileng ho ba bontšang thahasello.
2 Haeba u ile ua lebisa tlhokomelo ho sehlooho se ho e ’ngoe ea limakasine ketelong ea hao ea pele, ho ka ba hotle ho bua ka sehlooho se tšoanang ha u khutlela:
◼ “Ha ke ne ke u etetse nakong e fetileng, ke ile ka u hlokomelisa sehlooho se ho Molula-Qhooa (kapa Tsoha!) se ileng sa re thusa ho lemoha tlhoko ea hore re hlahlobe Bibele. Morero oa Molimo oa bokamoso bo molemo bakeng sa moloko oa batho o itšetlehile ka puso ea hae ea ’Muso. Mikea 4:3, 4 e tlaleha tšepiso ea hae ea hore ’Muso ona o tla felisa lintoa tsohle.” Ka mor’a ho bala lengolo, kenyeletsa bukana e lekanang le makasine “Bonang!,” ’me u ’montše setšoantšo se leng sekoahelong. Bua ka serapa sa pele le mangolo a bontšitsoeng serapeng seo, u hlokomele hore Mikea 4:3, 4 ke le leng la ’ona. Lokisetsa ho etsa leeto la ho boela e le hore u tle u ntšetse puisano pele ka serapa sa 2.
3 Haeba ho bonahala hore thahasello ea mong’a ntlo ha e kaalo kapa ha a na nako ea ho qoqa, u ka etsa qeto ea hore feela u ngole lebitso la hae ho batho ba leng tselaneng ea hao ea limakasine:
◼ “Kaha u bontšitse thahasello limakasineng tseo ke u sietseng tsona nakong e fetileng, ke ile ka nahana hore u tla thabela litokollo tsa morao-rao. Ke tšepa hore u tla fumana sehlooho sena se thahasellisa ka ho khethehileng.” Supa sehlooho seo u nahanang hore se tla ipiletsa ho eena. Ithaopele ho khutlela u nkile litokollo tse tla latela.
4 Beng ba matlo ba bang ba khetha ho bala limakasine pele ba ka etsa qeto ea ho etsa peeletso. Boemong bo joalo u ka sebelisa katamelo e latelang:
◼ “Kaha u bonahala u thabela Molula-Qhooa le Tsoha!, ke thabela ho u tlisetsa litokollo tsa morao-rao ha li e-tsoa. Haeba u thabela, nka etsa tokisetso ea hore li romeloe ho uena ka mehla ka poso e le hore u ka tiisa hore u fumana tokollo e ’ngoe le e ’ngoe. Peeletso ea limakasine ka bobeli ke R28,50 ’me u tla amohela litokollo tse 36 ka selemo.” Beng ba matlo ba bang ba ka thabela ho etsa peeletso ea makasine o le mong, ha ba bang ba ka thabela ho qala ka peeletso ea likhoeli tse tšeletseng.
5 Haeba u tsamaisitse peeletso ketelong ea pele, ho tla ba bohlokoa hore u khutlele kapele kamoo ho ka khonehang bakeng sa ho tsoela pele ho tsosolosa thahasello ea mong’a ntlo le ho qalisa thuto ea Bibele.
Haeba u sebelisa bukana e lekanang le makasine ea “’Muso” bakeng sa ho bontša mokhoa oo ho ithutoang ka oona, u ka sebelisa katamelo e latelang:
◼ “Hlokomela seo leqephe 3 le re bolellang sona ka sehlooho sa molaetsa oo Jesu a neng a o bolela ha a le lefatšeng.” Joale ka bokhutšoaane u bue ka boitsebiso bo leng ho leqephe 3. Botsa mong’a ntlo hore na o nahana hore ho hlokahala hore a etse eng hore a ithute ho eketsehileng. Ebe u re: “Ho bohlokoa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha re hloka ’Muso oa Molimo hakana. Ke rata ho khutla ho bua ka hore na ke hobane’ng ha re lokela ho nka puso ea Molimo e le tšepo feela eo re nang le eona.”
6 Esita le haeba mong’a ntlo a sa thahaselle ho ba le thuto ea Bibele, ithaopele ho khutlela joalo-joalo u nkile litokollo tsa morao-rao tsa limakasine ho fihlela a qala ho amohela peeletso ea hae. Khutlela hohle moo u tsamaisitseng limakasine ’me u khothaletse ba tšepahalang hore ba ithute ho eketsehileng ka lintho tseo Jesu a li laetseng.—Matt. 28:20.