Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/01 leq. 7
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho e re Thusang Kateng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • U ka Rua Molemo Joang Sehlopheng sa Hao sa Tšebeletso ea Tšimo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Thuto ea Buka ea Phutheho e Ntšetsa Pele Mesebetsi ea ho Ruta
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Ho Sebelisana-’moho le Mokhanni oa Rōna oa Thuto ea Buka ea Phutheho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 4/01 leq. 7

Lebokose la Lipotso

◼ Ke neng e tlang ho ba ho loketseng ho theha sehlopha se seng sa Thuto ea Buka ea Phutheho?

Ho theha sehlopha se secha ho lokela ho nahaneloa ha ho hlokahala hore ho bolokoe lenane la ba bang teng ba ka bang 15 kapa ka tlaase setsing se seng le se seng sa thuto ea buka, ho akarelletsa le se Holong ea ’Muso. Ke hobane’ng ha ho khothalletsoa see?

Ha lihlopha tsa Thuto ea Buka ea Phutheho li bolokoa li le nyenyane, mokhanni o khona ho lebisa tlhokomelo ho e mong le e mong ea teng. Ho phaella moo, bohle ba na le monyetla o moholo oa ho fana ka tlhaloso boemong bo khothalletsang hore ba bolele tumelo ea bona phatlalatsa. (Baheb. 10:23; 13:15) Ho ba le lihlopha tse nyenyane libakeng tse ’maloa ho pholletsa le tšimo ea phutheho ho etsa hore ho ba teng Thutong ea Buka ea Phutheho le libokeng tsa tšebeletso ea tšimo ho be bonolo. Liphutheho tse ekelitseng palo ea litsi li fumane hore lenane le kopaneng la ba bang teng thutong ea buka le lona le eketsehile.

Ho ka ’na ha e-ba le maemo a khethehileng a etsang hore e be bohlale ho theha sehlopha se seng, esita le haeba se tla ba senyenyane. Sena se ka ’na sa sebetsa sebakeng se thōkoana kapa litsing tse teng tseo ho tsona batho ba bang bangata haholo kapa ho haellang moo ho luloang. Ha ho hlokahala ho ka thehoa sehlopha se kopanang motšehare molemong oa ba hōlileng, ba sebetsang bosiu, kapa baralib’abo rōna ba nang le banna bao e seng Lipaki.

Sehlopha se seng le se seng sa thuto ea buka se lokela ho abeloa bahoeletsi ba ’maloa ba matla moeeng le ba mafolofolo hammoho le mokhanni ea tšoanelehang le sebali. Barab’abo rōna ba lokela ho hahamalla litokelo e le ho tlatsa tlhoko ena ka phuthehong.

Baholo ba ka khothalletsa ho tsoela pele ha phutheho ka ho tiisa hore lihlopha tsa thuto ea buka ea phutheho li khōlō ka ho lekaneng le hore li hlokomeloa hantle moeeng le hore li kopanela litsing tseo ho leng bonolo ho fihla ho tsona. Neng le neng ha ho le molemo, ho ka thehoa lihlopha tse ncha e le hore bohle ba ka sebelisa monyetla oa melemo ea tokisetso ena e ikhethang ea moea ka botlalo. Na u ka lumela hore lehae la hao e be setsi sa thuto ea buka? Ba bangata ba entseng joalo ba latsoitse litlhohonolofatso tsa moea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela