Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/94 leq. 4
  • Khutlela Moo U Fumaneng Thahasello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khutlela Moo U Fumaneng Thahasello
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Ho Hlaolela Thahasello Molaetseng oa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Khutlela Moo U Tsamaisitseng Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 5/94 leq. 4

Khutlela Moo U Fumaneng Thahasello

1 Ba bangata ho rōna ba atlehile ho aba limakasine le libukana tse lekanang le makasine. Ke habohlokoa hore re khutlele ’me re leke ho tsosa thahasello e eketsehileng. Katleho ea rōna ho etseng joalo e ka itšetleha ka hore na re itokiselitse hantle hakae pele re etsa leeto la ho boela.

2 Hopola hore bacha ba bangata ba tšoenngoa ke lintho tse tšoanang le tse amang batho ba baholo. Litokollo tsa May le June tsa Tsoha! li na le lihlooho tse hlahlobang mathata a hona joale ho ea ka pono ea bacha. Lihlooho tsena li fana ka temohisiso e ka thusang bacha, hammoho le batsoali ba bona, hore ba ananele seo e hlileng e leng sa bohlokoa bophelong.

3 Haeba u tsamaisitse “Tsoha!” ea May 8, u ka rera ho e sala morao ka ho nehelana ka tokollo ea June 8. U ka re:

◼ “Tokollo ea ho qetela eo ke u sietseng eona e ne e e-na le lihlooho tse buang ka tšepo bakeng sa bana. Bacha ba rōna ba tlameha ho hōlela lefatšeng le fanang ka tšepo e fokolang ea bokamoso. Ba bangata ba bona ba bontša tlhonamo ea bona ka boitšoaro ba bofetoheli. Empa ho na le ba bang ba bolokang ho leka-lekana ’me ba na le litekanyetso tse phahameng. Sehlooho sena se ho Tsoha! ea morao-rao se hlalosa kamoo lekhotla le ka holimo le amohelang qeto ea mocha. Ke nahana hore u tla ananela seo e se bolelang.”

4 U ka ’na ua etsa qeto ea ho nehelana ka bukana e lekanang le makasine u sebelisa katamelo ena:

◼ “Ke thabetse puisano ea rōna e khutšoaane nakong e fetileng ka bokamoso ba lefatše lena. Na u ka inahanela hore na bophelo bo tla ba joang moo ha Molimo a felisa bokhopo le ho utloa bohloko? [Bontša setšoantšo se ho leqephe 31 la bukana e lekanang le makasine Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?] Hlokomela litemana tsena tsohle tsa Bibele ho maqephe 29 le 30 tse hlalosang litlhohonolofatso tse tla tlisoa ke ’Muso oa Molimo. [Khetha lengolo le le leng, ’me u le bale ka ho toba ho tsoa bukaneng e lekanang le makasine.] Ke tla lakatsa ho u siela eona ka monehelo oa lisente tse 90.”

5 Ha u khutlela, mohlomong u tla fumana hore mong’a ntlo u na le lingoliloeng tsa bolumeli tseo a li amohelang ’me u nahana hore li lekane. U ka re:

◼ “Ho sa tsotellehe bolumeli ba rōna, kaofela re angoa ke matšoenyeho a mangata a tšoanang—tlōlo ea molao, boloetse bo tebileng, ho ameha ka tikoloho—na ha ho joalo? [Emela tlhaloso.] Na u nahana hore ho na le tharollo ea sebele mathateng aa? [Bala 2 Petrose 3:13.] Morero oa lingoliloeng tsa rōna o boletsoe ho leqephe 2 la Molula-Qhooa. [Bala polelo e le ’ngoe kapa tse peli tse khethiloeng.] Batho ba bangata bao eseng Lipaki tsa Jehova ba thabela ho bala likhatiso tsa rōna ka lebaka la molaetsa o nang le tšepo oo li o fupereng, o thehiloeng Bibeleng.” Haeba mong’a ntlo a arabela hamolemo, hlalosa lenaneo la rōna la thuto ea Bibele ’me u mo tsamaisetse limakasine tsa morao-rao.

6 U ka ’na ua sebelisa katamelo ena:

◼ “Lekhetlong la ho qetela ha ke ne ke le mona, re ile ra bua ka litebello tsa bokamoso bakeng sa lefatše la rōna. U ikutloa joang ka tlaleho ee? [Bolela litaba tsa morao-rao tse ammeng batho.] Ha batho ba utloa ka lintho tse kang tsena, ho etsa hore ba ipotse hore na lefatše lena le ea kae, na ha ho joalo? Re lumela hore lintho tse joalo li bontša hore re phela ‘mehleng ea qetello’ e boletsoeng esale pele ka Bibeleng ho 2 Timothea 3:1-5.” Ka mor’a ho bala lintlha tsa sehlooho, u ka botsa hore na u kile a bona batho ba lokeloang ke tlhaloso eo. Ntšetsa pele puisano ka e ’ngoe ea lihloohoana tse ho maqephe 293-8 bukeng ea Ho Bea Mabaka.

7 Haeba re lokisetsa hantle ’me re bontša thahasello ea sebele ea ho thusa, re ka kholiseha hore ba tšepahalang ba tla mamela.—Joh. 10:27, 28.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela