Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/95 leq. 3
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekolo se re Hlomellang Bakeng sa Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Karolo ea Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Sekolo se Atlehileng se Leng Lefatšeng ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • U ’Ne U Hatele Pele
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 5/95 leq. 3

Lebokose la Lipotso

◼ Re lokela ho ea libokeng re nkile lintho life?

Beke ka ’ngoe re fumana taeo e molemo le khothatso libokeng tsa phutheho. (Esa. 48:17; Ba-Heb. 10:24, 25) Leha ho le joalo, hore na re fumana molemo hakae ho itšetlehile haholo ka hore na ebe re tla re lokiselitse hantle kapa che.

Ho ka ba molemo hore setho se seng le se seng sa lelapa se be le thepa ea sona ea ho ithuta le lintho tse ling tse hlokahalang bakeng sa liboka. Tsena li ka akarelletsa Bibele, buka ea lipina, (li)khatiso tse ithutoang, buka ea ho ngola lintlha, le pene kapa pentšele.

Bakeng sa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ho hlokahala Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo. Lintho tsena li re thusa ho hopola moko-taba oa lipuo tse fanoang tsa liithuti le ho tsamaisana le molebeli oa sekolo ha a fana ka keletso. Re ka sebelisa keletso le litlhahiso tse fanoang e le hore re ka ntlafatsa lipuo tsa rōna le linehelano tsa tšebeletso ea tšimo. Ho tloha ka January, lipuo tse ngata tsa taeo li thehiloe ho Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo. Ho ka ’na ha se khonehe hore setho se seng le se seng sa lelapa se nke kopi ea sona; mohlomong ba ka tla le moqolo o le mong o tla sebelisoa ke lelapa bakeng sa litšupiso.

Bakeng sa Seboka sa Tšebeletso, ho hlokahala hore re nke Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea khoeli eo le buka ea Ho Bea Mabaka. Nka likhatiso leha e le life tse tla sebelisoa sebokeng sena, tse kang libuka tse tla sebelisoa ha ho etsoa pontšo ea linehelano. Baholo ba lokela ho ba le kopi ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna.

Batsoali ba lokela ho leka ho etsa hore bana ba bona ba lule ba khutsitse ’me ba mametse ka hloko libokeng tsa phutheho. Ho ba fa likopi tsa botho tsa Molula-Qhooa le likhatiso tse ling, esita le pele ba khona ho bala, ho ba khothalletsa ho ba le thahasello. Ha ba banyenyane ba rutoa ho hlompha likhatiso tsa puso ea Molimo le ho li sebelisa, ho thehoa mekhoa ea moea ea bophelo bohle, le e hahang.

Thabo le khotsofalo tseo re li fumanang libokeng tsa phutheho li eketsoa haholo ke ha re tla ho tsona re itlhomeletse hantle. (2 Tim. 3:17) Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho tiisa hore ‘re tlala tsebo ea thato ea [Molimo], ka bohlale bohle, le kelello eohle ea moea.’—Ba-Kol. 1:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela