Lebokose la Lipotso
◼ Lithuto tsa Buka tsa Phutheho li lokela ho tšoaroa neng?
Hangata ho molemo ebile ho loketse hore lihlopha tse ’maloa tsa thuto ea buka li kopane libakeng tse qaqolohaneng tšimong ea phutheho ho e-na le hore e mong le e mong a kopanele Holong ea ’Muso. Lithuto tsena li lokela ho tšoaroa ka nako e loketseng batho ba bangata ba abetsoeng ho kopanela ho tsona. Hangata, sena se etsoa mantsiboea har’a beke ha ho se na liboka tse ling kapa mesebetsi e meng ea tšebeletso e lokiselitsoeng. Leha ho le joalo, ho ka ba molemo ho lokisetsa hore thuto ea buka e be motšehare bakeng sa ho nolofaletsa ba seng ba hōlile ba sa rateng ho tsamaea bosiu le bakeng sa ba sebetsang bosiu. Maemong a ’maloa, ho ka thusa ho ba le thuto motšehare mafelong a beke.
Baholo ba ka etsa liphuputso tse loketseng bakeng sa ho beha linako tsa liboka “ho hopotsoe maemo a lokelang bahoeletsi ba bangata” esita le ba thahasellang. (om-SU leq. 62) Nako e khethiloeng e lokela ho ba letsatsing le horeng e ke keng ea sitisana ka ho sa hlokahaleng le litokisetso tse entsoeng tsa tšebeletso ea tšimo kapa hona ho e fokotsa.