Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/95 leq. 1
  • Thusang Babatli ba ’Nete ho Batla Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusang Babatli ba ’Nete ho Batla Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Bibele e se Rutang—Ke Buka ea Rōna e ka Sehloohong e Sebelisoang Lithutong Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Moloko oa Batho o Hloka Tsebo ea Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Thusa ba Bang ho Fumana Tsebo e Isang Bophelong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 11/95 leq. 1

Thusang Babatli ba ’Nete ho Batla Molimo

1 Jesu o ile a re, “E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.” (Mar. 13:10) Hona ho ne ho bolela hore barutuoa ba hae ba ne ba tla kopana le batho ba mefuta-futa ea lipuo, meetlo le limelo tsa bolumeli. Hape ho bolela hore barutuoa ba hae ba kajeno, Lipaki tsa Jehova, ba na le kabelo ea ho ruta mefuta eohle ea batho. Batho ba lefatše ba likete tse limilione, ba tsoang limelong tsohle tsa bolumeli, ba hloka tsebo eo e leng Molimo feela ea ka fanang ka eona—tsebo ka eena le ka Mora oa hae, Jesu Kreste.—Liprov. 2:1-6; Joh. 17:3.

2 Kaha ke thato ea Jehova Molimo hore batho ba mefuta eohle ba bolokehe ’me ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete, ke tokelo ho rōna ho thusa ba bangata ka ho eketsehileng hore e be barorisi ba hae. (1 Tim. 2:3, 4) Ka November, ka thuso ea buka Moloko oa Batho o Batla Molimo le New World Translation, re tla khona ho thusa ba bangata Bokreste-’mōtoaneng hammoho le ba tsoang limelong tseo e seng tsa Bokreste le tsa ba sa lumeleng ho Molimo hore ba qale ho rapela Jehova “ka moea le ka ’nete.”—Joh. 4:23.

3 Moloko oa Batho o Batla Molimo e re thusitse hore re be le kutloisiso e hlakileng haholoanyane ka malumeli a mang le semelo sa ’ona sa histori. Ke thuso ho boleleng ka katleho ho bohle bao re kopanang le bona. E arabela lipotso tse makholo-kholo mabapi le litumelo tsa motheo tsa malumeli a maholo a lefatše. Ke lintlha life tse tsoang thusong ee ea bohlokoa tseo re ka li totobatsang ho khothaletsa ba tšepahalang hore ba ithute ho eketsehileng ka Molimo?

4 Potso e le ’ngoe ea bohlokoahali e tšohloang ho pholletsa le buka eo ke ena: Na motho o na le soule e sa shoeng e pholohang lefu la hae ’me e tsoele pele ho phela ka mor’a lefu? Ka tsela ena kapa eane, hoo e batlang e le bolumeli bo bong le bo bong bo ruta khopolo eo. Lipotso tse ling tseo ho builoeng ka tsona bukeng ena ke tsena: Na ho na le sebaka se kang lihele moo lisoule li hlokofatsoang teng? Tšepo ea ’nete ke efe bakeng sa bafu? Na ho na le Molimo a le mong, kapa ho na le melimo e mengata? Tlhokomelo e ka lebisoa lipotsong tse leqepheng la 17 le la 18 la buka ena. Esita leha re bua le motho ea sa lumeleng boteng ba Molimo kapa ea belaellang boteng ba Molimo, ka boitsebiso bo leqepheng la 7, serapeng sa 9, re ka hapa tlhokomelo ea hae ’me mohlomong ha fella ka moqoqo o molemo.

5 Ka ho hlakileng kamehla re lokela ho bonahatsa masene. Ha re thahaselle ho tsosa khang empa ho e-na le hoo re batla ho behelana mabaka le batho. Re na le mabaka ’ohle a ho chesehela ho nehelana ka buka ena. Haeba re tloaelane hantle le litaba tse ka hare ho eona, re tla fumana menyetla ea ho phahamisa thahasello ea batho ba tšepahalang ba limelo tse ngata tsa bolumeli. E se eka re ka bontša cheseho tšebeletsong ena. Ho hlokahala hore moloko oohle oa batho o batle Molimo le ho batla mohau oa hae hona joale. Liketsahalo tsa lefatše li bontša hore Armageddone e tla ka potlako. Ke nako ea ho nka bohato ka cheseho.

6 E se eka re ka phehella ho batla babatli ba ’nete le ho matlafatsa kamano ea bona le Molimo oa ’nete. A ka fumanoa!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela