Ho Rua Molemo ka Botlalo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
1 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ’nile sa sebelisetsoa ho re koetlisa ‘tsebong ea ho ruta’ e le hore re ka fetisetsa linnete tsa Bibele ho ba bang ka tsela e atlehang. (2 Tim. 4:2, NW) Re fumana temohisiso ea bohlokoa lihloohong tse sa tšoaneng tsa Bibele beke ka ’ngoe. Re ka etsa bonnete ba hore re fumana molemo o feletseng joang taeong ea bohlokoa e fanoang ke sekolo see?
2 Lebisa tlhokomelo litlhalosong tse bulang tsa molebeli oa sekolo ha a totobatsa tse ling tsa lintlha tse thahasellisang tseo u ka ithutang tsona nakong ea seboka. Nahana ka lipotso leha e le life tseo a ka li phahamisang le kamoo u ka sebelisang likarabo tsa tsona tšebeletsong ea hao.
3 Puo ea taeo hase feela ho hlahloba taba e hatisitsoeng. E lebisa tlhokomelo nthong ea bohlokoa bo sebetsang ba boitsebiso le kamoo bo ka u tsoelang molemo kateng ka bouena. Ho lokisetsa esale pele ho tla u thusa hore u tsepamise mohopolo hamolemo lintlheng tsa sehlooho le ho kopanela tlhahlobong e etsoang ka ho buisana e tla latela.
4 Ho etsa ’malo oa Bibele oa beke le beke ka mehla ho ka tebisa kananelo ea hao ka Lentsoe la Molimo. Phuputso e eketsehileng e ka senola letoto la makolopetso a macha le a thahasellisang a tla eketsa kutloisiso ea hao ea ’nete. Nehelano ea lintlha tsa sehlooho tsa Bibele ke ntho e fetang feela ho pheta tlaleho ea Bibele. Ka mor’a boikhopotso bo bokhutšoaane bo akaretsang, sebui se tla totobatsa lintlha tse hlaheletseng karolong eo se e abetsoeng ’me se bontše kamoo li amang bophelo ba rōna le borapeli ba rōna kateng. Mamela ka hloko e le hore u ka ithuta mokhoa oo u ka sebelisang taeo ea Bibele hamolemo.—Pes. 119:105.
5 Haeba u abetsoe puo ea seithuti, hlokomela ntlha ea keletso eo u sebeletsang ho eona ka nako eo. Bala litlhahiso tse fanoeng ho Buka ea Tataiso ea Sekolo tse sebetsanang le tšobotsi eo ea puo, ’me u leke ho li sebelisa. Ha u khetha boitsebiso bakeng sa puo ea hao, leka ho hatella lintlha tse tla sebetsa tšimong.—sg-SU maq. 96-9.
6 Haeba u khaitseli ea abetsoeng ho nehelana ka Puo No. 3 kapa Puo No. 4, leka ho nehelana ka boitsebiso maemong a sebele a sebetsang. Mong’a ntlo a ka ’na kapa a se ke a lumellana le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e buang; ikemisetse ho bontša kamoo u ka thusang motho ho beha mabaka a itšetlehile ka melao-motheo ea Bibele. (sg-SU maq. 153-8) Sena se thusa bamameli hore ba bone kamoo ba ka sebetsanang le likhanyetso tse tšoanang tse fumanoang tšebeletsong ea tšimo. Lokisetsa nako e telele pele u fana ka puo, ’me o lokisetse hore le kopane le mong’a ntlo oa hao e e-s’o be morao bakeng sa ho ikoetlisa. Ho ke ke ha hlokahala hore le ikoetlise ka mor’a hore seboka se qale.
7 Liithuti tse fanang ka puo li khothaletsoa hore li lule haufi le karolo e ka pele ea holo. Sena se boloka nako ’me se nolofaletsa molebeli oa sekolo hore a fane ka litlhaloso tsa hae ka tsela e tla ama motho ka ho toba. Bohle ba ka rua molemo litlhahisong tse mosa, tse tobileng tseo a fanang ka tsona tse thehiloeng ho Buka ea Tataiso ea Sekolo. A ka ’na a se latele tatellano ea lintlha tsa puo tse fanoeng leqetšoaneng la Keletso ea Puo; o tla khetha ntlha ea keletso e thehiloeng ho seo u se hlokang ka nako eo e le hore u ka etsa khatelo-pele e ntle ka ho fetisisa.
8 Ana kaofela ke mabaka a molemo bakeng sa hore re lokisetse ’me re be teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo beke le beke. Taeo eo re e fumanang e ka re thusa hore re be bohlale ’me re bontše tsebo tšebeletsong ea rōna.—Liprov. 1:5.