E-bang Matichere a Lentsoe la Molimo—Le Sebelisa Libukana
1 Mohlanka e mong le e mong ea inehetseng oa Jehova o na le boikarabelo ba ho kopanela mosebetsing oa ho ruta ba bang Lentsoe la Molimo. Botebo ba boikarabelo bona boa hlaka ha re lemoha hore re fuoe thōmo ea ‘ho ruta lichaba tsohle’ ke ea nang le matla ’ohle a ho laela leholimong le lefatšeng. (Matt. 28:18-20) Kahoo, ho kopanela boboleling ba litaba tse molemo ho hloka hore re be matichere!—2 Tim. 2:2.
2 Ka August re ka sebelisa tsebo ea rōna ea ho ruta ha re nehelana ka libukana. Re ka khetha mehopolo e itseng e thahasellisang ea Mangolo e ho tsona ’me re lokisetse litlhaloso tse seng kae tse tla re thusa ho qalisa moqoqo.
3 Ha u nehelana ka bukana ea “Na Ruri Molimo oa re Tsotella?” u ka re:
◼ “Re etetse baahisani ba hao ba bangata ’me re fumane hore ba amehile ka keketseho e khōlō ea tlōlo ea molao, botšosi le pefo. Ka maikutlo a hao, ke hobane’ng ha see se fetohile bothata bo bokaale? [Emela karabo.] Re thahasella haholo hore ebe Bibele e ile ea bolela esale pele hore sena se ne se tla etsahala. [Bala 2 Timothea 3:1-3.] Hlokomela hore se tla etsahala ‘mehleng ea qetello.’ Hona ho bontša hore ho na le ntho e tla tloha e fela. U nahana hore ke eng?” Emela karabo. Phetla leqepheng la 22, supa setšoantšo, ’me u bue ka lengolo le le leng kapa a mabeli a qotsitsoeng leqepheng lena. Nehelana ka bukana ka R1,00 ’me u etse litokisetso tsa ho khutla hamorao ho tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha re lumela hore litlhohonolofatso tsena li haufi.
4 U ka ’na ua batla ho sebelisa katamelo ena ha u nehelana ka bukana ea “Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?”:
◼ “Batho ba bangata ba fumana bothata ha ba leka ho fumana morero oa sebele oa bophelo. Le hoja ba seng bakae ba e-na le thabo e lekanyelitsoeng, ba bangata ba phela bophelo bo tletseng masoabi le ho utloa bohloko. Na u nahana hore ena ke tsela eo Molimo a ileng a rera hore re phele ka eona? [Emela karabo.] Bibele e bontša hore Molimo o batla hore re phele lefatšeng le tjena.” Supa setšoantšong se leng leqepheng la 21, ebe u phetla maqepheng a 25 le 26, lirapeng tsa 4-6, ’me u hlalose seo a se tšepisitseng. Phahamisa potso ena eo le tla buisana ka eona ha u khutla: “Re ka kholiseha joang hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae?”
5 U ka ’na ua nehelana ka bukana ea “Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!” ka ho bontša setšoantšo se feletseng se leng sekoahelong maqepheng a kantle ebe u-ua botsa:
◼ “Na u ka rata ho phela lefatšeng le tletseng batho ba thabileng tjee? [Emela karabo.] Bibele e re bolella hore Molimo o rata batho ’me o batla hore ba phele ka ho sa feleng ka thabo lefatšeng lena.” Phetla setšoantšong sa 49, ebe u bala le leng la Mangolo a bontšitsoeng. Joale, supa setšoantšong sa 50, ’me u hlalose seo re tlamehang ho se etsa haeba re batla ho phela Paradeiseng ena. Ithaopele ho khutla ho tla tšohla hore na ke hobane’ng ha ho lumela ho Jesu Kreste ho le bohlokoa hakana.
6 Jehova o-oa thaba ha re etsa hore ‘ho tsoela pele ha rōna ho lemohuoe ka ho lebela thuto ea rōna.’ (1 Tim. 4:15, 16) Libukana tsa rōna e ka ba thuso ea sebele ho rōna boitekong ba rōna ba ho thusa ba laba-labelang ho utloa “litaba tse molemo.”—Esa. 52:7.