Bontša ho Nahanela ba Bang—Karolo 2
1 Kahohle kamoo ho ka khonehang, re batla ho boloka kamano e ntle le batho ba phelang motseng oa rōna. Sena se hloka hore re nahanele ’me re hlomphe litokelo tsa bona le maikutlo.
2 Lipaki tsa Jehova li tsejoa ka mekhoa e metle. Litekanyetso tsa rōna tsa boitšoaro ho baahisani, sekolong, le mosebetsing, haesita le likopanong tsa rōna, e bile taba eo ho ileng ha buuoa hantle ka eona haholo.—Bona Molula-Qhooa, June 15, 1989, leqepheng la 20.
3 Ha e le hantle, boitšoaro bo botle bo akarelletsa lintho tse ngata, tse kang botšepehi, mahlaha-hlaha, le litekanyetso tse ntle tsa boitšoaro. Ho boetse ho akarelletsa ho hlompha baahi ba phelang sebakeng se haufi le Holo ea ’Muso. Boitšoaro ba rōna ba bomolimo bo ka hlokomolohuoa lintlheng tse ling haeba re hlōleha ho nahanela baahisani ba rōna. Pauluse o ile a re khothalletsa ho “itšoara ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo.”—Ba-Fil. 1:27.
4 Ka linako tse ling, baahi ba leng haufi le Liholo tse ling tsa ’Muso ba ’nile ba tletleba ka seo ba ikutloang hore ke ho se nahanele ho bontšoang ke ba bang teng libokeng. Baena le bo-khaitseli ba lokela ho qoba ho bokana litselaneng tse ka pel’a Holo ea ’Muso ebe ba qoqa ba phahamisitse mantsoe hoo ba utluoang ke batho ba leng malapeng a haufi. Bana ha baa lokela ho lumelloa ho matha ba e-tsoa ba kena ka Holong ea ’Muso. Ho khahlela mamati a koloi kapa ho letsa hutara ka ho se nahanele ho ka tšoenya bao re ahisaneng le bona. Boitšoaro ba mofuta ona bo hlahisa phutheho hampe. Hape, ke habohlokoa hore re boloke melao eohle ea tsela ha re khanna sebakeng seo.—Ba-Roma 13:1, 2, 5.
5 Likoloi ha lia lokela ho pakoa libakeng tsa batho kapa libakeng tse etsang hore likoloi tse fetang li se bonahale kapa moo li thibang tsela. Libaka tsa likhoebo tsa ho emisa likoloi tse leng haufi tse etselitsoeng bareki ha lia lokela ho sebelisoa ntle ho tumello. Moo liphutheho tse tharo kapa tse ’nè li sebelisang Holo e le ’ngoe ea ’Muso, liboka li ba teng hoo e batlang e le letsatsi le leng le le leng bekeng, ’me sena se hloka tšebelisano-’moho pakeng tsa lihlopha tsa baholo.—Bona Molula-Qhooa, October 1, 1988, leqepheng la 17, serapa sa 13.
6 Bibele e re phehella hore re etse “tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona,” ’me sena se akarelletsa ho nahanela ba kantle. (1 Ba-Kor. 10:31-33) Haeba re ‘hlokomela tseo e leng tsa ba bang,’ ka ho se nahanele re ke ke ra itšohlometsa libakeng tsa bona. (Ba-Fil. 2:4) Hape re tla qoba ho kena-kenana le mesebetsi ea khoebo ea barekisi ba moo re leng teng.
7 Ho bontša ho nahanela ba bang—ka hare le kantle ho phutheho—ke pontšo ea kantle ea seo re se utloang lipelong tsa rōna. Seo re se etsang le ho se bua se lokela ho bontša hore re ‘rata baahisani ba rōna joalokaha re ithata.’—Matt. 7:12; 22:39, NW.