Lentsoe la Molimo le Matla
1 Bibele e susumelitse bophelo ba batho ba limilione haholo. Seo e se bolelang se susumetsa ho feta ntho leha e le efe eo motho a ka e hlahisang. (Ba-Heb. 4:12) Bona seo e re etselitseng sona. Ruri ke ea bohlokoa ho feta buka leha e le efe.
2 Lipaki tsa Jehova ke liithuti tse ka pele-pele le babuelli ba Bibele. Re lokela ho nka ho bala Bibele e le karolo ea bohlokoa ea kemiso ea rōna ea puso ea Molimo, e be ntho e tlang pele ho ho shebella thelevishene le mesebetsi e meng kaofela ea boikhathollo.
3 Ho Etse Mokhoa oa Kamehla: Batho ba Jehova ba ananela tšusumetso e matla eo ho bala Bibele kamehla ho fanang ka eona. Ka lilemo tse ngata letšoao le leholo ho e meng ea mehaho ea rōna ea fektheri Brooklyn le ’nile la khothalletsa ba fetang ka tsela ho “Bala Lentsoe la Molimo Bibele e Halalelang Letsatsi le Letsatsi.” Litho tse ncha tsa lelapa la Bethele li tlameha ho bala Bibele eohle selemong sa tsona sa pele sa tšebeletso ea Bethele.
4 Ho sa tsotellehe hore na u tšoarehile hakae, na u tsamaisana le ’malo oa Bibele oa beke le beke oo ho entsoeng tlhahiso ea oona Kemisong ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Molimo? Haeba u ile ua fumana bothata ba ho etsa sena, ke hobane’ng ha u sa sebeletse ho ntlafatsa ka November? ’Malo oa Bibele bakeng sa khoeli eohle ke Lipesaleme 95-109, e leng ho hlokang hore ho baloe maqephe a ka bang mararo kapa a mane ka beke. Ba bang ba khetha ho bala hanyenyane letsatsi ka leng, mohlomong hoseng ka matjeke kapa pele ba robala bosiu. Ho sa tsotellehe hore na u ho etsa neng, ntho ea bohlokoa ke hore u tla kotula melemo e phelisang e fumanoang ke ho bala Lentsoe la Molimo kamehla.
5 Buella Buka Lentsoe la Molimo ka November: Batho ba bangata ba ntse ba hlompha Bibele ’me ba ikemiselitse ho mamela ha re e bala. Ka November re tla nehelana ka buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Hona ho re fa monyetla o motle haholo oa ho bontša ba tšepahalang molemo oa Lentsoe la Molimo. Bontša cheseho ha u etsa seo.
6 Lokisetsa mantsoe a nahannoeng ka hloko ka bohlokoa bo hlaheletseng ba buka Lentsoe la Molimo a tla susumetsa thahasello ea batho hore ba iphumanele eona. Ke hobane’ng ha u sa khethe kenyelletso bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqephe 10, tlas’a sehlooho “Bibele/Molimo”? Maqepheng a 54-63 u tla fumana boitsebiso bo eketsehileng bo thusang ka Bibele. Ke hobane’ng ha le sa hlahlobe boitsebiso bona le le lelapa pele le ea tšebeletsong. Mohlomong le ka ba la ba le lenaneo la ho ikoetlisa, le sebelisa likenyelletso tse leng bukeng ea Ho Bea Mabaka kapa tse ling tseo le fumaneng li atleha tšimong ea lōna.
7 Tiisa hore u bontša bohlokoa bo sebetsang ba Bibele joalokaha bo tšohliloe khaolong ea 12 bukeng Lentsoe la Molimo. Ka lebaka la ho theoha ha moruo lefatšeng ka bophara, batho ba bangata ba etsa hore ho fumana chelete le lintho tse bonahalang e be lintho tseo ba li thahasellang haholo. U ka lebisa tlhokomelo ea mong’a ntlo lirapeng tsa 3 le 4 khaolong ena, u totobatsa keletso e leka-lekaneng le e bohlale ea Lentsoe la Molimo.
8 E, Bibele ke Lentsoe la Molimo. Haeba re e bala, re e lumela, ’me re sebelisa keletso ea eona bophelong ba rōna, re tla kotula melemo e meholo. E ngoletsoe ho re fa taeo le tšepo. (Ba-Roma 15:4) Ho bohlokoa haholo hore re e hlole letsatsi le leng le le leng ’me re lokele ho e sebelisa ho ruta ba bang.