Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/95 leq. 8
  • Thusang ba Bang ho Ananela Bohlokoa ba Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusang ba Bang ho Ananela Bohlokoa ba Bibele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khutlela Moo U Fumaneng Thahasello
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Thusang ba Bang ho ‘Boloka Tse Ngoliloeng’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Ba Thuseng ho Utloisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Ho Thusa Malapa ho Fumana Bokamoso bo Sireletsehileng ba ka ho sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 11/95 leq. 8

Thusang ba Bang ho Ananela Bohlokoa ba Bibele

1 Jesu o ile a fana ka seo barutuoa ba hae ba neng ba se hloka. Luka 24:45 e-ea tlaleha: “Ea e-ba hona a bulang kutloisiso ea bona, hore ba utloisise Mangolo.” O ne a tseba hore haeba ba ne ba batla ho amoheloa ke Ntat’ae, e ne e le habohlokoa hore ba ithute le ho utloisisa Lentsoe la Molimo, Bibele. (Pes. 1:1, 2) Mosebetsi oa rōna oa boboleli o na le sepheo se tšoanang. Pakane ea rōna ke ho qala lithuto tsa Bibele, moo re ka ‘rutang batho ho boloka lintho tsohle tseo Jesu a li laetseng.’ (Matt. 28:20) Re hopotse sena, tse latelang ke litlhahiso ho se ka ’nang sa thusa ha u etsa maeto a ho boela.

2 Haeba pele le ile la buisana ka buka “Moloko oa Batho o Batla Molimo” u ka ’na ua ntšetsa pele puisano ea lōna ka tsela ena:

◼ “Joaloka motho oa molumeli, u nahana hore bolumeli bo lokela ho ama boitšoaro ba motho joang? [Emela karabelo.] Seo Jesu Kreste a se boletseng ho Mattheu 7:17-20 se re fa tataiso eo bolumeli ba ’nete bo lebelletsoeng ho e latela.” Bala lengolo leo ka ho toba qetellong ea serapa sa 19 leqepheng la 12 la buka ena Moloko oa Batho o Batla Molimo. E be u botsa mong’a ntlo hore na o bona eng setšoantšong se leqepheng la 13. “Le hoja ba limilione ba ipolela hore ba lumela ho Molimo ba bangata ba mo latola ka mesebetsi ea bona. [Bala lipolelo tse peli tse qalang tsa serapa sa 20.] Liketso tsena tse mabifi li khetholla malumeli a sa lateleng tataiso e fanoeng ke Kreste ea ho ratana, esita le ho rata lira tsa rōna. Leetong la ka le latelang, mohlomong re ka buisana ka hore na bolumeli bo tlameha ho etsa’ng hore e tle e be bo beha litholoana tse ntle.”

3 Haeba u ile ua bua le motho ea ileng a bontša thahasello Bibeleng, joale mohlomong katamelo ena e ka ba e atlehang ho qaliseng thuto:

◼ “Hoo e ka bang bohle bao u buang le bona ba tla u bolella hore ba ne ba tla rata ho ba le lefatše la khotso le le sireletsehileng leo ba ka phelang ho lona. Haeba ke seo e mong le e mong a se batlang, ke hobane’ng ha re e-na le lefatše le tletseng mofere-fere le pefo hakaale? [Emela karabelo.] Bibele e re fa karabelo potsong eo.” Bala 2 Ba-Korinthe 4:4. Hlalosa kamoo Molimo a tlang ho timetsa Diabolose le kamoo a tlang ho tlisa lefatše le nang le khotso e sa feleng le thabo. Bala Tšenolo 21:3, 4. Joale u ka re: “Nakong e tlang ha ke e-tla, ke tla rata ho u bontša mangolo a mang a hlalosang hore na ke hobane’ng ha u ka lebella lefatše le se nang matšoenyeho.”

4 Haeba u ile ua sebelisa katamelo e tobileng ho qala thuto ’me ho bile le karabelo e ntle, u ka ’na ua bua tjena ha u khutlela:

◼ “Ha re ne re bua pejana, re ile ra buisana ka mabaka a hore na ke hobane’ng ha ho le molemo ho ithuta Bibele. Boiteko ba sebele ba ho etsa hona ka ho eketsehileng bo ka re thusa ho ananela seo Molimo a re boloketseng sona. [Bala Johanne 17:3.] Re qalile lenaneo la ho ithuta Bibele le thusitseng ba likete ho ithuta ho eketsehileng ka seo Molimo a se tšepisitseng le kamoo re ka mo khahlisang kateng.” Hlahisa buka Phela ka ho sa Feleng, hlahloba lihlooho tsa likhaolo, ’me u bontše hore na re khanna thuto ea Bibele joang.

5 Haeba u ka thusa batho ba tšepahalang ho ananela bohlokoa bo fetisisang ba Lentsoe la Molimo, u tla be u ba thusitse ka tsela e molemohali e ka khonehang. Bohlale boo ba ka ithutang bona ka ho ithuta se maqepheng a eona e ka ba “sefate sa bophelo,” se tlang ho ba tlisetsa thabo e khōlō.—Liprov. 3:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela