Liboka tsa Tšebeletso tsa February
Beke e Qalang ka la 6 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Etsa pontšo ea kamoo lihlooho tse leng limakasineng tsa morao-rao li ka buelloang mosebetsing oa ntlo le ntlo.
17 mets: “Ho Bolela—Tokelo e Tlotlehang.” Lipotso le likarabo. Etsa litlhaloso tse eketsehileng tse thehiloeng ho Molula-Qhooa, July 15, 1990, leqepheng la 19, lirapeng tsa 13-16.
18 mets: “Ho Kenyelletsa Buka ea Phela ka ho sa Feleng ka Katleho.” Hlahloba lintlha tsa sehlooho le bamameli, ho kopanyelletsa le litlhaloso tse leng ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, maqepheng a 46-7, lirapeng tsa 9-12. Tšohla taba ea hore na ke kenyelletso ea mofuta ofe e ka atlehang tšimong ea lōna. Lokisetsa hore ho be le pontšo ka nehelano e le ’ngoe kapa tse peli.
Pina 82 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 13 February
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bolela liteboho tsa Mokhatlo bakeng sa menehelo e amohetsoeng.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa puo sehloohong se reng “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Bua ka Molimo?” ho Tsoha!, October 8, 1994, maqepheng a 13-15.
15 mets: “Lentsoe la ’Muso—Ho le Utloisisa.” Lipotso le likarabo. E re batho ba babeli kapa ba bararo ba phete kamoo ba etsang thuto ea bona ea botho kapa ba hlahlobang temana ea letsatsi le hore na ba etsa sena neng.
15 mets: “Bontša ho Nahanela ba Bang—Karolo 2.” Puo le puisano ka moholo. Totobatsa mathata leha e le afe a hlokometsoeng sebakeng sa lōna, ’me u fane ka keletso e loketseng.
Pina 109 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 February
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Totobatsa lihlooho tsa limakasine tsa morao-rao tse loketseng tšimo ea sebaka sa lōna. Etsa pontšo ka linehelano.
15 mets: “Mofani oa ‘Mpho e ’Ngoe le e ’Ngoe e Ntle.’” Puo ka moholo, e thehiloeng ho Molula-Qhooa, December 1, 1993, maqepheng a 28-31.
18 mets: “Khutlela Moo U Fumaneng Thahasello.” Buisana le bamameli. Pheta litlhaloso tse entsoeng tse bontšang kananelo bakeng sa ho amohela buka ea Phela ka ho sa Feleng. (Bona Molula-Qhooa, May 15, 1986, leqepheng la 32, le Molula-Qhooa, March 1, 1987, leqepheng la 32.) E-ba le pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane tse bontšang kamoo linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona li ka sebelisoang kateng. Khothalletsa bohle ho leka ho qalisa lithuto le ba thahasellang.
Pina 147 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe tšebeletso ea bona ea tšimo ea February hang-hang. Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho teana le bahoeletsi bohle bao mabitso a bona a leng lethathamong leo ba le fumaneng ho mongoli, ba ba khothatse hore ba nehelane ka litlaleho tsa bona tse liehileng ho tla.
20 mets: “Ho Etela Mokuli—Kamoo U ka Thusang.” Puo ka boitsebiso bo leng ho Tsoha!, March 8, 1991. Bolela litokisetso tsa phutheho bakeng sa ho thusa ba hōlileng, ba kulang, kapa ba sa khoneng ho tsoela kantle. Hatisa ntlha e leng leqepheng la 11, serapeng sa 4, mabapi le molemo oa ho apara hantle.
15 mets: Ho nehelana ka buka ea Tlhōrō ea Tšenolo ka March. Khothalletsa e mong le e mong hore a be mafolo-folo tabeng ea ho nehelana ka eona. Hlahloba mabaka a ho hatisoa ha eona, joalokaha a hlalositsoe bukeng ena leqepheng la 8. Pheta lipolelo tsa kananelo bakeng sa buka ena. (Bona Molula-Qhooa, March 15, 1989, leqepheng la 32, le Molula-Qhooa, April 15, 1989, leqepheng la 32.) Hlahloba ’me ka bokhutšoanyane u etse pontšo ea nehelano. (Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1992, leqepheng la 4.) Hopotsa bamameli hore ba iphumanele libuka tseo ba tla li sebelisa bekeng ena.
Pina 207 le thapelo e koalang.