Karolo 2—Rua Molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1996
1 Nakoana ka mor’a ho qala ha Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1943, le leng la makala a Mokhatlo le ile la tlaleha: “Tokisetso ena e ntle ka ho fetisisa e atlehile ka nako e khutšoaane ho thusa baena ba bangata ba neng ba nahana hore le ka mohla e ke ke ea e-ba libui tsa phatlalatsa hore ba fetohe libui tse hloahloa sethaleng le ho atleha haholoanyane tšimong.” Sekolo se tsoela pele ho fana ka koetliso e babatsehang, eo kaofela ha rōna re e hlokang.
2 ’Malo oa Bibele: Ba abetsoeng lipuo hase bona feela ba ruang molemo sekolong. Ha e le hantle, kaofela ha rōna re na le kabelo—’malo oa beke le beke oa Bibele. Kemiso ea sekolo e bontša likhaolo tsa Bibele tse lokelang ho baloa beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ho na le likhopotso tse ngata tsa Mangolo tse hatellang bohlokoa ba ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. (Josh. 1:8; Pes. 1:2; Lik. 17:11) ’Malo oa Bibele o bohlokoa bakeng sa bophelo bo botle ba moea; o fepa kelello le pelo. Haeba re e bala bonyane metsotso e mehlano ka letsatsi, re tla khona ho tsamaisana le kemiso ea ’malo oa Bibele. Bofelong ba selemo, re tla be re balile likhaolo tse ka holimo ho 150 tsa Lentsoe la Molimo. Haeba re boloka Bibele haufi, re tla tseba ho bala karolo e itseng ea eona letsatsi le leng le le leng.
3 Puo ea Taeo: Bakeng sa ho susumeletsa baena tšebeletsong e tšepahalang, e chesehang, ho hlokahala hore sebui se fanang ka puo ea taeo se sebelise mekhoa e molemo ea ho ruta, ho fetisa kutloisiso, ho haha kananelo bakeng sa Jehova, Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka finyella sena ka ho lokisetsa hantle, puo ea bona e likolohe sehloohong, ba bue ka kholiseho, ’me ba etse hore taba e phele. (Baheb. 4:12) Ke habohlokoa hore sebui se boloke nako e behiloeng. Buka ea “Lengolo Lohle” e na le litemana tse ngata tsa Bibele ’me e nehelana ka boitsebiso bo bongata bo babatsehang ba Mangolo bo ka re ruisang molemo moeeng. Buka ea Baboleli e fupere histori ea mehleng ea kajeno ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang ’me e pheta liketsahalo tsa bophelo ba batho ba sebele ba bontšitseng tumelo, cheseho, boinehelo le lerato. Ho na le ho hongata ho ka ithutoang ka letlotlo la rōna la puso ea Molimo le tsela eo Jehova a hlohonolofalitseng batho ba hae ka eona mehleng ea kajeno.
4 Lintlha Tse Khōlō Tsa Bibele: Baena ba filoeng kabelo ena ba lokela ho khetha litemana tse itseng tse ka sebelisoang ka tsela e sebetsang e tla ruisa phutheho molemo. Sena se hloka ho bala likhaolo tse abetsoeng, ho thuisa ka tsona le ho etsa lipatlisiso litemaneng tse khethiloeng bakeng sa ho fumana lintlha tse tla hlakisoa ke se boleloang ke litemana tseo. Karolong e ka morao ea Watch Tower Publications Index, ho na le “Scripture Index,” e ka thusang haholo ho fumana boitsebiso ka litemana tse itseng tsa Bibele. Baena ba abetsoeng karolo ena ba lokela ho sebelisa kahlolo e molemo ’me ba qobe ho kenyelletsa boitsebiso bo tsoileng lekoteng. Ha baa lokela ho lokisetsa boitsebiso bo bongata haholo ho feta boo ba ka khonang ho bo akaretsa hantle ka metsotso e tšeletseng.
5 Kaofela ha rōna re ka rua molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Se ka re thusa ho ntlafatsa matla a rōna a ho bua le ho ruta. Ka sebele ho sebelisa monyetla ona ka botlalo ho tla re thusa ‘hore tsoelo-pele ea rōna e bonahale ho batho bohle.’—1 Tim. 4:15.