Etsang Maeto a ho Boela Hohle Moo le Tsamaisitseng Libukana Tse Lekanang le Makasine
1 Moapostola Pauluse o ile a babatsa Bafilippi hobane ba ne ba ‘mo hopoletse.’ (Ba-Fil. 4:10) Haeba re sebelisa mohlala oa bona tšebeletsong ea tšimo, re tla ‘hopolela’ bao re ileng ra paka ho bona le ho potlakela ho etsa maeto a ho boela.
2 Haeba u ile ua tsamaisa bukana e lekanang le makasine ea “’Muso O Tla Tlisa Paradeise,” u ka ’na ua bua mantsoe a kang ana:
◼ “Ke ne ke nahana ka moqoqo oo re bileng le oona nakong e fetileng, eaba ke hopola mangolo a mabeli ao ke thabelang ho a arolelana le uena. U tla hopola hore re ile ra bua ka taba ea hore Molimo o tla busa lefatše. Ka Bibeleng, Jehova Molimo o tšepisitse hore sena se tla etsahala. [Bala Daniele 2:44.] Na u lumela hore ruri sena se tla etsahala? [Emela karabo.] Mamela seo Molimo a se bolelang ka matla a hae a ho phethahatsa litšepiso tsa hae. [Bala Esaia 55:11.] Na seo ha sea lokela ho re khothalletsa ho beha tšepo ea rōna ’Musong oa Molimo? Empa Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae neng?” Hlalosa hore u tla araba potso ena ketelong ea hao e latelang.
3 U ka ’na ua sebelisa katamelo ena ha u etsa leeto la ho boela ho motho ea nkileng bukana e lekanang le makasine ea “Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa”:
◼ “Ke ile ka ikitlaetsa ka ho khethehileng hore ke khutle, mabapi le puisano ea rōna tabeng ea ho lahleheloa ke motho lefung.” Mo bontše setšoantšo se leng leqepheng la 30 ha u re: “U sa hopola setšoantšo see se thabisang sa ha batho ba tsosoa ’me ba boela ba kopana le baratuoa ba bona? Ke ile ka u botsa hore na ketsahalo ena e tla etsahala hokae, leholimong kapa lefatšeng. Mohlomong u fumane karabo ea Bibele leqepheng la 26 la bukana ena e lekanang le makasine.” Bua ka lintlha tse khōlō serapeng sa boraro ho ea ho sa bohlano, ebe u bala Johanne 5:21, 28, 29. Ha nako e lumela, bala mangolo leha e le afe a setseng leqepheng lena.
4 Na u qalile thuto ka “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha”? Leetong la ho boela, u ka etsa sena:
◼ Bua hape ka leqephe la 30, ’me u supe potso: “Bibele e ikhetha ka litsela life?” Phetla maqepheng a 3 le 4, ’me u hlahlobe lirapa tsa 1-4 haesita le setšoantšo se leng sekoahelong sa bukana e lekanang le makasine. Bala lengolo le le leng kapa a mabeli a bontšitsoeng mongolong o botlaaseng ba leqephe serapeng sa 4. Hlalosa hore Bibele ke eona feela buka e fanang ka tšepo e joalo e hlollang. Lokisetsa ketelo ea hao e latelang. Ka mor’a ketelo ea boraro, haeba ho bonahala eka thuto e tla tsoela pele, u ka qala ho tlaleha thuto e ncha!
5 U ka ntšetsa pele puisano ho “Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng” ka tsela ena:
◼ “Nakong e fetileng, ke ile ka khona ho u bontša lebitso la Molimo ka Bibeleng. Ho tseba le ho sebelisa lebitso la Jehova ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna.” Phetla leqepheng la 31, hlahloba lintlha tsa sehlooho lirapeng tse ’nè tsa ho qetela, ebe u bala Johanne 17:3 le Mikea 4:5. Hlalosa hore re fana ka lenaneo la thuto ea Bibele le ka bontšang kamoo lebitso la Molimo le tlang ho halaletsoa ka tsela e loketseng le kamoo re tla thabela litlhohonolofatso tsa lefatše la paradeise.
6 Kahoo, hopola bao u kopaneng le bona. Phehella ho khutlela ho bona, le ho lokisetsa ntho e itseng e molemo eo u tla ba arolela eona. U ka ba motho “ea hlileng a behang litholoana” tabeng ea ho etsa barutuoa.—Matt. 13:23, NW.